“Sena se fosahetse! Ke batla ho lwantsha sena!”

“Pheliswa, o sa tswa tshwara dilemo tse leshome le metso e robedi mme o nahana hore o tseba dintho tsohle, empa ha o tsebe molao. Se ke wa qala ditaba! Mphe ntho eo,” nkgono wa hae o a kgaruma, o mo amoha pampirinyana eo a e tshwereng mme e reng ‘Tsebiso ya ho Ntshwa Moahong’ e ngotsweng ka ditlhaku tse kgubedu bo hlakileng hodimo ho yona.

Ke tapatapa ka diteki tsa ka ke tsielehile ke kgalefo, empa sefahleho sa nkgono wa ka se mpolella hore tsela ya ho halefa ha e a na ho ntswela molemo wa letho. Ke boima bo boholo empa ke theola moya le ho lokisa maikutlo a ka. Ke ema ke tsepame, ke itshwere ka matsoho diqholong tsa ka tse tshesane tse apereng dijini, mme ke fina sefahleho sa ka ‘sa motho e moholo ya utlwisisang’.

Motswalle wa ka Aphiwe o lehlakoreng la ka. Haeba a ne a sa tsebe hore ke makgatheng a ho hloka lehae hona jwale, a ka be a re, “Pheliswa! Theola moya ngwanana. Hlooho ya hao e tjhesa hona hoo ’Afro ya hao ekare ke mosi o motsho,” e leng seo a dulang a se bua ha ke sokolana le ho laola kgalefo ya ka (mme eo, ke amohelang, e teng kgafetsa haholo).

Empa ha se papadi hore ke tlo lahlehelwa ke lehae la heso. Mahlo a Aphiwe a rotoloha ke ho tshwenyeha mme o atamela haufi le nna, ho mpha tshehetso e seng ya mantswe.

“Se ke wa e saena Nkgono! Ke a kopa! O nepile, ha ke tsebe molao, empa ke nahana hore haeba o saena Tsebiso ya ho Ntshwa Moahong o dumela hore ho lokile hore re ka tswa. Ha ke na bonnete ba hore e feela e bolela seo, empa ke nahana hore ho kotsi.”

Sena se a utlwahala. Nkgono wa ka o a emisa mme o a ntjheba – empa ka tsela e makatsang ka ho fetisisa. Jwalo ka ha eka o shebile ho phunyeletsa thopo ya ka e kgubedu le mmele wa ka ho bona ntho e nngwe e nqela ho nna, ntho ya nakong e fetileng. Mahlo a hae a lerootho mme a hloname, mme maswebe a sefahlehong sa hae a qala ho bonahala a tebile ho feta pele. Ke a utlwisisa: o hopola bohloko bo tshwanang ba nakong e telele e fetileng – bohloko ba ho tlamellwa ho tswa lapeng la hao ka nako ya kgethollo ya mmala.

“Nkgono?”

Nkgono wa ka a tlolela hodimo, jwalo ka ha eka ke mo tshositse ka ho mo tsosa. Empa ka lehlohonolo o ntjhebile hape, e seng ho mphunyeletsa.

“Nkgono, hle. Re phetse mona nako e telele haholo, haesale ho tloha ha Mme a hlokahala. O sokotse ka thata ho lefella rente ya rona ka nako kgwedi e nngwe le e nngwe. Empa seo ha se bolele hore ba ka re tebela. Ha ke nahane hore o lokela ho saena. Seo ha se bonahale e le maikutlo a matle.”

“Pheliswa, ka nako e nngwe ho na le dintho tse kgolo ho re feta tse etsahalang. Ha ke na boikgethelo,” nkgono wa ka o rialo, a oma ka hlooho ho supa balebedi ba ntseng ba potoloha ho phetha mosebetsi wa bona wa bolebedi, ba etsa bonnete ba hore bohle ba saena.

Tsitsipano e ntjhesa ka mpeng le molomong. Ke ikutlwa ke feletswe ke matla! Mme sena ke se hloile. Ke phatloha hape.

