LEETONG LA MANTEO LE NTEO
(Sephethephethe sa makoloi)
Nteo: Ke kgathetse ho kganna jwale empa le wena ha o tsebe ho kganna, o dutse jwaloka mofumahadi wa Sheba, ha o mphomotse.
MaNteo: Mamella feela re se re tla fihla ledibohong, o tla phomola teng. Wa tseba mola o moo o molelele pele o kena ka hara naha.
Nteo: Nka thaba haholo, le boroko bo iphile matla.
MaNteo: Ntate o a bona pele mane ho etsahalang?
Nteo: Ke eng ha e ka makoloi a bokane moo tje?
MaNteo: Bona molaola sephethephethe ke eo o fana ka molaetsa.
Nteo: Ha hle re eme hona mona, re tla utlwa molaetsa ka bao ba ntseng ba kgutlela morao ho rona.
MaNteo: E ka ba ho se ho hlahileng, re se re fihlile tjee? Ha feela re ka phethisa taelo tsa ngaka.
Nteo: Mohlomong kotsi e teng e hlahileng.
MaNteo: Ha re mamele se buela hole sane se reng.
Sebuelahole: )Molaetsa o potlakileng ho lona bakaganni ba baeti ba tswang Aforika Borwa le naheng tse ding, re kopa tshwarelo e kgolo ka boikokobetso bo boholo, kajeno ha ho baeti ba dumelletsweng ho kena ka naheng ya rona kgwedi kaofela. Lebakabaka ke hore baahi ba naha ba entse merusu, jwale ha o kena ka hara naha o se wa lapeng, o ya hlekefetswa. Jwale le eletswa ho kgutlela naheng ya lona. )
MaNteo: (Ka ho tshoha) Jonna! re tlo shwella hole hakana re sena molato. Ha re kgutle.
Nteo: Jwale ke re na re kgutla re sa phetha taelo tsa ngaka na? Re tshwanetse ho patala ngaka. O tla utlwa ha le lwana mona basadi, le re le tla palamela batho ha le hlolwa ke ntwa. Le subetse mese dipenting, le re le trapa batho jwaloka banana. Bona jwale re ho kae.
MaNteo: Re mathateng ,o tsebe hore ha re sa kopane le ngaka kgwedi ya kodumela koduwa ya re wela.
Nteo: Ra tla ra ikenya ka hara kenyakenya,re ne re nahana hore re tla fella kae?o hopole re thetsitse ngwana,o tla reng ha re se re fihla ka pele?
Manteo: (o opa diatla) Joo Ntate! e tjena ke qala ho e bona. Mohanoe ke ngwana, o tla dula a thetswa ka lefura la ntja.
***