Ha nkgono wa ka a saena, pula ya rothela tsebiso ya ho ntshwa moahong, mme enke e kgubedu ya etsa mofophodi o kang madi a matjha leqepheng.

“Banna. Batho ting,” ho honotha monna wa senatla mme a sisinya hlooho ya hae, e bile a tjhwabola pampiri letsohong la hae, ha a qeta a furalla le banna ba bang bao a tsamayang le bona.

“Wena–!” Aphiwe a tiiseletsa letsohong la hae molomong wa ka, mme a thiba mahlapa ao ke neng ke le haufi le ho ba rohaka ka oona. Mmele wa ka ohle o a thothomela. Ke halefile ebile ke tshohile ka nako e le nngwe. Pula e qala ho naka matla. Pejana ke ne ke natefetswe ke lehodimo le sephara le neng le bulehileng hodima rona, empa jwale le mpakela letswalo le nkudisang. Haufinyane re tla be re hloka marulelo hodima dihlooho tsa rona. Bophelo ba ka bo fetohile ka ho panya ha leihlo feela.

“Pheliswa! O tla ithuta neng hore ha se kamehla o tla kgona ho thibela dintho?” nkgono wa ka o nkgaruma ka kgalefo.

Jwale o phahamisa seroto sa hae sa diaparo tse hlatswitsweng, o phamola Jabulani ho nna mme o phakisa ho ya ditepising. O a tseba hore ha ke kgenne nkeke ka mo sala morao, hore ha ke kgone ho mamella ho ba kahara foletenyana ya rona e nyane, e tletseng dimaterase le batho.

“Sena se hloka toka e le ka nnete, Aphiwe!”

O oma ka hlooho feela. Sena se etsa hore ke halefe le ho feta.

“Ha o na ntho e nngwe eo o ka buang ka yona? Nna le lelapa la ka re sa tswa lahlehelwa ke lehae la rona mme wena o oma ka hlooho feela. Ha ho moo re ka yang teng. Re tla be re hloka bodulo mafelong a kgwedi ena! Nna le kgaitsedinyana ya ka re tlo ba bana ba seterateng, mme wena o oma ka hlooho feela!?”

Aphiwe o ntjheba ka tsela ela – eo a tlwaetseng ho ntjheba ka yona ha ke tlotse moedi mme ke mo utlwisise bohloko. O nepile. Ke ne ke sa lokela ho rialo. Ke ikutlwa hampe haholo; dintho tsohle di utlwahala di se hantle. Ke thonaka phekse ya diaparo mme ke e otlanya fatshe ka matla a ka ohle. Ke pheta sena hape. Hape hape. E a robeha, mme e tlatsa dikotwana tsa polasetiki, jwale meokgo e a tla ebe ke qaellella ho se kgitla.

“Ke maswabi Aphiwe, ha ke tsebe hore nka etsa eng. Banna bane ba tlile mona ho tla lobokanya maphelo a rona feela. Ha ba tsotelle letho! Nkgono wa ka ha a tshwanelwe ke sena. O tsofetse mme o sebedise ka thata haholo. Jabulani yena … re hloka lehae.”

“Ho tla loka Pheliswa. Ke a tseba. O nepile, ho feela ho hloka toka e le ka nnete. Ke ne ke leka ho nahana feela … Mme mohlomong, bonnete, ho na le batho ba bangata haufi mona ba dulang feela, ba sa lefe rente. Mohlomong le ka itulela feela la hana ho tsamaya. Ha ke tsebe…”

“O boella hore re be baipei? Ba dulang ba sa lefe? Moo?”

“Ho jwalo, batho ba bang ba dula feela ba sa lefe.”

“Na o bone banna bale ba balebedi? Ha se batho ba hantle ho hang. Monga moaho wa rona o batla re tswe, mme o rometse dinokwane tsa hae ho tla re bontsha hore o tiile. Nna nka tshaba ho sala. Ho kotsi e le ka nnete.”

Jwale pula e a tsholoha empa ha re tsotelle. Re hoeletsa feela ha e ntse e na.

“Meaho ela e meng yona haufi le rona moo yona? O a tseba, ela eo maqulwana a dinokwanae a e amohileng beng ba yona? Mohlomong ba ka etsa jwalo le mona, mme ka hona ba tla le sireletsa kgahlanong le monga moaho.”

“Ke a utlwa Aphiwe, ke maswabi, empa seo ke morero o mobe haholo. Haeba lequlwana la dinokwane le ka tla ho dula moahong wa rona ke moo ho tla etsahala ntho e tshwanang le eo re e boneng e etsahala meahong e meng.”

“O nepile. Seo e feela e ne e le mohopolo o bothoto.”

Aphiwe o shebahala tetebetse maikutlo. O iphumula mahlo ka sephaka sa hae ho ntsha metsi ka mahlong a hae.

“Na o hopola seo ke se hopotseng?” Ke a mmotsa, mme le yena o etsa se tshwanang.

“Ha ke tsebe. Na o nahanne ka The Confiscator?”

