KE TSELENG E LEBILENG LESOTHO, THAPAMA

(Modumo wa sephethephethe sa makoloi mebileng)
Nteo: (O tenehile) Nna wa tseba ke kgathetse ke ho mathela ha ngaka eo!
Manteo: (Ka ho makala) O bua jwang Nteo ka ngaka? Ha o a tshwanela ho kgathala, o morui tjena ka baka la yona.
Nteo: (Ka ho phoqa) Tloha mona! Ke ka mohau wa Molimo. Nna ke tenehile. A ko hore bahlomphehi ba tjena ka rona, ba boruting, bana ba ntlo ya thapelo. Manteo o ne o kenwe ke eng ho ya loya ‘lapa la Morwesi o be o qetelle o le timeditse? O tlo fella kae ka pelo ena e mpe ya hao? O morapedi a jwang?
MaNteo: (Ka ho phoqa) Tloha mona! o iketsa beterekofi. Wa ka ngwana o kae kajeno, a mong to! ka monwana? A ke re o bolailwe ke bona? Jwale nna ka ba fiela hanghang! Ba ne ba nqallang?
Nteo: Ha o swabe mosadi towe! O sebete. Ngwana eo wa batho o tla reng ha a utlwa hore ke rona ba bolaileng batswadi ba hae, a sa le monyane?
MaNteo: (Ka ho se tsotelle) Ke tab’a hae eo.
Nteo: Bona hona jwale re mathaka jwang le masiu, ho ya dingakeng, re bile re hloka le boroko. Ke hore o moloi wa nnete mosadi towe! O loile ntata Mohanoe hore a fetohe lehlena le kolobisang dikobo.
MaNteo: Ke ne ke mo ruta hore a hlomphe malapa a batho, le ho se rotele sehlahla se seng le se seng seo a kopanang le sona.
Nteo: Joo! wa tseba ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano re ntse re thesemetsa dikete ho nkgekge selemo le selemo.
MaNteo: Hopola taelo tsa ngaka. O itse ha re ka fosa dipokotho sehloho seo se tla wela rona.
Nteo: Nna ke tenehile. Nkabe re ahile lehae la bana ba dikgutsana ka tjhelete eo! Le ho thusa ba hlokang.
MaNteo: Thola o re tuu! Pele ke moo re e yang.

***