Ka hora ya pele Abuti Mmutla a sheba hape. Jwale Nkgono Mmutla o ne a se a qoqa le Moruti Mopheme. Moruti o ne a eja bohobe boo Nkgono a bo phehileng. Monko wa bona o ne o dutlisa mathe ho Abuti Mmutla. O ne a lakatsa eka a ka ja bohobe boo ba Nkgono, bo tjhesang bo tswang ka ontong. Abuti Mmutla a fehelwa.

Ka hora ya boraro Ausi Mmutla a fihla hae a thabile. Abuti Mmutla a tlola ka potlako ho tswa ka fensetere mme a tla a matha lemating le ka pele ka mora kgaitsedi ya hae. “Dumela, Nkgono,” a hoeletsa. “Ke se ke kgutlile sekolong.”

“E ne e le letsatsi le monate ka ho fetisisa,” ha rialo Ausi Mmutla. “Re ile ra rutwa ho taka ke senono sa nnete. Re ithutile ho taka dikhomiki. Mme mosuwehlooho wa rona o a nyalwa. O ne a tlile le dinomaphodi le kuku le ditjhipisi bakeng sa bohle. Ho ne ho le monate e le ka nnete, ha ho jwalo, Abuti?”

“Ehlile, ehlile,” ha rialo Abuti Mmutla. Pelo ya hae e ne e utlwile bohloko. Ao bathong. Letsatsi le le leng leo a sa yang sekolong ka lona batho ba fuwe kuku sekolong!

“Wena o jele kuku e jwang, Abuti?” ha botsa Nkgono.

“E ne e le ya tjhokolete,” Abuti Mmutla a bua leshano. “Kuku ya tjhokolete e tlotsitsweng ka kharamele le tjheri ka hodimo.” Ho ja ka ya sekolong, Abuti Mmutla a nahana jwalo. Ekare nka be ke jele kuku eo le nna.

Ka yona nako eo ha kokotwa monyako. Titjhere wa Abuti Mmutla, Moftsn Tweba, o ne a eme monyako. O ne a tshwere poleiti e nang le sekotwana se seholo sa kuku e monate.

“Dumelang, Nkgono Mmutla,” a rialo. “Ke ne ke utlwile bohloko ha ke elellwa hore Abuti Mmutla o a kula ka letsatsi le monate tjena, hoo ke ileng ka mmolokela sekotwana sa kuku. O ntse a eya jwang? Na o ikutlwa eka o se a tla fola?”

Jonna wee. Jwale Abuti Mmutla o ne a le mathateng. A mathela ka kamoreng ya hae, a tlolela ka ntle ka fensetere mme a ya ipata sefateng se tshimong yabo.

“Ke yane mane,” Ausi Mmutla a bolella Nkgono. “O ipatile sefateng sa menko.”

Nkgono le Moftsn Tweba ba ema ka tlasa sefate. “O thibane ditsebe e le ka nnete mmutla,” ha rialo Nkgono a omana. “O balehile sekolo.”

“Ke maswabi, Nkgono. Ke maswabi, Moftsn Tweba,” Abuti Mmutla a lla. “Ke kopa hore le se ke la nkgalefela.”

“Re tla tlameha ho o ruta molao,” Nkgono a rialo. “Ke a ipotsa hore ebe re ka etsa eng.”

“Ke a tseba,” ha rialo Moftsn Tweba. “Hobaneng o sa nketsetse teye, mme re je ka kuku ena e monate ya tjhokolete. Seo se tla mo ruta hore ho baleha sekolo ke ntho e sa lokang hohang.”

Yaba Nkgono o bedisa metsi ka ketlele, mme yena le Moftsn Tweba ba nka dikgaba mme ba arolelana sekotwana seo sa kuku e monate. Molomo wa Abuti Mmutla o ne o dutla mathe mme mala a hae a korotla ke ho kgala, empa ho ne ho se kuku eo a ka e jang. Ke re ho se le lekumanenyana feela.

Ho tloha tsatsing leo Abuti Mmutla a se ke a hlola a baleha sekolo hape. Ke re le hanngwe feela. Ho dula dikobong letsatsi lohle ho ne ho le bodutu haholo!