“Ee. Ka moo a jwetsitseng batho bolokong bo haufi le ba bona hore o tla nka moaho ho monga oona, mme a o lokise le ho etsa hore maphelo a bona a ntlafale…”

“Ee. O ile a iketsa mohale wa batho e moholo. Empa jwale lequlwana la hae le tsamaisa moaho mme ho na le ditshebo tsa hore o na le batho ba rekisang dithethefatsi tsa hae kahara moaho?”

“JJ ya dulang teng o mpolella hore sena ke nnete, Aphiwe. Le hore The Confiscator o tlamella basadi ba bang ba dulang teng hore ba ‘robale’ le yena le ditho tsa lequlwana la hae’. Banana ha ba kgone ho hana, hobane o laola moaho mme ha ho moo ba ka yang teng.”

“Oho Morena. Seo ke ntho e tshabehang, ke–”

Sello se hwamisang madi sa kgaola polelo ya Aphiwe ka lehare. Le hara lerato leo la pula e otlanang re ka kgona ho utlwa hore le tswa moahong o tobaneng le rona. Lehadima le bonesa phapusi, mme le tsamaya le modumo o otlang.

Ha se diaduma kapa lehadima, empa ke moduo wa sethunya!

Re a baleha, mme re manama haufi le lebota mothating wa marulelo hore re bolokehe. Ho na le dikgeo dipakeng tsa ditene mme ke fellwa ke moya ha ke bona thelevishene e betsetswa kantle le fenstereng e tobaneng le rona.

“Ae!” Ke a bipetsana.

Ho a makatsa hore e pshatlane fatshe tseleng ya batho ntle le ho bolaya motho, hobane ho a phethesela tlase moo. Ke mantsiboya mme baeti ba phalla ho theoha ditekesing, eka ke dintele tsa dikokonyana ha o ba shebile ho tswa hodimo mona, mme ba phaqatsa kahara pula ho ya meahong ya bona ya meswahla. Barekisi ba dithethefatsi le diotswa tse kolobileng ba itshophile menyako ya meaho, mme ha ba dumelle pula ho sitisa kgwebo ya bona. Empa bomo ya thelevishene, le mafatsa a yona a digalase, tshepe, polasetiki le dithapo di sitisa kgwebo ya bona motsotswananyana feela.

“Bona!” ho howa Aphiwe a etsa tlhokomediso e sa thuseng letho hobane ka yona nako eo ke ha ho theoha sofa ya kgale e ditshila ho sala thelevishene morao. Batho ba phaphatheha ba ferekane. Kaboom! Sofa ya fihla ya phatloha kahara tsela, mme mapolanka, dikatana tsa masela le dipontjhe tsa fofa sebakeng. Makoloi a qala ho letsa manaka.

Jwale ha latela dishobana tsa dilakane le diaparo tse phaphametseng moyeng nakwana, mme tsa ya wela le ho bokellana jwalo ka pharatjhute e hlolehileng ho buleha.

“Oho bathong,” Ke a kgotsa.

Nkile ka bona maqulwana a dinokwane a ‘ntsha’ batho difoleteng pele ho mona mme kamehla ke fumane e se ntho e mamellehang. Empa lekgetlong lena ho tshabeha ho feta tsohle tseo ke di boneng pele – hobane e feela e ka ba rona.

Lehadima le a phatsima mme diaduma di a kgaruma; ekare ka sefubeng sa ka ho na le ntho e tabohang ha ke elellwa hore esita le ha se phahame, seaduma sa ka se hlaaha, se matla ha se a emisa hore moleko o etsahale mona lekgetlong lena. Boikutlo bo tshabehang, bo nyokgolohisang bo tlatsa mpa ya ka.

Mamati a kenang moahong a buleha, mme mme le ngwana wa hae e monyane ba mathela kantle puleng, ba hoeleditse le ho bokolla. Ba apere dikaone tsa bona le meqathatso feela, empa ba tswelapele ho matha. Boikutlo bo bobe bona bo atamela mmetso wa ka. Ke ipotsa hore na ba entse eng hore ba tshwarwe ka tsela e mpe hakana. Hore ba entse eng ha re tsebe, empa jwale ba baleha ho pholosa maphelo a bona. Ha ke kgone ho boha sena nako e fetang mona.

Ambulanse e fihla e lla ha bohloko fatshe. Ke moo ke furallang mme ke kenya hlooho ya ka dipakeng tsa mangwele a ka.

Batho bao ba batho – ho ka etsahala hore e be rona. Monahano ona wa dula o ipheta ka hloohong ya ka, ha pelo ya ka e otla kgahlanong le dikgopo tsa ka jwalo ka terene e tswileng taolong.

Ke tjamela fatshe phororong ya metsi e nyane, e sa tebang e phallang ho tswa marulelong, ke lakatsa eka sena se ka emisa. Lelapa leso…

Pula e nkolobisitseng e utlwahala jwalo ka mofufutso o tjhesang.

Ke furalla Aphiwe mme ke a hlatsa.

Re tlo etsa jwang? Ke tlo etsang lefatsheng la morena?

***

Mpolelle: Na o kile wa bona dikgoka tse jwalo ka tsee? Ho entse hore o ikutlwe jwang?