KE LAPENG HABO MOHANUOA, MANTSIBUYA

(Modumo wa seyalemoya)
Mohanuoa:Moratuwa, ke rata ho o kopa ntho e le nngwe feela.
Mohanoe:Kopa feela moratuwa ke tla phethisa. Ntaele Morena, ke mofo wa hao.
Mohanuoa:Ke a leboha. Kajeno ke rata ha re ka etela mane tameneng, re ilo ithabisa ka ho nwa tse pedi feela.
Mohanoe:Atjhe moratuwa! ena ke kopo e thata, wa tseba nna le tai ha re kopane. Hona wena ke ho tloha neng o se o le motho wa makamotela?
Mohanuoa: (Ka ho qeka) Utlwa hle! Ke boithabiso feela ba kajeno, ho keteka kopano ena e monate.
Mohanoe:Atjhe moratuwa! ka maswabi ke tla hloleha, o ya tseba ke mahlalela, ha ke na letho!
Mohanuoa:O se ke wa tshwenyeha, ke tla lokisa tsohle. Dumela feela wena, tsohle di lokile. Ke sa tswa fumana tjhelete ya batswadi ya Road Accident Fund.
Mohanoe: (Ka pososelo) Ka thaba, ka utlwa monate. Re ka lokoloha ho leba tameneng.

***