Balla sa mmokotsane bana

Ba tlepesela ba thothomela

Ba hadikisa mahlo ba thenthetsa dintshi fatshe

A senang pelo a tele

La moshapa la mopudukanya

Molomo wa kopana le dinko

Jona weeeh! Lefatshe Le Kgopo.

Joooh weeeh, lefatshe ke la mahomola!

Hale kgethe nku ka pere

Lebo a hadikisa a ntja-nyana mahlo

A re phapha a le moputswa

Jooh weeh! Lefatshe Le Kgopo

Banna ba hloka bonna

Basadi ba hloka bosadi

Seja monna ha se moqete!

Jooh! Lefatshe Le Kgopo

Ra kitela resatswa ho kitela

Tsa ropoha ditutudu

Ratela ho bokolla

Jonna weeeh! Lefatshe Le Kgopo

Ntho towe, o senang ba heno

O senang pelo

O hlokang mohua

O hlokang maikutlo

O mosinye wa lefatshe!

O satana, o diabolose!

Joonna weeeh! Lefatshe lona Le Kgopo

Sefeleng dipelo bahaeso!

Emang le thenthetse lefatshe

Emang le mofe wa hae mobu

Se kopane hlooho Lebohang!

Leboha lefatshe.

Le o tisitse pelo la o etsa motho

Jooh! Lefatshe Le Kgopo.

Ba disia disiwana basa tshabeng

Bona ba dumelli ba hanyetsi

Ba maphelo a batho

Ra diaha ditutudu

Ra hloleha hodi diha

Wa thunya mosi fatsheng le tjheleng

Fatsheng le hlokang bophelo

Ha lla ntja ha lla kgoho. . .

Mantswe a thola

Manto a ba boima ho phahama

Ha utlwahala moya kantle

Dinonyana tsa tela ho bina.

Dikgoho tsa tela h olla.

Jooh! Ruri lefatshe le, ke La Mahlomola!

Jonana weeeh! Lefatshe Lona ke la Kgopo

Mmele ya matha dinalete.

Pelo tsa tetebela.

Jonna weeeh! Lefatshe Le Kgopo!