Seterata sa Long se ne se le batsi ebile se le selelele. Lehlabula, ha Sonny le metswalle ya hae ba ya hae ho tswa sekolong, dieta tsa bona di ne di tlala lerole. Mariha, dieta tsa bona di ne di tlala seretse le metsi. Empa ka nako ya matsatsi a phomolo ya dikolo, ho ne ho se na motho ya kgathallang hore seterata se tletse lerole kapa seretse.

Seterata sa Long ke moo Sonny le metswalle ya hae ba neng ba bapala kerikete teng. Batho bohle ba ne ba tswela ka ntle ho tla shebella mme ho ne ho se le ya mong ya tletlebang ha bolo e ka wela ka jareteng ya hae. Ho se le ya mong, ntle feela le Mong Peterson.

“Matsatsing ana a phomolo re tlo ba le dipapadi tse ntle ka ho fetisisa tsa kerikete,” ha rialo Sonny ha ba leba hae mantsiboyeng a mang.

“EHLIIIILE!” ha rialo Simon le Jack.

“Thumi? O reng?” ha botsa Sonny.

“Empa o reng ka YENA?” ha botsa Thumi. A supa tlung ya Mong Peterson. “Jack o se a pshatlile e nngwe ya difesetere tsa hae.”

“O reng ka WENA?” ha rialo Jack. “O se o lahletse dibolo tse pedi ka jareteng ya hae.”

Ba ne ba tseba hore ha ba ka otla kapa ba akgela bolo ka hodima lebota la Mong Peterson, ba ne ba keke ba hlola ba e bona hape. Ha bolo ya bona e ne e ka thetehela ka tlasa heke, e ne e le ntja ya hae, Shikisha, ya e nkang. Ba tjamela ntlo ya Mong Peterson. Dikgweding tse mmalwa tse fetileng o ne a dula a tenehile.

“Na re na le bolo ya kerikete? Ke ne ke nahana hore o di nkile kaofela,” ha rialo Thumi.

“Ke na le e nngwe,” ha rialo Jack a bososela, “ha re hlophisetseng papadi e monate ka ho fetisisa ya kerikete e KILENG YA BONWA.”

Letsatsing la ho qetela la sekolo, Sonny o ne a se a tatetse ho ya hae ho ya bapala kerikete. O ne a nyakalletse haholo, o ile a ba a tsoka letsoho ho dumedisa Mong Peterson, empa Mong Peterson a iketsa eka ha a mmona.

“Dumela, Mme,” a hoeletsa ha a kena ka tlung. Mme wa hae o ne a bala koranta. O ne a nyakalletse haholo.