Ke selemo le halofo se fetileng. jwale. Ha Yongama, kgalala ya sekolo, a ne a etsa Materike, mme Liyabona a le Kereiteng ya 10. Lebitso la Yongama le ne le bitswa jwaalo pokanong – hobane hapile tlhodisano ya dipalo, hobane a fihlile ho makgaolakgang a tlhodisano ya dinganyisano, hobane a hapile kgau ya bolo ya maoto sehlopheng sa lehae. Empa o ne a sa ikgantse ho le jwalo. E ne e le mofuta wa batho ba mona ba tsotellang motho e mong le e mong, ba buang le bahlwekisi ba sekolo ka tlhompho le boikokobetso tse tshwanang feela le ha a bua le Mosuwehlooho.

Empa ha se bohle ba neng ba mo rata. Hobane ha a ne a bona ntho e mpe, o ne a bua – mme o ne a sa hweshetse. Ho ne ho kile ha ba le lequlwana la bashemane ba neng ba hlorisa Makereite 8, ba ba utswetsa tjhelete ya bona ya dijo, ba ba tsunyatsunya. Yongama o ne a ile a hlokomela sena mme a tobana le bona. O ne a ile a bokanya Makereite 12 ho sala morao dihlakanahlohwana tsena morao, ho ba beha leihlo, ho nka difoto tsa bona ka ho sebedisa diselefounu ha ba ka re ba tswa tseleng feela. A sebetsa mmoho le Mosuwehlooho, batswadi ba bashemane bao ba bitswa, mme qetellong moshemane e mong a tswa sekoloho sa bona mme jwale ba setseng ba qala ho itshwara hantle.

Ka letsatsi le leng moshemane ya tswileng sekolong a tshosa Yongama ka thipa, kantlenyana feela ho sekolo. Mme Yongama yaba o mo tebela kapele hoo moshemane enwa a sa kang a ba le monyetla wa letho. Jwale Yongama o ne a ile a thusa mothaka mme ka mohau a mo phahamisa fatshe, a mo fa thishu hore a iphumule mokola, yaba o mmolella hore a ikele – a mo amohile thipa ya hae.

Yaba kamora moo ho latela Dumile. O ne a le sehlopheng se le seng le Yongama, ha a ikgethela ho se tle sekolong. Bohle ba ne ba mo tshaba ka lebaka la metswalle ya hae ya maqulwana, empa e seng Yongama. Ke wona mofuta o neng o ratwa ke Yongama ona. O ne a hloka letswalo. O ne o ke ke wa thekesella ho yena le kgale.

Le ka mohla Liyabona o ne a sa lore hore Yongama a ka mo tsotella. Ka hona ka letsatsi le leng, kamora pokano moo a neng a ile a bitsitswe ho ya bala thothokiso eo a neng a e ngotse phapusing ya thutelo, o ile a batla a polana fatshe ha a etla ho yena ka patjhising ya sekolo ha morao.

“O sengodi se hlwahlwa,” a rialo. “O na le talenta. O e hlokomele.”

A itomaka leleme, a hweleketsa. O ne a ka reng ho mothaka eo ya neng a mo shebela hole mola feela? Mme jwale mantswe a monate ao Liyabona a a bapadisitseng thothokisong ya hae a mo siya a tlalletswe. “Um … oh, uh ke a leboha,” ke sona feela seo a kgonneng ho se bua.

Empa Yongama a tswella ho bua. “Seroki sa thatohatsi sa hao ke mang?” a botsa. “Na o kile wa bala Wally Serote?

Jwale kelello ya hae ya kgutla butlebutle. “Tjhe,” a rialo ka dihlong. “Empa ke rata Maya Angelou.”

Yongama a bonahala a kgahlwa ke sena. “E, o hlahisitse mesebetsi e metle haholo. Ebile hape ho na le Walt Whitman; le tla etsa tse ding tsa dithothokiso tsa hae sehlopheng sa hao.”

