Sesotho se re “Ngwana mahana a jwetswa o bonwa ka dikgapha.” Ho se utlwi kapa hona ho se mamele ha o eletswa o qetella o llela metsotso. Bonolo e ne le ngwanana ya dulang a batla dintho di dule di tsamaya ka tsela ya hae le nako eo yena a e beileng kapa a lebelletseng hore dintho di etsahale ka yona. Bonolo o hola a tsejwa jwalo ka setloholo sa Ntatemolo Mokoena le Nkgono Mokoena. E ne ele ngwanana ya motle, ya ratehang ebile le ka mmele a bopeile hantle jwalo ka mmae, ngwana Ntatemoholo Mokoena le Nkgono Mokoena. O hodisitswe ke batswadi ba mmae ka mora hore mmae a ye Kgauteng, a fumane mosebetsi, mme yaba ke ho nyamella ha hae.

Bonolo o tseba mme wa hae dinepeng fela. Ntate wa hae yena o motsebela hona motseng mona. Ntate wa hae o nyetse ebile o se a nale bana ba bang hammoho le mosadi, kaha a ile a pheha Bonolo bonyaneng ba hae a re ha se ngwana hae. Ke yona taba e eileng ya etsa mme ya motswalang a balehele Kgauteng. Bonolo o tseba moo ntate wa hae a dulang teng ka ha a feta teng ka mehla ha a ya sekolong. O tseba bana babo kaha a kena sekolo le bona le ha yena a le ka hodimo ka dilemo le ka kereiti. Batho bohle motseng ba a tseba hore Bonolo ke ngwana kae  hobane o tshwana le bana babo hantle. Ka kopano tsa batswadi sekolong, ntate wa hae o ye a ye elehe a yela bashanyana ba hae, bana ba boBonolo, mme nkgono wa Bonolo o tla mmona feela a se mmuisi kapa hona ho modumedisa. Bonolo le yena bana ba habo o ne a sena puo le bona, a sa ba dumedise le ho ba dumedisa. Matitjhere le ona a ne a dula a botsa ka mehla hore ebe Bonolo o nale bana ba habo mona sekolong na, kapa ke yena fela. Potso ena e ne e botswa ka baka la ho tshwana ha bona. Bonolo ha a ne a fihla lapeng ka mehla o ne a qoqela nkgono wa hae potso tsena tse motenang ka mehla, tseo a di botswang ke matitjhere sekolong. Nkgono wa hae kaha e ne e le motho ya bonolo o ne a ye a re, “Ba tlohelle ngwananyanaka.”

Bonolo o ne a na le ditoro le yena tsa ho ya  Kgauteng a ilo phela bophelo ba ditoro tsa hae. O ne a bona Kgauteng ele motse kapa sona sebaka sa ho phethisa toro tsa hae. O ne a ye a bolele ka mokgwa oo mohlomong a ka fumanang mme ya motswalang ka teng ebile a e nale tshepo ya hore mohlomong ke morui moo a leng. Ntate moholo Mokoena o ne a mmotsa ka makgehlo hore ha ebe ke morui hobaneng a sa ba letsetse kapa hona ho romella tjheletenyana kapa hona ho kgutla a tlo lata yena Bonolo hore a ilo phela bophelo ba ditoropong. 

Ka le leng la matsatsi, Bonolo o ile a rongwa mabenkeleng ha a tla kopana le mohlankana ya dilemong tsa hae ho thwe ke Teboho. Teboho e ne e le mohlankana ya holetseng toropong, mme moruo wa naha wa theoha ke moo a ileng a kgutlela moo atswang mmoho le batswadi ba hae ho tla qala bophelo fatshe. Ba kile ba dula Kgauteng le bona jwale ba kgutletse hona motseng ona wa Small farm. Ona motse wa bo Bonolo.

Teboho o ile a itsebisa ho Bonolo mme ba qalella hona moo ho aha setswalle sa bona. Bonolo a lebala dikeletso tsohle tsa nkgono wa hae ha a ne a moeletsa ka bahlankana le hore mme wa hae o tena a nyamela tjena  bakeng la mohlankana. Bonolo ha a lebella Teboho o ne a mmona jwalo ka mohlankana ya motshwanelang, ya lerato ebile ya nang le hlompho. O ile a qeta tsatsi lohle lebenkeleng a e nale Teboho, a lebetse le ka nkgono lapeng hore e sale a mo roma. O kgutlile lapeng tsatsi le diketse, nkgono le ntatemoholo ba kgathatsehile haholo, ba ipotsa hore moradi o se a nyamalletse hokae. Ha a kena ka tlung o kena a phutha kantle tse sehilweng ke nkgono ha a ne a hlwekisa.

“O tswa kae na ngwana towe? O a rata ha nkgono wa hao a ntse a o omanya?” Ke ntate moholo eo a lekehile ele ka nnete.