“Empa ha re na moo re ka yang teng. Re tla be re hloka lehae!”

“Pheliswa, re tla etsa morero,” ho riaio Nkgono, ka lentswe le kgathetseng, le fokolang mme le sa thuseng letho ho nkokobetsa.

“Nkgono! Mmamele! O reng ka bana ba foleteng ya rona? Ba ke ke ba dula seterateng.”

Esita le ditsebeng tsa ka lentswe la ka le utlwahala le tlerohile. Mme jwale ke mpefaditse dintho ka ho hohela tsotello ya batho ba bang eo re sa e hlokeng. Nkgono a tona mahlo ha molebedi ya apereng veste e thibelang dikulo a ikotla kahara seatla ka molangwana wa hae, a ineanya ha a tla ho rona. Ke a le mong feela wa sehlopha se seholo sa bona, ba ntse ba fofonela jwalo ka makanyane hara rona ba eme marulelong.

Re phela foleteng e nyane mekato e mmalwa tlasenyana ho mona, re e arolelana le lelapa le leng. Bonyane re na le phapusi e leng ya rona eo re robalang ho yona. Ee, boloko bona ba meaho ya kgale e kahare ho Joburg ke lehae la rona.

Ke akgela mahlo ka ho makala ka hodimo ho marulelo. Balebedi ba sebedisa dikgoka ho tlamella basadi bohle ba hodimo mona ho saena. Ke ba hloile! Lekgetlo le tlang ha ba tla, ba tla re betsetsa ka ntle seterateng. Ke fina matsoho a ka ditebele ha ke fihlelwa ke monahano ona.

Metsotso e mmalwa e fetileng, pele mathaka ana a pshatla le ho bula lemati la pholoso la nakong ya mollo, Aphiwe le nna re ne re ntse re ipapalla, re etsa tantshi ya rona e monate e ntjha. Re ithutile ka ho boha thelevishene lebenkeleng le hukung ho theosa le tsela. Nkgono a re hoeletsa hore re tlo mo thusa, empa re ne re natefetswe ha re ntse re etsa tantshi ya rona hoo re ikgakantseng hore ha re a mo utlwa.

Basadi bohle ba nang le rona hodimo mona ba ne ba tsheha mme ba hoeleditse ka thabo, ba phapharetsa ho leka ho phutha diaparo tsa bona terateng ya ho aneha e parolakileng marulelo ana a bataletseng pele maru a sekgohola sa phirimana a buleha.

Ra tshoha re utlwa ho lla ha mamati a tshepe a motjheng wa phalliso ya tshohanyetso ha a buleha, mme a re tshosa le pele banna ba hlahileng ba qala ho nehelana ka dipampiri. Dipampiri tse ngotsweng ‘Tsebiso ya Ho Ntshwa Moahong’ a ngotsweng ka bofubedu bo kganyang ho parola pampiri hodimo.

Nako ya ema kgekgenene ha molebedi wa senatlahadi a tla ho rona.

Bona ke boloko bo botelele ka ho fetisisa kahare ho toropokgolo ya Joburg e ditshila, mme ha lehadima le phatsima, ho bonahala eka, motsotswaneng ona o fetolang bophelo, re eme tlasa kganya e matla e bonesitseng. Mamati a sa ntseng a na le galase dibolokong tse sentsweng tsa difolete tse re potapotileng a phatsimisa lehadima lena, jwale ho utlwahala modumo wa diaduma.

“Se ke wa saena tsebiso eo ya ho ntshwa! Ke a kopa Nkgono…”

Sebaka sena ke lehae le ditshila feela. Meaho e bapile ka katamelano e kgolo mme kahare ho folete e nngwe le e nngwe, batho ba pakane le ho feta. Bophelo ba mona bo rofo mme e bile bo kotsi.