Yaba motho e mong o bitsa Yongama mme a ikela, a nyamela hara metswalle ya hae, le dipabala tse kgolo tsa sekolo sehlopheng sa Materiki.

Empa metswalle ya Liyabona e ne ba bone. “Oooh, na o ne a o kopa ho intsha le wena?” Akhona a mo kgwathatsa.

“Mmone feela, ekare o tsamaya moyeng,” Nozi a tsheha.

Mme ene e le nnete, kopanonyana eo e ne e file Liyabona phahamiso e jwalo, boikutlo bo botle jwalo feela. Ho fihla jwale bophelo bo ne bo le boima. Mme wa hae o ne a sebetsa dihora tse telele, mme o ne a dula a kgathetse haholo ka phirimana hore a ka etsa letho ha ese ho ja feela le ho robala. O ne a tsamaya hoseng haholo pele Liyabona le Kwezi ba tsoha, ka hona Liyabona o ne a lokela ho hlokomela Kwezi.

Mme Kwezi o ne a imelwa ke dithuto. O ne a le monyane ka mmele ho bashanyana ba bang, mme e le letsetsenyana, ka hona bana ba bang ba ne ba mo tlaka. Ho fapana le hore a itshehele feela o ne a lla, ka hona ba mo tlake le ho feta. Sena se ne se utlwisa Liyabona bohloko ho bona kgaitsedinyana ya hae e hloname jwalo. O ne a lakatsa eka a ka ikemela, jwalo ka motswalle e mong wa hae wa setutla. Ha ho motho ya neng a bapalla setutla sena hobane se ne se ba nyemotsa feela. Bana ba ka ba kgopo e le ka nnete. Ho ba bang, ha ba bona dikeledi e ne e ka ditau tse bonang madi. Ka hona letsatsi le leng le le leng Liyabona o ne a lokela ho kgothatsa Kwezi hore a ye sekolong, a mo tshepisa hore dintho di tla fetoha. Mme ka matsatsi a mangata kamora sekolo o ne a lokela hore jwale a tshedise le ho kokobetsa kgalefo ya kgaitsedinyana ya hae. “Ke hobaneng ke le monyane tje?” o ne a lla jwalo. “Hobaneng?”

Empa jwale, e se e batla e le letsatsi le leng le le leng moo a bonanang Yongama, mme ba ne ba tla iqoqela. O ne a ngola fatshe mabitso ohle a diroki tseo Yongama a buileng ka tsona, mme ebe o ya ho bala ka tsona laeboraring ya habo. O ne a bonahala a natefelwa ke ho qoqa le yena, ebile ka nako e nngwe o ne a ya ho mmatla ka nako ya kgefu. Metswalle ya Liyabona jwale e tla ikela kwana, e ba fe nako ya ho qoqa. Ebe kamora moo ba kgutlela ho yena ba mo apare: “O itseng? Na o o memetse kaekae? Ho etsahalang?”

Liyabona o ne a rata ha ba mo tsotella hakana, monate wa sena. Mme o ne a nahana hore mohlomong, mohlomong feela, o ne a mo rata hanyane feela ho feta jwalo ka motswalle. Bonnete o bile a mo romella thothokiso ka selefounu ya hae, thothokiso ya motho e mong, empa e ne e feela e le thothokiso ya lerato.

Ho fihlela ka letsatsi lela, letsatsi le tshabehang ruri…

O ne a ngotse teko ya dipalo hang kamora ho kgutla kgefung. O ne a sa rate dipalo, mme o ne a tshaba Monghadi Khumalo, titjhere, ya neng a sa tswafe ho patlotsa moithuti ka rulara letsohong ha a halefile.

O ile a leka ho mamella, hore a se ye ntlwaneng. Empa nako yohle ha a tlalletswe, o ne a tlameha ho ya. “Phakisa, Liya,” Akhona a mmitsa. “Monghadi Khumalo o re jwetsitse hore re tlo ngola teko e telele, hopola, ha re a tshwanela ho fihla morao.”

