Morallo.
Moelo-hloko mantsweng a Mosotho a reng, ” Lebitso lebe ke seromo”. Pale ena e ka monna a filoeng lebitso lebe esale ntjhanyana e monyenyane. Ntjhanyana eo a ileng a hola ya ba mmonna mme a rongwa ke lebitso leo a neng a le filwe bonnyenyaneng ba hae. Taba kgolo ya pale ena ke ho hlokomedisa hore ntho enngwe le enngwe eo re e etsang kapa re e buang e nale moputso, o mobe kapa o motle. Selemo, mohla le letsatsi la tswalo, lebitso la sekolo se tlase le se phahameng ke tse qapilweng(tshireletsong ya eo mongoduwa).

Pono ya pele(1).

Ka selemo sa 1950 mohla la 07 Mmesa, mme MmaNtaoke o ile a hlohonolofatsoa ka lesea. Lesea la moshanyana. Ntjhanyana wa mmae wa pele, hape e le Letsibolo lapeng la hae le ntate Senkgome. Jwalo ka motswadi emong le emong, o ile a tlala lethabo le lerato le makatsang. A rapela a hloka mantsoe a anetseng a ho leboha Tlatlamatjholo ka tlhohonolofatso e kana hape ka mora sebaka se sekana a kopa. Ntjhanyana ofilwe lebitso le monate haholo, ARORISWE.

Ntate le mme Seroke(fane ya bona) ba ile ba fa ngwana enwa lebitso lena e le tsela eo ba lebohang Modimo le Badimo ka yona. Moshanyana enwa o ile a hola hantle ese motho a dikgathatso. Ka selemo sa 1956 o qadile sekolo, o badile sekolong se tlase se bitswang St Moses Primary. Mme ka 1965, a pasa mophato wa hae wabo robong e le “Grade 9” ka sekgowa. Mme antano qetela dithuto tsa hae sekolong se phahameng se bitswang Naledi SSS moo a ile a bala mophato wa leshome, leshome le motso omong, le leshome le metso e mmedi (Grade 10, 11 and 12). Ka bomadi madi o ile a tswa ka phaphusing ya boithutelo e le motho a ilo itokolla ntlwaneng mme yaba mokoko-o-kgaotse a hona moo mophatong wa 10(Grade 10). ARORISWE, jwalo ka bashanyana bohle ba holelang mahaeng; o hotse le bashanyana ba bang ba tulo eo ya hae a neng a dula ho yona.

E ne e le motho ya ratang bolo ya maoto haholo. Asa e rate fella, a tseba le ho e bapala hore ho eme ditjhaba; le bashanyana ba ka tlase ho yena le ba baholo bane ba lebelle ho yena jwalo ka sebapadi se hlwahlwa. Taba e qadile hona moo bolong. Jwalo kaha le wena ea balang mona o tseba hore motho ka mong hangata di papading moo o rehwa lebitso ke thaka tsa hae kapa ke motshwari wa hae hoya ka moo a bapalang ka teng. Yena hee ka bomadi-mabe ba mofile lebitso la “ZERO”. ZERO ka puo ya heso ya Sesotho ke lentswe le bolelang ntho e siko.

Pono ya bobedi.

Ntho e bohloko haholo ke hore le ha methaka e ile ya mofa lebitso lena, bona ka bongwana bane basa bolele hore hase letho. Ho bona e ne e le sebapadi se bohlokwa haholo ke ka hoo ba mogileng lona. Hoya ka bona le kelello tsa bongwana, e ne e le lona lebitso le monate haholo, le kgethehileng, le bohlokwa hape le bua ka seo e leng sona. ZERO o hotse jwalo a be a fihla dilemeng tsa hoya lebollong. Mme le Ntate Seroke ba ile ba hlohonolofatswa ka bana ba bang ba ba ngata, pelapa la habo ZERO la hola ya e ba le leholo le letle. E le lelapa le tletseng lerato le mofuthu. ZERO jwalo ka Letsibolo, ho ile hape a tlohetse sekolo; ho ile ha fihla nako ya hore a thole mosebetsi a tsebe ho hlokomela batswadi ba hae le bana babo kaha batswadi ba hae bane base ba rata ba tsofetse ba ka ikela boya batho neng kapa neng. O ile a tsamaya a ya fatsheng le leholo fatsheng la kgauta(Gauteng).

