“Dumela, moshanyana wa ka,” mme a araba. “Mamela mona. Ke ntho e makatsang. Seterata sa Long jwale se se se tlo theosa ho ya fihla kwana setsing sa mabenkele. Qetellong ho tla ba le dibese le boemelo ba dibese. EMPA …” mme a rialo, “sena hape se bolela hore ha ho sa tla ba bana ba bapallang seterateng.”

“ENG?” pelo ya Sonny ya tetebela ha bohloko. Ba ne ba se ba hlophisitse papadi! A kgutlela ka ntle mme a dula setupug se ka pele sa ntlo a ntse a honotha. Lerata le leholo la etsa hore a shebe hodimo. Mong Peterson o ne a le hodima lere, a phahamisa lebota la hae la ka pele ka ho eketsa ditene tse ding hape.

“Atjhe!” ha honotha Sonny a tenehile. “Ke a tseba hore o batla ho thibela dibolo tsa rona hore di se ke tsa tlola lebota la hae, empa ha a sa loketse ho kgathatseha jwale.”

Yaba o ba le monahano – ha metswalle yohle ya hae e ka kopana mmoho mme ba kopa batswadi ba bona kaofela, ebe … mohlomong … ba ka ba le papadi e le nngwe ya ho qetela ya kerikete. A tswa a matha ho ya batlana le Simon.

Moqebelo wa beke e hlahlamang ho ne ho ena le nyakallo e kgolo hobane morero wa Sonny le Simon o ne o sebeditse! Kajeno ba ne ba tlo ba le papadi ya ho qetela – e kgolo ka ho fetisisa, e monate ka HO FETISISA ya kerikete! Bana bohle ba seterateng seo ba ne ba tla bapala. MME ho ne ho tla ba le meputso! Ba bang ba batswadi ba ne ba etsa diseneke bakeng sa bohle ho tla ja mmoho ka nako ya motsheare. Ntate wa Thumi ke yena ya neng a tla fana ka meputso qetellong ya letsatsi.

Leha tsena tsohle e ne e le bakeng sa ho ithabisa feela, Sonny o ne a ikutlwa a tshohile. Mokgopi o ne o opa matsoho le ho etsa ditlatse ha bolo ya pele e akgelwa ke Thumi.

Jack a fetela ka pele. PHATHA! A otla bolo ka matla haholo hoo e ileng ya nyolohela hodimo moyeng kwana.

Sonny a tsamaela pele ho kapa bolo, empa letsatsi le ne le benya ka mahlong a hae. A pelekanya mahlo, a ema mme a feta ka tlasa bolo. Batho bohle ba ne ba opa diatla. Eitse ha Sonny a qala ho kwala letsoho la hae a tshwere bolo, la tlolela morao hape. E ile ya tlolatlola ha nngwe mme ya thetehella hantle ka tlasa heke ya Mong Peterson, pelo ya Sonny ya tetebela.

“JWALE re tlilo etsa jwang?” ha botsa Thumi.

“Ha re no tswela pele ka papadi ya rona!” ha rialo Jack.

“Re KEKE RA HLOLA re fumana bolo ya rona hape!” ha omana Simon.

Sonny a fehelwa. “Ke tla e lata bolo yane,” a rialo.

“Empa Mong Peterson o tla o omanya,” ha rialo Thumi.