Liyabona a tlola majwe a tletseng fatshe le matlakala ha a ya bolokong ba matlwana. O ne a utlwa monko wa matlwana a sa le kantle; jwalo ka kamehla di ne di nkga. Yare hang ha a le lehlakoreng la banana a bona hore moqomo wa diphete tsa banana o tletse hoo o phophomang, mme ntlwana e fumanehang e ne e le e qetellong kwana feela mme e ne e thibane, e tletse mantle. Matlwana a ne a atisa ho ba mabe e le ka nnete, empa ka mokgwa ona a ne a se a le mabe ho feta tlwaelo. Hape ho ne ho na le banana ba bang ka pele ho yena.

Akhona ka nako e nngwe o ne a sebedisa matlwana a bashemane. Bashemane ba ne ba sa nke nako e telele, o ne a rialo. “Ha ho na batho ba fotseng. Feela eba sedi pele o kena.”

Liyabona a nna a rontaka, a eme. Yaba tshepe e a lla. O ne a se a sa kgone ho ema jwale. A hopola hore bongata ba bashemane ba banyane ba ne ba le tlhodisanong ya bolo ya maoto, ka hona matlwana a bona a tla be a se na batho ho feta ka tlwaelo. A potlakela lehlakoreng le leng la phatjhisi, a nyarela ka matlwaneng a bashemane. A bona ho se motho nkgwaneng ya ho sesetsa. Jwale a mathela ka ntlwaneng e nngwe mme a ikwalla ka teng. Empa ho ne ho se na loko. A leka ho sututsa lemati ka leoto ha a ntse a ithusa, empa la buleha.

A utlwa motho e mong a kena, a atamela, seriti se selelele sa hlahella leboteng le pela hae. Potlaka, a ipolella jwale a se a tshwenyehile. Ke batla ho tswa ka mona.

A bona letsoho le bula lemati haholwanyane. Mme jwale a bona hore ke mang. Dumile. Moshemane elwa ya sehlopheng sa Materiki ya neng a tshajwa ke bohle. Ho ne ho na le menyenyetsi ya hore o kile a beta kgarebe ya hae. O ne a dula a lwanne le batho mafelong a beke, o ne a tletse mengwapo ho bontsha sena.

A mmona ka mora lemati lena le butsweng. “He banna, bona ke thotseng. Kgarebe ka matlwaneng a bashemane!”

A sututsa lemati le ho kena, a itshetleha lemating, le ho le kwala. “Ke hore ha o na le dihlong tsa ho itlisa mathakeng wena ausinyana!”

“Ke kopa o kgaohane le nna–,” a qala ho tjho, a phahamisa borikgwe ba hae, mme a leka ho mo sutuletsa thoko. Empa a mo tshwara, a mo hulela ho yena.

“O ke ke wa itsamaela feela jwalo, pele re ipha monatenyana,” a rialo. “Hape ke eng seo o ka se tlelang ka moo?” Leino la hae la gauta la phatsima ha a mo senela meno, a bososela ka ho phoqa, jwale Liyabona a ikgakanya eka o tlile ka morero moo, ho na le hore a shebe thoko le yena.

Yaba o mo qhautsa ka letsoho, mme a le sutuletsa tlase borikgweng ba hae. “Ke tsohetswe jwang feela, ngwana,” a rialo.

Liyabona a leka ho hulela letsoho la hae thoko, a fina setebele sa hae. O ne a batla ho mo raha, ho mo utlwisa bohloko, ho etsa eng feela e ka mo tlosang ho yena. A ikutlwa a se na matla ho hang. Hobaneng ntho e tjee e ka etsahala. A ka pholoha jwang?

***

Re jwetse hore o nahanang: Na Liyabona o ne a ikentse ka hore a kene matlwaneng a bashemane?