Mme Mme matsale, mme ya tswetseng monna hara banna. Mme ya rutileng waka monna hoba seo a leng sona kaba ka kgahlwa nna moradi wa bakoena .Mme ya hlokang thoriso ka mosebetsi o makgethe wa ho hodisa ngwana moshanyana a le mong.
Le ha hole jwalo keya fehelwa,hoba ke ne ke nahana hore wa Hao mora o mo lakalletsa botle fela. Tseba hee mmatsona hore thabo ke pale ya maobane ka hare ho lenyalo laka. Pelo yaka e qhitsa Madi ha ke hopola hoba o mohlodi wa mathata a ‘nyalo laka.
Wena ya tlisitseng poolelo tsebeng tsa monna ya kgahlilweng ke mmaka’ditaba hara banana bohle. Wena yeo nyalo laka le leng makgatheng a lefu, ka ho tlisa thuto e heletsang. Thuto ya ho ruta monna waka hore mosadi ke mosadi ka ho beleha, ntle le mono o nyatsa monna.
Tseba taba ke ena, o Madi matsohong, o lefufa o kgohlahetse.Le ha hole jwalo nna ngwetsi ya bafokeng ka mola, ke yao tshwarela,le ho o tsibisa hore ngwetsi enngwe o keke wa e bona ke santse ke phela.