Lola o ne a le motle haholo. Empa o ne a se bohlale. O ne a dutse haufi le Tshepo hara koloi e kgubefu ya Range Rover, a sa kgaotse ho bua.

“Ooo, lena ke lona lerato! Ka mora dilemo tse pedi le arohane mme jwale lona ba babedi le tla bonana hape ka lekgetlo la pele. Na le tla boela le ratane? Na lerato la lona le tla boela le tuke? Ho tshwana le tshomo nakong ya sebele.”

O ne a nahana eng? Na hore o ne a shebeletse terama ya lerato ho TV? Na soap opera e itseng ya mohlolo? Kapa filimi e itseng ya Kanale ya African Magic?

Empa filimi ena e qeteletse e le filimi e tshosang le e mpe!

Ka pele ho heke ya Joy, re ile ra kopana le dikoloi tsa mapolesa le theipi ya mapolesa. Le mokotla o kenyang ditopo hodima setretjhara o kengwa koloing ya ambulense. Ke ne ke lebala hore ke ntse ke phefumoloha.

Mme wa Joy o ne a le ka jareteng, mose wa hae o tabohile. O ile a nkotla ka difeisi jwaloka mosadi wa lehlanya, ya utlwileng bohloko.

“Ke wena ya entse sena, Daniel! Moradi wa ka e motle, ya bohlale – mme jwalo o shwele! Madi ke ana hohle jesing ya hae. Ke sa tswa mo rekela yona Laboraro le fetileng.”

Ha ke a ka botsa haeba e ne e le jesi e mmala o pinki.

“Sefahleho sa hae se setle se ne se senyehile. Monna o ile a senya sefahleho sa hae, Daniel. Tsena tsohle ka lebaka la hao. Hobane o ile a mmolella hore le ka mohla a ke ke a kgaotsa ho o rata.”

Ha ke a ka ka botsa haeba sebetsa e ne e le hamore. Na ho ne ho na le taba haeba dintlha tse nyenyane di ne di nepahetse? Taba ya bohlokwa ka ho fetisisa ponong, karolo e le nngwe ya bohlokwa, e bile leshano. Leshano. E ne e se nna mmolai.

Taba efe kapa efe eo Joy a ileng a e bua metsotsong ya hae ya ho qetela, e ne e se, “O se ke wa nkutlwisa bohloko, Daniel.”

Empa mohlomong ke nna mmolai. Ka ho leka ho kgaotsa pono hore e phethahale, ke entse hore e phethahale. Ka ho tloha Joy, ke bakile lefu la hae. Mme ke tla phela jwang ka ho tseba sena?

Ke sehloho sa nnete sa ho tseba bokamoso: le ka mohla o ke ke wa tseba pale e feletseng. Tjhe! Bokamoso ke naha e nngwe, e kwahetsweng ke mohodi, e tletseng ka diphula tse patehileng le meru e lefifi.

Mapolesa a ile a nka monna enwa a tlanngwe ka dihaneboi, monna eo e neng e tshwanetse hore e be monyadi wa Joy.

Mokhonstabole e Moholo o ile a re, “Daniel Nkumbula, o qoswa ka molato wa polao ya Joy Shilowa.”

“Daniel!? Lebitso la hae le yena e ne e le Daniel!?” Ke ile ka kgaotsa ho phefumoloha ho fihlela matshwafo a ka e ka a tla phatloha.

“E,” ho boletse motswalle wa ka Tshepo. Haufi le yena, Lola ya motle o ne a thotse mme a tshohile. “E, ke nahana hore ke lona feela lebaka le entseng hore a kgethe monna enwa. Hobane monna enwa o ne a mo hopotsa wena. Ka hobane lebitso la hae le tshwana le lebitso la hao.”

Jwaloka ha ke boletse: bokamoso ke naha e nngwe, e tlsetse ka mohodi le diphula tse pateileng le meru e lefifi, le dilomo tse kotsi. Mme esita le malakabe a mollo wa sangona a ke ke a kgona ho o kgantshetsa tsela.

***

O nahana eng ka dipono tsena? Na o ile wa thabela pale ena?