Ke hodile ke le ngwana a le mong feela hae. Ke le thatohatsi ya batswadi ba ka. Ke le yona naletsana e pela kgwedi, ke le moshemane a le mong feela. Ke hotse pela Mme feela, ka ha ntate wa ka a ile a hlokahala ha ke ne ke le lemo di nne. Mme o ne a dula a mpaballetse, a ntetemisa. Ke ne ke dula ke fumana ntho eo ke e batlang, ka nako eo ke e batlang, ho ba Mme o ne a na le tjhelete ka nako eo. E itse ha ke qala sehlopha sa pele, ke ne ke le ngwana a sa hlokeng letho sekolong, mme ha ke ne ke fihla lapeng ke re sekolong ba nkentse tjena, Mme o ne a potlakela teng ka ha a ne a sa batle letho ka mpowane ya hae.

Ke hotse ka mokgwa oo wa ho tefiswa. Ha ke ne ke le dilemo tse mashome a mane, Mme o ile a fellwa ke mosebetsi. Ke ha ke qala mokgwa o fosahetseng wa ho utswa hore ke be le dintho tse itseng tsa sekolo. Empa hohle sekolong ha ke ne ke utswitse, ba ne ba ntlaleha ho Mme, ba mo hlalosetsa hore ke utswitse. Ka ha ke entse phoso, Mme wa ka o ne a bona e ka ha ba nthate, hobane ke ne ke le motsho haholo ka mmala, ke le mokgutshane ho feta bana ba bang.

Ka le leng la matsatsi ke ile ka utswa mohala wa thekeng wa mosuwe ka phaphosing ya borutelo. E itse ha ke botswa hore na ke nna a utswitseng fonofono eo, ka halefela mosuwe eo, ka mmolella hore ha se nna, e bile a se ke a ntlwaela hampe. Baithuthi ba sehlopha sa ka ba ne ba maketse haholo, ka ha ba ne ba qala ho bona ngwana a hlapaola mosuwe ka tsela eo. Ba ile ba mpolella hore ke mekgwa e ditshila, mme ha ke na hlompho. Ke ile ka bolellwa hore ke tle le motswadi, hobane mekgwa ya ka e ne e se e fetella. Mme ha a fihla sekolong o ile a re ka kgalefo, “Ngwanaka o itoketse haholo feela, ha a utswi, e bile o a hlompha. Nkeke a buwa le mosuwe ka tsela eo. Ha le sa batle hore a kene sekolo mona, ho lokile, ke tla mo batlela sekolo se setjha ha selemo se feela”. Mesuwe le mesuwetsana e ne e makalletse hore kgathe ha ke le tje, ke nkile mekgwa e tje ho tswa ka lapeng? Bohle ba boneng ketsahalo eo ba ne ba maketse, mme ba ile ba re, “Tjhehe, ruri ngwana enwa ke seipone sa lapa la habo. Le moo ntatae a robetseng teng ke na le bonnete ba hore o swabile nko ho feta molomo.”

Mme o ile a tshepisa ho mpatlela sekolo se seng, empa o ne a se na bokgoni ba ho etsa jwalo. Ke ne ke se ke tlwaetse ho utswa. Ka le leng la matsatsi, Mme o ile a re ke hlape re tlo ya teropong, re ilo reka diaparo tsa hlabula. Ke ile ka etsa jwalo. Ra palama tekesi e lebang teropong. Hona ka moo ka tekesing, ke ile ka bona sepatjhe sa ntate a neng a dutsi pela rona, se nang se tjhelete, mme ka se hula ha sesane hore a se ke a utlwa. Ka utswa tjhelete eo e neng e le ka moo kaofela. E ne e le makgolo a robedi kaofela a diranta. Ntate eo o ile a lemoha ha a se a tlameile ho patala hore sepatjhe ha seyo. O ile a botsa ka isiZulu hore na ha ho na motho a se boneng na? Batho ba re tjhee, bona ha ba a se bona. Motho a neng a dutsi pela Mme, o ile a re o bone ke tshwere sepatjhe se tshwanang le seo monna enwa a neng a se hlalositse ka teng, empa ke ile ka pheha ka re, “Hobane nna ke le motsho haholo ka mmala, ke utswitse tjhelete? Ntho e nngwe le e nngwe e tsahalang, e mpe, hothwe ke nna. Hobaneng le sa mpatle tje? Hobane feela ke le motala, ha le mpatle?” Ke ile ka botsa dipotso tseo ke ntse ke lla. Mme le ena o ile a halefa haholo, a ba a hlapaola ntate eo ka ditlhapa tse tshabehang hampe. Batho ba ile ba nkutlwela bohloko, ba bang ba tlatsa ntate eo, hore a tsebe ho patala mokganni wa tekesi. Ntate eo, ka kgalefo, o ile a re ho nna, “Ke a tseba hore ha se wena a utswitseng tjhelete ya ka. Hape ke a tseba hore motho a e utswitseng a ke ke a hlaha. Se ke itse a fetelle, a be a utswe dintho tse sa hlokahaleng. Modimo eo ke mo rapelang ha se sethootho, ulibambe lingashoni.”

