Dikgwedi tse tharo di ne di se di fetile, mme nna le Hope re ne re tatetse ditlamorao tsa dihlahlobo tsa rona. Re ne re dutse ha Spur, re ja dipane tse kentsweng dikgopo ka hare, le dino tse entsweng ka lebese.
Hope o ile a ntjheba, “O nahana hore o so o loketse ho ya yunibesithi?” a botsa.
Ke ile ka mo sheba ka hara mahlo a hae a matle. “Ha o no re tlisetsa mashwa he ha o se o bua jwalo ka ha e ka se re atlehile dihlahlobong na? Ke hona re tla utlwang hosane hore na re sebeditse jwang. Ha re tsebe le hore na ke fela ke fumane dintla tse nyolohileng ka diperesente tse leshome lekgolong na,” ka sheba dijong tsa ka.
Hope o ile a nanabela letsoho la ka, a le tshwara. “Ho lokile, ha re se re tjho he, wena mpolelle feela hore ha e ne e le hore o a tseba hore o pasitse hantle hoo o finyelletseng dimaraka tseo o neng o di habile, o no tla etsa eng?”
Ke ile ka tsheha. “Ha o tjho jwalo he, e re ke re nka thabela ho ilo ithutela botsamaisi ba dikgwebo mane TUT e Limpopo, haesale e ntse e le toro ya ka ho etsa seo. Wena?”
Hope o ile a bonya. “Ho na le moo o hlephohileng he? Nna ke ikela kwana Pitori, ho ilo ithutela ho ba motho a sebetsang ka Dikamano tsa Sejhaba. Ke a tseba hore o tlo pasa. Ha e le hantle, o se ntse o pasitse e bile, hobane re sebeditse ka thata e le ka nnete hore bobedi re tswelelle.”
Ke ile ka mo tadima. “Ya tla ya ba bosula ena taba. Ke hore ha e ba dintho di tsamaya ka lenaneo leo re di behetseng lona, nna le wena ha re na bonana nako a telele mos. Nna ha ke so batle ho arohana le wena.”
Hope o ile a ipolaisa ditsheho. “Se ka kgathatseha wena, ha ho moo ke yang. Ke tla dula ke o tsheheditse, o bohlokwa ho nna mme se re kopantseng nkeke sa kgaowa ha bonolo. Ntshepe!”
Ka bososela, “Ke a o kgolwa.”
Ho ba re qete ho ja, re ile ra tshwara tekesi e lebileng lekeisheneng. Ke ile ka theoha ha e fihla Ekuthuleni, mme ka fonanisa Hope. “Ke tla o bona hosane, seponono,” a rialo.
Ka tsheha. “Le nna ke tla o bona hosane sematsatsa,” ka rialo ke kwala monyako wa tekesi. Ke ile ka e felehetsa ka mahlo ya ba ya thinya mane 2000, e lebile Welasi, ya ba ke ya hae.
Hoseng ha letsatsi le hlahlamang leo, ka tsoha ke na le tshepo e kgolo ka tshebetso ya ka ditlhahlobong tsa ka. Ke ile ka itlhatswa, ha ke qeta ka ja dijo tsa hoseng, ho tloha moo ka leba sekolong. Re ne re dumellane hore re tla kopana, nna le Hope, pele re fumana ditlamorao tsa diteko tsa rona. E itse ha ke fihla sekolong, ke ha a se a nkemetse ka ntle ho ntlo ya dibuka.
“Dumela Thulasizwe, o kae?” a dumedisa.
Ka bonya. “Ke hantle, wena?”
Hope a keketeha. “Ke thabela ho utlwa seo. Ha e le nna ke hantle haholo, hobane ke a tseba hore re sebeditse hantle ditlhahlobong tsa rona, mme sena ke tshimoloho ya bophelo ba rona bo botjha.”
Re ile ra kena ka ofising ya mosuwehlooho, ho lata dipampiri tsa rona. Hope o ile a fumana tsa hae pele ho nna. O ne a di pasitse hantle kaofela. Tsa ka Mofumahadi Masemola o ne a di tshwere ho ena, hobane a ne a batla ho bua le nna pele a nneha tsona.
Ha ntse ke dutse moo, ke emetse ho bitsetswa ka ofising ya hae, ke ha ke hopola mohlang tsohle tsena di neng di qale, ha ke tla sutjwa ka monwana. Ke ile ka utlwa ke kenwa ke letswalo. Ha e ka ba ha ke a atleha mo? Mohlomong o batla ho tlo ntjwetsa ka moo a phoqehileng ka teng, e seng ho tla nthorisa ka mosebetsi o motle oo ke o entseng?
“Thulasizwe, Mofumahadi Masemola o re o ka kena,” ha rialo ausi Ntombi, mothusi wa hae.
