Ruri ke a makala!
Ke makala sa lesea le sa tswa belehwa,
le makalla dintho tsohle tseo le qalang ho di bona.
Ke makatswa ke hore e be ho tla jwang?
Ho tla jwang hore e be wena o bitswa ngwetsi?
A na o ka bitswa ngwetsi jwang o tshabeha hakaana!
O ka bitswa ngwetsi jwang o le sehloho hakaana!
E tswe ngwetsi e aha le ho tsoseletsa lelapa.
Jwale a na wena e be ho tla jwang hore o bitswe ngwetsi e le hore ha o ahe o a thuba?
O ka bitswa ngwetsi jwang e le hore wena moo o fihlang teng sello e ba sa mmokotsane?
O ka bitswa ngwetsi jwang e le hore wena moo o fihlang teng ho fifala sa ha shwalane e wela.
A na o ka bitswa ngwetsi jwang e le hore moo o fihlang maikutlo a tebela; mohopolo o a fifala le mmele o fellwa ke matla?
Ke re lefu e be na o ka bitswa ngwetsi jwang?
E tswe ngwetsi ke morwetsana,
Morwetsana ya hapileng maikutlo a mohlankana e be wa mo nyala.
Jwale wena o ngwetsi e jwang e inyadisang?
O ngwetsi e jwang e sa kgetheng hore motho ke monna kapa mosadi?
Lefu, lefu hle!
A na o ngwetsi e jwang?