Mme o ile araba a re, “Ho lokile, le wena o tla le bamba le ngashoni, wena moloi towe wa moZulu. Ha o bone hore o sokela ngwanaka a sa etsa letho? O sele wena ntja towe ya moleko, o itekang?”

Ka pelong ke ne ke tshohile hampe, ke re monna enwa o bua mantswe a tshabehang ha kaakang. Pelo ena ya ka e ne e bile e dutse mona kgwebeleng. Mme wa ka o ile a mpotsa hore ke hantle na? Ke ile ka dumela ka hlooho feela, ke tshohile. Ha re fihla mabenkeleng, re ile ra reka diaparo tse ngata tsa hlabula le Mme, ra ba ra ithekela le dijo. Ke phetse jwalo ka ho utswa, empa Mme a ntse a mpuella ho batho bao ba ntlalehang. Ke ne ke se ke sa kgalemelehe, empa Mme le ena o ne a sa batle ho kgolwa hore ngwana hae ke leshodu.

Ha selemo se ntse se ya, ke ile ka utswa komporo ya mosuwe sekolong, ka ba ka lelekwa. Mme o ile a leka ho mpatlela dikolo hohle, empa ho ne ho se na sekolo se mpatlang, hobane rekoroto ya ka e ne e se e hlotse. Re ile ra bolellwa feela hore ha hona sekolo seo ke tlang ho kena ho sona, hobane mesuwehlooho ha e batle mashodu dikolong tsa bona. Mme o ile a fellwa ke matla, a re ke itulele lapeng. Ke ile ka aha setswalle le batho ba sa lokang motseng wa rona moo. Mosotho ya hlwahlwa o ne a nepile ha a re, “Bodibabotala ha bo okamelwe”. Re ile ra qala ho kenela batho ka matlong, re utswa dintho tsa bona tsa ka matlong. Ha batho ba tlo tlaleha, Mme o ne a rohakana, a ba jwetsa ka moo setjhaba se sa nthateng ka teng, e bile ba bolaileng ntate wa ka. Batho ba ne ba dula ba re jwetsa hore ka leleng la matsatsi ke tla llela motsotso, e bile ho tla nkga ho sa bola. Ne ke le hlooho e thata nna, ke ipolella hore ke tseba seo ke se etsang.

Nna le metswalle ya ka re ile ra rera ho ilo utswa lebenkeleng le leng, ka teropong. Tsatsing leo ho ne ho se na sephethephethe. Re ile ra ba le hona ho utswa di palamonwana, le tjhelete e ka etsang dikete tse mashome a mane a diranta. Ka ha re ne re tseba hore motse ke kgetsi ya masepa, ditaba tseo tsa hore re utswitse di ile tsa tlala motseng moo. Ra batlwa ke mapolesa letsatsi ho tjhaba le ho dikela ba sa re fumane. Mme o ne ntse a mpuella ho mapolesa, a re “Nna ngwanaka ha se senokwane ha ke tsebe hore masawana a na le a utlwa kae”. Ho fihlela ka le leng la matsatsi, re kena lebenkeleng la jwala re tlo utswa jwala, kgathe e mong wa metswalle ya rona o tla wa, a lemala. Athe moahisane wa lebenkele leo la jwala o tla letsetsa mapolesa, a re o utlwa e ka ho na le batho ba batlang ho utswa ka lebenkeleng le haufi le la hae. Ha ntse re leka ho thusa motswalle wa rona, ke hona moo mapolesa a fihlang, a re tshwara. Ke llile sa kgutsana ka koloing eo ya mapolesa, ke sa kgolwe se ntlhahetseng. Ke ne ke sa kgolwe hore nna ke ya ntlwanatshwana.

Ke ile ka letsetsa Mme, ka mmolella hore ke tshwere, e bile ha hona seo a ka se etsang. Mme o ile a tla a tlo mpona ntlwanatshwana. Ke ile ka mo jwetsa hore dintho tsohle tseo ba neng ba mo tlalehela tsona ka nna, hore ke ne ke fela ke di entse, e ne e le nnete, mme ke kopa a ntshwarele ka ha ke mo hloisitse ka batho. O ile a seka meokgo, a re feela ho nna, “Ke a tseba ngwanaka hore ke nnete o leshodu. Ke ne ke sa batle ho kgolwa hore ruri ke nnete hore o nkile mekgwa ya malomao, a ileng a hlokahala a utswa. Ke ne ke re ke a o sireletsa, athe ke a ipolaya le nna ka nnete.” Ke ile ka halefa, ka re “Empa hobaneng o ne o sa nkgalemele ha ne ke sa le ngwana? Hobaneng o ne o sa ntjhape? Ke tswile tseleng tjena ka lebaka la hao. O ne o re o a ntshireletsa, o a nthata, athe o nyela sediba. Ho na tjena ke ahlotswe dilemo tse leshome ka lebaka la hao. Hobaneng ha ne o sa nkgaleme, jwalo ka motswadi? Ke utlwisitse batho ba bangata bohloko ka lebaka la hao. Ke tjena ka lebaka la hao. Ke hloka kgalemelo tjena ka lebaka la hao.”

Mme wa ka o ile a bokolla haholo ha mapolesa a nkuka, a nkisa ntlwanatshwana e hole le motse, hobane makgistrata o ile a nkahlola dilemo tse leshome.

***