Hobaneng bana ba lokela ho thothomela
Ha ntate wa bona a fihla hae?
Na seo se o etsa monna was sebele?

Hobaneng re ruta ngwana wa moshemane hore
Ha a lokela ho lla ha a utlwa bohloko?

Na ha se nako ya hore banna ba nnete ba iponahatse?
Ha ke bue ka ba thabelang thobalano,
Empa ba hloleha ho jara boikarabello ba dikesto tsa bona.
Ke buwa ka bahale be nnete!

Ke nako ya hore banna ba hlokomele hore
Ba keke ba kena le ho tswa maphelong
A bana ba bona kamoo ba ratang.
Ho lefa tjhelete ya tlhokomelo
Ha ho ofe tokelo ya ho etsa seo o se ratang.

Le ha ekaba o lefelletse bohadi,
Empa seo ha se bolele hore mmê se ile thepa ya hao.
Basadi haba soka, ebile ekase hlole eba
Thepa ya mang kapa mang.

Botona ba hao ha bo o tshwanele hore o ka ba monna.
Ha re tlohelleng ho thetsana bana beso.
Ho ba teng, ho ba le lerato le ho ba le
Boikarabello ho etsa jwalo.

Ha motho wa mmê a re tjhehe,
Ho bolela tjhehe!
Ha se pheletso ya lefatse.
Hlopma seo o fetele pele.

Ke nako ya hore re hlahlobo
Botjha se bolelwanag ke hoba monna kajeno.
Ke nako ya hore re ikarabelle ha re le mmoho.
Khalemela lenyatso!

Ke nako ya hore ha re le banna re nke lehlakore
Kgahlano le tlhekefetso ya bo mmê le bana.
Ke nako!