“Tshwarelo ntate … ke ile ka kopana le motswalle waka mme ra…”

“Kwala molomo oo wa hao Bonolo! O tseba hantle hore ha se nako ya ho kgutla lapeng ena! Ha o tsebe bahlankana ba ile ba etsa eng ho mme wa hao? O batla ho hlahelwa ke seo le wena?” Ke nkgono eo a halefile.

Bonolo o ile a kopa tshwarelo mme a tshepisa ha a sa tlo hlola a etsa ketso ya mofuta ona hape. Busiung boo, o robetse a buile le yena Teboho a moqoqela ka bophelo ba Kgauteng le kamoo boleng bonolo le hore banana ba tshwanang le yena ba tshwanelwa ke toropo. Seo se ile sa mo kgadisa haholo ebile a ipona a kopana le mme wa hae ya Kgauteng, wa morui, a thabela ho ba le yena ebile ba qoqa jwalo ka mme le moradi, ba ja ha monate ebile ba phoka senomaphodi a moqoqela ka tse etsahalang mona motseng.

Bonolo o ne a tlwaetse ho tsoha hoseng ka mehla a etsetsa nkgono le ntatemoholo tee. Kgetlong lena o ile a tsoha motshehare ebile a tsoswa ke yena nkgono. Nkgono a maketse hore tsatsing la kajeno ha a tsoswe ke monkgo wa tee ebe Bonolo oba kula na.

“Bonolo! Bonolo! E be keng kajeno? O a kula na ngwanatowe?” Ke nkgono eo ka ho makala.

“Tjhe hle mme, ke letse ke robetse busiu maobane. O ntshwarele hle nkgono.”

Bonolo a arabela jwalo a se a ntse a tsoha a hlwekisa ka phaposing ya hae ya ho robala ebile a potlakela le mohala wa hae wa thekeng ho tla lekola hore ebe Teboho ha a mo siyela molaetsa. O ile ao fumana molaetsa yaba jwale o hlwekisa a ntse a bua le yena a sa behe le mohala fatshe. Ntatemoholo le nkgono ba mo tadimile ka ho makala hore moradi e se ele motho ya fetohileng e le ka nnete. O fihlile busiu, a tsoha motsheare jwale ha a sa arohana le mohala wa hae.

“Bonolo a se ke a batla se etsahalletseng Dikeledi se mo etsahalle.” Ke ntatemoholo eo a kgathatsehile.

“Bonolo ke morutile ebile ke tshepa hore thuto tsaka le keletso tsaka o di nkile a di jara ka mokotlaneng hore ha e ka o a kgenoha a tsebe ho lo fata a ilo ipeha hantle.” Ke nkgono eo.

Bonolo tsatsing leo o ile a hlwekisa mme a kopa ho tswa hanyenyane a ilo bona motswalle wa hae. Ka hoba nkgono le ntatemoholo a se batho ba ne ba tshwere Bonolo jwaka  ngwana ya senang tsebe ne ba mo tlohella ha a batla ho ya thakeng tsa hae ha feela a kgutla pele letsatsi le dikela. Ebile ne ba motshepa hobane ba ile ba mmolella pale kapa tsa bophelo ba mme wa hae Dikeledi mme ba tshepa hore ha se seo le yena a lakalletsang hore le yena se mo hlahele. Athe ho sa tsebe ke lebote.

Bonolo o ne a se a le kamanong tsa marato le mohlankana ho thwe ke Teboho. Bonolo ebile a nkile senepe sa mme wa hae ho bontsha Teboho hore e be o kile a mmona hoba le yena o phela Kgauteng. Teboho o ile a mmolella hore Kgauteng ke toropo e kgolo mme a ka se tsebe batho bohle feela ka le leng la matsatsi ba ka etsa leeto ho ya teng ho ilo batlana le mme ya motswalang, mohlomong ba ka mofumana. Seo se ile sa thabisa Bonolo haholo. A bona Teboho a kgathalla maikutlo a hae ebile a batla ho mmona a thabile ka nako tsohle. Bonolo o ne a lakatsa ho bona mme wa hae. O ne a lakatsa ho kopana le yena hore a ke a mmotse o ne a mo siyela eng ha a tsamaya a ilo phela hamonate ha yena a setse lekweisheneng le metsofe. Le kgetlong lena, Bonolo a se kgathalle hore e se e le busiu o ne a paqame tlasa sefate le Teboho ba ntse ba etsa leano la hoya Kgauteng ho ilo batlana le mme wa Bonolo. Bonolo o ile a ema, a itlhotlhora ebile a tatile, a bolella Teboho o tlameha ho tsamaya jwale, mme o kgolwa hore nkgono le ntatemoholo ba tshwenyehile haholo ka yena. Teboho o ile a mo aka mme a mo felehetsa ho ya lapeng.

