Ke imelwa ke menahano ya kelello yaka,

Se ka pelong teng ha ke sa bua.

Ka lebaka la thohako ya thaka tsaka

Keletso tsa bona ha ke sa di utlwa.

Ke lakatsa kgotso.

Mokgwaka ke tsamaella hole le batho,

Hobane melomo ya bona e baka modumo,

Ke kgethile ho etsa ntja motswalle,

Le yona ke ena e mpaketse setumu.

Ke lakatsa kgotso.

Boima ba maoto aka bo baka lerata le hlodiyang,

Le modumo wa pelo yaka o diqhi tse makatsang,

Le ha moya wa ho phela ele o phodisang,

Empa lerata la menahano yaka ke le kgathatsang,

Ke lakatsa kgotso.

Lerua la merero yaka le hloka moalosi,

Ntwa yaka le lehesheheshe e hloka monamoli.

Eka nka paka mehaswana yaka ka leba nahathote

Empa ke tshaba hloko ba meutlwa tseleng,

Ke lakatsa kgotso