“Tjhe, tjhe, tjhe,” ha hoeletsa Abuti Mmutla. “Mala a ka ha a sa loma jwale.”

“Ho lokile tsamayang he,” ha rialo Nkgono, a ba fa dijo tsa bona tsa sekolong. “Le ithute ka matla le tsebe ho kgutla le le bohlale.”

Abuti Mmutla a hulanya maoto kamora kgaitsedi ya hae. Kgaitsedi ya hae o ne a tlolatlola a tantsha a qhomaqhoma tseleng e yang sekolong, empa yena o ne a hulanya maoto a sithabetse moyeng. “Ha ke batle ho ya sekolong,” a korotla. “Ke batla ho kgutlela dikobong.”

Ba qetella ba fihlile hekeng ya sekolo. “Tsamaya hantle, Abuti,” ha rialo Ausi Mmutla, a mathela ka hare.

Abuti Mmutla a sheba kwana le kwana. Ho ne ho se motho ya mo shebileng. Kapele a ipata kamora sehlahla. A dula moo, a kgutsitse tu! Mme a emela hore tshepe e lle mme bohle ba kene ka diphaposing tsa sekolo. Yaba o mathela lapeng. A kena ka fensetere ya kamore a fihla betheng ya hae mme a kena dikobong. Ho se hokae a be a se a kgalehile a bile a kgona.

Ka hora ya leshome le motso o mong Abuti Mmutla o ne a se a kgathetse ke ho robala. O ne a tshwerwe ke bodutu jwale. A nyarela ka ntle ho lemati la kamore. Nkgono o hokae? Jowe. O ne a dutse ka kitjhineng, a enwa teye le Mof Pela wa moahisane. Abuti Mmutla a fehelwa. Ho ne ho tena haholo ho dula o paqame betheng letsatsi lohle.

Ka hora ya leshome le metso e mmedi Abuti Mmutla o ne a nyorilwe. A nyarela lemating la kamore. Nkgono o hokae? Tjhe bo. O ne a baka bohobe ka kitjhineng. Abuti Mmutla a fehelwa. O ne a batla metsi a ho nwa le motho eo a ka bapalang le yena.