Ka lehlohlonolo a fumana mosebetsi mmaining, a sebetsa hantle ntse ebile e le motho a romelang le hae senyenyane ka mehla ha kgwedi e fela. O ile a qala a wela selakgaitereng seo se bitswang lerato. O thotse kgarebe ya Moxhosa mme ba ratana hwaba monate. Le bona ba hlohonolofatswa ka ngwana wa ngwanana, PALESA. Ruri o nale motle bona bo makatsang, a le botle ba palesa yona Shweshwe palesa ya lewatle. Ngwanana a le nko di famohileng, ka mahlo a kgathetseng, ha bososela teng a hlaha dikoti marameng. Ngwanana seemo e le sa nkgonwae. Nako e tsamaile jwalo ho le monate e le lelapa mme antse a romela jwalo hae fela ka mora nako, jwalo ka kamano enngwe le enngwe ba i le ba qabana mme ba arohana. Mme wa Palesa a phetela hae le Palesa ya hae. Palesa a hola a bala a qeta.

Nako iile ya e ya jwalo, ya tshellwa ya hola Palesa le ntate yona a be a iphumanela kgarebe enngwe. Fela ena yona e nese kgarebe fela, e ne kgarebe ya mahaeng  e hodisitsweng ka tlhompho, lerato le boikokobetso. Zero o lemohile sena a bona hantle fela hore moo teng o thotse mosadi wa sebele, mme wa bana ba hae eo atlang ho tsosa lapa la habo le ha batswadi ba hae le tjhoba le ka lala-phoka. O qadile hee a fereha matsatsi yaba dibeke, dibeke yaba dikgwedi, dikgwedi tsona tsa fetoha dilemo fela aseke a fela matla. A qhobeha a fereha ka tshepo hore jwalo ka ha arialo, “Ke lekopokopo keya koposela, ke mabele ke ya qhalana, ke metsi a pula ke ya lelemela” a sa kgaotse ka le leng la matsatsi kopo ya hae e tla amohelwa, mothonaki otla mothonaka efela ho bile jwalo. A bua le ntatae ntatae a mofa dikgomo tsa honyala, a romela bo malome hore ba ilo mokopela mohope wa metsi. Ka nnete ba kgutla le wona le yena a tseba hore anwe metsi a theole lenyora.

Ka mora hore ba nyalane, mosadi yae a nyoloha a ilo dula mmoho le ena fatsheng la kgauta fatsheng le lebe, moo bang ba reng ke ha “nyama ayipheli” , mme le yena a thola mosebetsi ba hlohonolofatswa ka bana le bona. Hone ho le monate haholo bophelo bole monate motho anale molekane eo a tsebang le ho thola dikeletso ho yena. Palesa hae kwana ene e se e hodile. Ya kopa ho tjhakela ntat’ayona, ya palama yaya. Bophelo botswetse pele hantle fela hosena mathata. Jwalo kaha bana ba tharu ba bolela bare, “Perekisi e ntle hangata ka hare, e tletse diboko” bane ba rerisa. Palesa entle haholo ya qala ya bola hanyane hanyane. Ya hlakisa hore hase tsohle palesa tse ntle tse loketseng hore o ka dikga wa di kenya faseng wadi tshella wabe wa dibeha ka tlung. Tse ding tsa tsona di a bolaya, tse ding dinale meutlwa di ya hlaba. Palesa ene e hlile e le motho a lenyokonyane, a qabanya ntatae enwa le mmae enwa e seng wa madi (stepmother) a nyetsweng ke ntatae.

Pono ya boraro.

