Nnehe nnete, tlohela masawana, nnehe nnete, tlohela ho saowa!
Di kae tsa Basotho dikgomo, di kae tsa ba sootho batho?
E, di kae?
Ntloheleng ke lle, ke llele wa heso mofuta, ke llele beso batho.
Nnete ya phate ya bontate ha e hlakiswe.
Ke neng tshotleho e re lwantsha, ‘fatshe le re tonetse mahlo!

Le themekana le ithathika ka nnete.
Athe kgang keng le sa kene ho yona, re e tsebe?
Athe ha le tsebe hore kobo e ntle,
Ke e phethetsweng ka di qola,
Qola tse ntle tse latelletseng fatshe moo e tswang teng?
Ntsha nnete, o se ke wa ba ntho ya letho.

Ke o botse hore keng ba sotleha batho?
Ke o botse hore keng e se e sa lale tlasa sisiu?
Mediko ya hao e ile kae, e sutjwe re e bone?
Ke maketse, ke a ipotsa e ile ho lefe, la Rammalane?
Le teng e iswa ke ofe?
Ya sooto eo motho!

Ya le otla lefatshe Aforika e sootho.
La nonopela, la e rohaka.
La e rohaka ka dilemo, la e nyenyefatsa!
Ya eba ntho ya letho, ntloheleng ke lle!
Ke llele wa heso mofuta, ke llele beso batho.

E tsoha ka madungwadungwane e sena letho.
E kgutla ka ngwedi, e ntse e sena letho, kgang keng?
Basotli jwale ba haketse, ba e pudufatsa, ba e etsa molora.
Mariha, ba e hatisa qhoqhwane ka la Mohlomi.
Mahlomola a beso batho a hloka sello se o tlang pelo.

Ke mang a holofaditseng kellelo ya wa heso mofuta?
A o siya o hloyane, o tseka ntho e siyo, athe ntho o e nkile?
Jwale masea a jella kgwebeleng, ha o ntse o kentse dihlooho ka hara letsina.
O entse kgomo ya nkgi ntho ya letho, athe kgomo ya nkgi ha se kgomo!
Kgutlisa kelello ya hae a ikelellwe.

Mphe lere ke supe tsela.
Tjhaba se sa itsebeng se timetse se phela, se phelela masawana.
Tjhaba se sa etseng ka bohlale ba baholo ba sona ha se letho!
O re o nyatsetswang Aforika, ha o nkutlwisitse bohloko hakana?

O nyatsetswa ho inyatsa, ha o ipone na?
Nkalle moseme ke bue.
Se o re neng re le sona, re sa le sona!
Se re phedisitsetseng pele ho bohlalefi ba bojaki, se hlonephuwe.
Thotobolo tsa kgale athe ha se pheko na?
Lehlanahlana le ke la eng athe mollo o timme?
E be jwale ke rona ba ikgatellang, ke utlwa bohloko.
Bo bophirima bo ntlhotse, ha habo motho ho thebe e phatshwa.
Ke kgutlela ka mehaswana, ke tla rua teng ha ke fihla teng.
Ntesele ke bone ka la boholoholo, la bo Nkgono le bo Ntatemoholo.
E ka re di kgutlile, be di sa hangwe, e ka re le kgutlile, le be le sa lengwe!
Kgang e sa le’ng, wa itwantsha na?