Empa ha letsatsi le phunyeletsa maru a matsho a pula a ntseng a biloha hodimo, ke ikutlwa ke na le lerato le matla, le makatsang haholo la hlakantsutsu ena; e leng lehae la rona.

Metsero ya pente e a kgephoha ho tloha maboteng mme e fokaela sebakeng ha moya o tsoha. O hula dikgaretene, tse thuntseng ho fokaela masobaneng a difenstere tse pshatlehileng meahong e mabapi.

Ka tlwaelo ke rata ho boha dikgohola tsena tsa Joburg, mme ke dula ke leketliseditse maoto a ka mothating wa moaho sekgutlwaneng sa ka ho tswa hodimo mona, hodimodimo ho lefatshe. Maru a le diaduma le lehadima di ntle hona ho makatsang.

Dikgohola di hlaaha le ho ba matla ho feta moleko ofe kapa ofe mona. Ha di tsholla pula kapa sefako ke a tseba hore ha ho letho le ntshosang le ka nthetsang. Esita le maqulwana a dinokwane le ditsotsi ba tlameha ho ipata ha sekgohola se phatloha hodima rona. Se hohola nnete yohle le sona. Ha ke nahane ka diketekete tsa batho ba phelang lehaeng lena ba ‘dulang empa ba sa lefe’. Ke lebaka la sebodu sa matlwana a thibaneng, motlakase o sa sebetseng, diqubu tsa matlakala ka ntle le kahare. Ke a lebala hore dilifti ha di sebetse, hore ditepisi di tshosa e le ka nnete, mme meaho e a heleha ho re potapota.

Hobaneng? Hobane ke ikutlwa eka ke karolo ya sekgohola, ke tletse matla a sona. Ka nako e nngwe ha maru a kgaruma ke be ke le mong hodimo mona, ke hoeletsa ka lerata lohle leo ke nang le lona, ke a tseba hore ha ho motho ya ka nkutlwang ha ke hoeletsa ho teneha ha ka. (Sena ke lekunutu la ka.) Kamora tsena, ke qetella ke le metsi mme ke qhaqhasela, empa ke ikutlwa ke le bobebe mme ke hlwekile.

Jwale mala a ka a harelana ha ke nahana hore ke lokela ho tsamaya. Ho fumana sebaka se seng sa bodulo mona ke ntho e tshosang. Ha re na ho ba le boikgethelo ba letho ho fapana le hore re ilo phela seterateng, dintho tsohle tseo re nang le tsona di ka teroling, mme re robale tlasa mabokose a dikhateboto bosiu. Sena se ntshosa e le ka nnete!

“Nkgono! Se ke wa ba dumella ho o saenisa! Ke a o kopa…”

Nkgono wa ka o phahamisa letsoho la hae ka potlako mme ke a kgutsa. Molebedi o a nkokamela. Ke kenya setebele sa ka ka hanong mme ke itoma dinoko tsa letsoho. Ha ke tsebe hore nka thiba mantswe a ka jwang ha e se tjena. Sena ha se a loka! Re tla phela hokae? Ha hona moo re ka yang. Re ke ke ra phela letsatsi leha le le leng seterateng se kgopo sa Sixth Street.

Kgaitsedinyana ya ka e nyane e itshwarella ka leoto laka hore e eme. O sheba hodimo ho nna le ho molebedi, jwale o qalella ho bokolla. Lehadima le a phatsima ha ke phahamisa Jabulani mme ke mo peteletsa sefubeng sa ka.

Ke sheba molebedi kahara mahlo ke sa panye. Hlooho ya ka e a hatsela, mme meriri e diphakeng tsa ka e a ema. Diaduma di a kgaruma ho re potoloha, mme sena se etsa hore meaho e thothomele.

“Ha re qete mosadimoholo. E saene! Hona jwale!” o kgaruma nkgono wa ka.

Aphiwe o itshwarella sephakeng sa ka, mme o nkgulela morao.

***

Mpolelle: O ne o tla ikutlwa jwang haeba o ne o lokela ho lahlehelwa ke lehae la hao?