LAPENG, HABO MOHANOE, MOTSHEARE

(Modumo wa ho tjhesa sakarete)
Rasoeu: (O a phaphama) Monna, o se o le teng? Ke o qetetse o ya lebenkeleng.
Mohanoe:E se e le nako ke kgutlile Rangwane.
Rasoeu:Hei! ya tla ya ntshotla ena siki! O ithuse monna, o se ke wa tsuba, rona re ile ra thetswa ke metswalle re sa le banyane.
Mohanoe:Ya le thetsa jwang metswalle?
Rasoeu:Monna mehleng ya rona, ha re sa hola, re le bashanyana, ha o ne o sa tsube, o le lentswe le kang lena la hao, re ne rer e ha o monna o mosadi. Re ne re re kwae ke ya banna, le jwala.
Mohanoe: (O mo ja ditsheho) O ya ntsheisa Rangwane. Jwale be se le itehela feela jwalo?
Rasoeu:Eya monna, re ne re batla le hore lentswe le be kodu, jwale he e be o monna wa sebele. Ha o bua o ya utlwahala. Jwale kajeno ke qhwadile, ha nka dieha ho tsuba feela, e ntshwarisa diworisi, le borokwana.
Mohanoe:Hae Rangwane, e a o sotla e tlohele.
Rasoeu:Ho thata! Ha ho bonolo jwaloka ha o bua. Ke a rata, empa ho boima. E nqetile le matshwafo, o a utlwa ho lla matlere jwang ha ke ohlola?
Mohanoe:Nna nkampa ka dula ke le tjena, ho na le hore ke kgeloswe ke metswalle.

***