Ke ile ka kena, e ne e ka ho na le se ntutseng mona kwenyeng. Mofumahadi Masemola o ile a phahama moo a neng a dutse teng ho nkgahlametsa, a bontse ha monate. “Mfanawami ngiyabonga, ke thabela ha e le mona o ile wa mmamela. Bona hona jwale o sebeditse hantle jwang! O nyollotse matshwao a hao ka kakaretso ka deperesente tse mashome a mabedi lekgolong. Ke motlotlo ka wena!” a hoa.
Ke ile ka bonya ka ho makala ho kopaneng le ho imoloha ha mahetla. “Ke leboha ha o ile wa mpontsha tsela e tshwanetseng. O nketseditse molemo o se nang tekanyo ka ho nneha monyetla o mong wa ho lokisa dintho. Ke a leboha Mofumahadi.”
Ke ile ka nka pampiri eo ditlamorao tsa ka di neng di hatisitswe ho yona, mme ka tswa ka ofising ya mosuwehlooho e ka ke na le modikwadikwane. Ke ile ka leba moo Hope a neng a nkemetse teng, kantle ho ntlo ya dibuka, a tshwenyehile.
Hope e itse ha a bona sefahleho sa ka a bososela. “Ke o jwetsitse hore ha ho hlokalale hore o itshohe.”
Ke ile ka bobotheha. “O ntshwarele ha e le mona ke ne ke sa o tshepe.”
“Ha re keteke.” Hope a rialo.
Ke ile ka tlala mafolofolo. “Metswalle ya ka e na le monyanyako bosiung ba kajeno kwana moo re dulang. Ha o batle ho ya?”
Hope a bonya. “Ho lokile.”
Re ile ra dumellana hore re tla kopana moketeng, mme ra arohana.
Ha ke fihla hae ke ile ka jwetsa mme wa ka le Nkgono. Mme wa ka le ena o ne a ena le taba tsa hae tse monate. O ile a re ke dule fatshe. “Ke fumane mosebetsi o mong ngwanaka. Ke tla ba le hona ho le hlokomela wena le Snethemba, haholo tje ka ha wena o tla be o ya yunibesithi e se kgale. Ke a o tshepisa hore ha ke sa tla pheta ke reka ka sekoloto. Ke kenetse setokfele, mme seo se tla nthusa ho boloka tjhelete.”
Ke ile ka phahama moo ke neng ke dutse, ka mo ama. “Ke a leboha Mme hape ke a o rata,” ka rialo.
Mme wa ka o ile bososela. “Ke ikgantsha ka wena mor’aka, hape le nna ke a o rata.”
Nkgono o ile a kena, mme boraro ba rona re ile ra amana. “Morena Molimo ke leboha mohau wa hao,” Nkgono a rialo, kaofela ke ha re bososetse.
Ha mmamorao, moketeng, S’bonelo ke ha a duletse ho re qala re na le Hope. “Lona ba babedi le kopantswe mahodimong! Le batle mmoho. Hope ke o leboha ka tsohle tseo o di etseditseng moshan’aka. O mo entse motho hara batho. Ke a o leboha sis’ wami!”
Ha ke ne ke felehetsa Hope, nakong eo re neng re se ke kgutla moketeng, re ne re tshwarane ka matsoho, re ntse re shebana ka mahlong kgafetsa ho fihlela re fihla ha habo, kantle.
Ke ile ka mo hulela ho nna. “Hope, ke leboha homenahane tsohle tseo o nketseditseng tsona. O fela o rometswe ke mangeloi.” Ke ile ka tjhetjhela morao hanyane, hore ke mo shebe ka mahlong, ka qeta ka bonya.
“O se ka ntebala ha o ntso o le Limpopo kwana.” A rialo ka dihlong.
“Nka se ke, sefapano!”
Ra bonya, ra qeta ra sunana ho fihlela ho feta koloi.
“E re ke tsamaye pele le phirima,” ka rialo ke arohana le ena.
“Ho lokile, re tla bonana he,” a rialo. E itse ha ke hlanola direthe ke tsamaya, ke ha a seba a re, “Ke a o rata.”
Ke ile ra kgutlela morao, ho ya mo aka hape, ke mo amme ka mofuthu le lerato la ka. “Ke o rata ho feta kgwedi le dinaledi,” ka mosebela ka tsebeng. Ra amana hape pele re arohana kgetlo la bobedi.
Tseleng e yang hae ke ha ke nahana ka moo ke bileng lehlohonolo ka teng ho ba le lerato le tswang ho basadi ba bararo bophelong ba ka: lerato la Nkgono, la Mme le la Hope Mnisi. Ke ile ka kwala mahlo motsotswana feela. “Morena Molimo ke leboha mohau wa hao,” ka rialo ke hweshetsa.
Re bolelle: A na o na le motho bophelong ba hao a kileng a o thusa hore o atlehe? Ke mang, le hona o o thusitse jwang?