Nkgono o ne a eme lemating ka phafa eo a ne a e sebedisa ho shapa moradi wa hae Dikeledi ha a tla qala ho kena dikamanong tsa hae le yena Molifi, ntate wa Bonolo. Bonolo o robetse a nathuwe ka phafa habohloko a lla sa mmokotsane ebile a bua mantswe a bohloko ho Teboho a mmolella hore mme ha a ne a le teng tsena tsohle nkabe di sa etsahale, a lebetse lerato leo nkgono a nang le lona leo a mo hodisitseng ka lona. Kajeno o se a mofetohela ka baka la mohlankana ya bolellang hore o tseba Kgauteng kaofela mme a ka mo fumanela mme wa hae ya motswalang. Sena se etsahalang ke seo bana ba kajeno ba se buang kapa hona ho se nahana ka mehla ha ba kgalengwa. Utlwe e mong ya hodisitsweng ke mme feela a sena ntate ha a qala a kgalengwa ke mme, utlwe a re ntate ha a ne a le teng tsena tsohle nkabe di le siko. A bua ka ntate ya sa motsebeng le ho motseba yena ya molahlileng. Hoseng nkgono ka ha e le motho wa kgotso, o ile a tsoha a etsetsa Bonolo lesheleshele, a kopa shwarelo ka seo a se entseng ho yena mme a bolela hore o ne a halefile. Bonolo o ile a qalella ho se buisi nkgono wa hae. O ile a mo lebella feela a tsoha dikobong tsa hae a ilo hlapa mme a bolella Teboho hore ba kopane, ha a ikutlwi hoba ka ntlung ele nngwe le nkgono wa hae.

Kgetlong lena Teboho o ile a mmitsetsa habona ka tlung e seng mane sefateng moo ba ne ba dula ba kopanela teng. Teboho o ne a setse a le mong, mmae a ile ho etela ausi wa hae. Teboho o ile a bona ele monyetla ona jwale wa hore a bonahatse seo a ne a se etsa kwana motseng wa ditoropong le bana ba makgowa. O ile a kena dikobong le Bonolo ha bonolo feela jwalo. Bonolo a lebetse tsohle le hore o ile a kgalengwa ka bahlankana. O ile a ikutlwa a imollohile ha a le pela Teboho. E ne e le kgetlo la pele a kena dikobong le mohlankana. O ile a qalella ho bona bophelo le Teboho ba le mmoho toropong. 

Kgetlong lena le pele letsatsi le dikela, Teboho o ile a kopa ba apare a mo ise hae pele le dikela. Bonolo o ile a makala hobane mehleng ba dula ba tsamaya e se e le mantsiboya jwale kajeno ebe ho senyehile kae. Teboho o ile a bolela hore mmae a ka tloha a kena mme ha a no thabela ho bona se etsahalang hona jwale. Bonolo o ile a apara mme a felehetswa. Kgetlong lena ebile ha a kaba a akwa. O ile a fihla ka tlung le ntse le tjhabile ebile pelo e kgotsofetse le ha a ne a belayela taba ya ho akwa. A kgutla ebile a buisa nkgono. 

Tsatsi le hlahlamang yaba ke sekolo. Bonolo ha a feta metswalle ya Teboho a fumana ba tsheha ka mora hae a se be le taba. Ha a kena ka phaposing a fumana ho tshehwa le teng. Dineo motswalle wa hae o ile a mobitsetsa ka thoko mme a mmolella hore batho ba tsheha eng. O ile a utlwa bohloko ha a utlwa Teboho o ne a bolelletse metswalle ya hae yena ha ho ngwanana ya tla mohlola ka ha yena a tswa toropong, mme metswalle ya re a hle a qale ka ngwana nkgono hoba bona kgale ba moleka ho se nko ho tswa lemina, jwale kajeno o tlile ka bopaki ba rekhoto moo Bonolo a llang a le ka tlasa hae. Jwale rekhoto ke ena e sasanka hohle mona marangrang a dikgokahano. 

Pelo ya Bonolo e ile ya ba bohloko haholo, mme le ditaba tsena di ile tsa fihla tsebeng tsa nkgono ka e mong wa matitjhere, ka ha Bonolo a ile a qalella ho se tle sekolong. Yena o ne a tsoha hantle a hlapa jwalo ka ngwana ya yang sekolong feela a dula sefateng sane a ne a dula a kopana le Teboho teng a lla habohloko. A ipotsa hore o entse eng e kana ha a tla lebala dikeletso tsa nkgono ha bonolo ha kale. Bona jwale o felletse kae. Mohlankana ya motshepisitseng ntho tsena tsohle tse ntle tsa lefatshe le ho mothusa ho fumana mme kajeno o lebetse tsohle o mo entse setsheisa setjhabeng. Athe o kae mokotlana wa hae wa dikeletso ho tswa ho nkgono?