Banna le ya kae?
Ha le jere marumo,dithunya,dilepe
Dikwakwa,dithebe,melamu le dithipa .
Ntwa ke ya mahlo a mafubedu.
Le ya kae?
Ho senyehile kae ho ngwane motona?
Ha le lwantshwa ngwane motshehadi.
Mosadi ya o tlisisetseng lefatsheng
A tsebang bohloko ba pelehi.
Empa wena wa fihla wa mpheta
Wa mo hlekefetsa ka ho moteteka
Wa mo beta ,wa mo bolaya
Hobaneng? Hobaneng?
Le ya kae?
O tseka Eng re utlwe
Naha ke ena e hloka dinatla
Banna ba mmankgonthe ba ho fana ka tshireletso.
Empa Banna ke bona ditau
Tse harolang basadi bosiu le motsheare
Basadi le Banana ba dutsi lepalapaleng ba tshohile.
Le Banna ba jwang?
Le lebile kae?
Ha le le lekgotleng la Banna le bua Eng.
Le re Eng ka bophelo ba mosadi
Le bona sebopeho sa mosadi e le sona nyamatsane na?
Eo ka bosiu Bo le bong le Se tsekollang sa lengau e bona nama.
Banna le ya kae?
Ha le le diphiri ka hara makoko a dinku.
E ka re le nyantse letswele le le Leng.
Le titimela kae?
Le ikwetse ditsebe ka poti.
Teng ha le kgalengwa ebile le a bakisa.
Selemo le selemo ho bua ka Lona.
A ke le tshabeng Modimo.
Hoba sebopuwa Sena mosadi ke sa Modimo.