Toro

Ka lora motsheare ke shebile

Ke tonne mahlo

Ke a tsweretse sa sephooko

Se lalletse ho phamola tadi ka hara mofero.

Kapa se habile ho hlotha tsuonyana.

 

Ka ipona hantle ke rwetse naledi ya tlholo

Ya kgauta phatleng ebile e phatsima

Ha ntse ke tlolatlola ke thabo

E bonwang ke nna ke le mong

Ke ha ke bokanelwa ke batho

Jwaloka dintsi di bitswa ke seputa sa sebodu

 

Ba leka ho nthiba bare hei o lahlehetswe ke kelello.

Bang ba re o ya lora ha le mmone.

Le hona motsheare tjee tadi e antsha.

Ka nka pene le buka ya eba metswalle

Ka dula fatshe ka ntsha mabinebine a pelo.

 

Basomi bare hei le mmone o hlantshwa ke pampiri le buka eo a dulang a e kokositse.

Athe ha ba tsebe sephiri se ipatetse bona

La fihla tsatsi la tlhodisano le sa hae

Pelo yaka e otla sa lenaka la watjhe mothekenyane

E potlaketse sephetho sa moshwelella sa dithotokiso

Ya bokolla selefono ka araba metsotswana.

 

Ka hweletsa ka tlolatlola sa lesea sa monene.

Kgetlong lena ba nthusa bohlanyeng bona.

Ba nketsa sa mpokanela ka diselefono

Ka tlala marangrang a thekinoloji

Kgau ya tlholo ke e phahamise ka boitshepo le thabo.

Ba sala ba maketse basomi

Ba re la hopola o ile a qala ka bohlanya.

Kajeno ke mohlodi wa kgau.