Jwalo kapa Zero e ne e le motho ya romelang hae o qadile ase romele hae ka nepo. Kgweding ena otla romela leha e le makgolo a mabedi ho e latelang ase romele letho le ho e latelang eo, e re motlang a romelang hape a romene lekgolo le le leng kapa mashome a mahlano fela a diranta. Fela ene e se bothata bo boholo batswading ba hae hobaneng bane ba iphumanela tjhelete ya batsofadi babile ba utlwisisa hore bophelo ba mora wa bona bofetohile hobane e le moo a nale mosadi le bana. E le nnete e tswileng matsoho eo. Ntatae o ile a kula a be a ikela boya batho ka mora nako nyana enyenyane. Ditloholo tsa Mme Seroke di theohile Gauteng hoya hae ho ilo dula le nkgono wa tsona hoja re tseba hore Dilalome di dutsi ntse di fokaela di batla namane e thekeselang. Zero o hlokometsi bana ba hae ba kena sekolo fela kae kae a qala hose romele hohang hae. Mosadi wa hae ese e le yena fela a romellang bana le mosadimoholo. Le tlung ya bona hona Gauteng moo tjhelete ya hae ene esesa reke dijo kaba kese. Mosadi enwa wa Modimo e le ena monna wa lelapa leo.

A iphepa yena, monnae le Palesa. Hape e be o romella le bana hae. Bodulo bo qadile ba eba bosula ho mosadi enwa ka baka la monnae le Palesa. Bane batseba hore ba reke dijo ba etse tjela mahlong. Ba qoqa yena a shejwa fela le ha a bua hose eo a buang le ena. Nako iile yaya mme mmae-matsale a kula hae kwana. A tlameha ho theoha jwalo kaha e ne e le yena motho wa mosadi e moholo atla kgona ho hlokomela mosadimoholo. O dutsi hae moo, a felletswe ke mosebetsi, a nale bana ba babedi ba kena sekolo ba hlokang tlhokomelo. Ba phetse ka tjhelete ya bana eo bae fuwang ke Kgolomente le ya mosadimoholo. O kutsi mosadimoholo a mooka ho fihlela a ya ho o batang. Monna wa hae o ne asadikene. O theohile atlo pata mmae a boela Gauteng asiya mosadi le bana ka moraho. Ha a fihla moo a romela moqhafatso hore ka nnete yena hasale moo ka tseo. Tsa lenyalo kapo lerato la bona yena hasa batla le letho. Mosadi enwa oile a tlameha hore a rwale thuto le bana a ye hahabo. Ka lehlohlonolo a fumana mosebetsi ka mora nako eseng kae, bophelo ba tswela pele.

Zero le bana bane bantse ba utlwana, aba romela tjhelete baya sekolong fela eitse ha e monyane ase atla qeta sekolong se phahameng e be oya yunibesithing (university) hontshentsa dithuto tsa hae pele, ke mohlang Zero a qetetseng hoba ntate. A shwa a rwetse katiba. Bana babo ba lekile ho motshwara ka mohala wa thekeng, ba mongolla meqhafatso le bana ba hae fela jwalo, yaba monna o thotse fela jwalo. Moshanya wa hae ya hlahlamang Palesa o ile a lesa sekolo ka lehare, ka bomadimabe a wela selakgaitereng sa dithithifatse (drugs). E monyane yena a qeta ebile a pasa hantle fela a hloka tjhelete ya ho ntshetsa dithuto tsa hae pele. Neng neng, Zero a fumaneha, a etsa ditshepiso tse ngata fela a sa phethisi le ka mohla o le mong. Monna enwa o fetohile haholo yaba letho ka nako e sa fedising pelo, a tletse leshano ebile a tawa jwalo ka tlhapi. E le kgomo e kgolo a disa tse nyane, tjhelete a entsha fela e ka hase ntho e nang le bohlokwa a efa makgarebe fela a hloleha ke ho isa ngwana wa hae wa madi sokolong, kapa ho rekela bana ba hae phofo kapa tsona dikatana.

Ho fetile dilemo tse ngata a sa fumanehe, bang bare ba mmone kae-kae, le ho maqephe a Facebook, e le moo a bonwang. A araba ba itseng eseng ba lelapa la hae. Keresemese di feta di latelana asa ngole kapa a reka diphahlo tsa bana tsa Keresemese. Le ka jeno lena, Zero esale a dutsi Gauteng haa ngole o thotse fela, lebitso latle la roma ngwana ntate le mme Seroke.

Ya kgaola yaya ya Tlhakwaneng, motho waha Tele Motawana Maila Ngwathela Ntho esa jeng Sengoathana e jang Polokoe e felletse.