Barnaby o ile a letsa.

“Dlamini, ho na le sekgeo sa mosebetsi. Motshwantshi wa khamera sebakeng sa ntwa ka leboya. DRC, Mali, dibaka tse tlasa marabele. Ke monyetla o hlahang hanngwe feela bophelong ba motho. Na o thahasella mosebetsi ona?”

Ha ke a ka botsa hore na ke hobaneng sekgeo sena se bulehile. Ke ne ke tseba. Mosebetsi-mmoho le nna JP Dube o ne a thuntsitswe: hona jwale o robaditswe ho ICU sepetleleng se itseng Jozi.

Ke ile ka ya lapeng le ho phutha thoto ya ka. Ke ile ka tloha ke sa bua letho ho Joy. Ke tla reng ho yena? “Ke etsa sena ho boloka bophelo ba hao, lengeloi la ka. Ke o rata haholo mme le ha ho le jwalo ke ya o tlohela.”

Tjhe, nke ke ka beha dintho kotsing e jwalo. Haeba ke mmolella, o tla fumana tsela ya ho etsa hore ke fetole mohopolo wa ka. “Bona ke bohlanya, Daniel. O a tseba hore ha ke dumele dintho tse jwalo. Le wena ha o di dumele!”

Empa hamorao? Haeba re nyalane? Nako e nngwe le e nngwe ha re na le tsekisano, na o tla ntjheba ka mahlo a hae a tletseng tshabo? Ha nna ke phela ka tlhokofatso ya letsatsi le letsatsi ya hore mohlomong o tla ratana le motho e mong le ho ntahla jwaloka lemina? Ka tshabo ya letsatsi le letsatsi ya hore mohlomong, mohlomong pono eo e ka ba nnete?

Tjhe! Ena ke yona feela karabo. E, pelo ya hae e tla utlwa bohloko haholo mme o tla ferekana. Empa bonyane o tla be a phela. Bonyane ho ke ke ha ba le monyetla wa hore le ka mohla a bue mantswe ana: “Daniel, ha ho seo nka se etsang. Ke a mo rata, e seng wena. “O se nkutlwise bohloko hle, Daniel.”

Ke ile ka leba leboya ka dikhamera tsa ka: dikulong tse thuntshwang moyeng, diponong tse tshosang tsa madi le polao le mahlomola. Metse e tjhesitsweng ka mollo le baahi ba metsi ba bolailweng larita. Baphaphathetsi ba lahlehileng, ba tsamayang ditseleng tse lerole ba jere dipitsa tsa ho pheha dihloohong tsa bona, ha ba batla sebaka se bolokehileng– se siyo.

Ke ile ka nka ditshwantsho tsa difahleho tsa banna ba fellweng ke kutlwelobohloko. Le difahleho tsa masole a bashemane ba batjha ba dihlooho di kopaneng ka lebaka la dithethefatsi le lefu.

Ho na le matsatsi ao le neng le dikela ke sa ka ka nahana ho hang ka Joy. Masiu ao ke ileng ka lebaka lesoba pelong ya ka.

Hanngwe ka mora nako e itseng ke ne ke sheba di-imeile tsa ka.

Joy o ne a ngotse sena: “Kgutla, Daniel Dlamini, lekwala ke wena! O ntjhebe ka mahlong mme o mpolelle hore ho fedile pakeng tsa rona. Ke hona ke tla dumela.”

Ha ke a ka ka araba. Ha ke a ka araba le di-imeile tsa Tshepo.

O ile a ngola: “Monna, na o ya hlanya? E tlameha e be o ya hlanya ho lahla ngwanana ya motle jwaloka Joy. O sehlopheng se hlaheletseng ka mahetla jwaloka wa ka Lola. Empa o boemong bo bobe haholo. Ke ile ka mmona ka letsatsi le leng. Ho ne ho le hobe.”

Ke ile ka otla ke kulo lehetleng. Ke robatswa tliliniking e ditshila, e tletseng maphela, e etsang hore motho a phofe. Ke bile le ditoro tse tshosang bosiu le motshehare: Joy o ne a tuka mollong o perese, a lla jwaloka basadi ba metseng e tjhesang ke marabele. Empa bonyane bohloko ba leqeba la ka bo ne o hlola ka matla bohloko ba pelo ya ka. Ha ke fola, ke ile ka kgutlela meleng e ka pele ya masole a lwanang.

John Barnaby o ile a nthomella di-imeile: “Mora, o bohlale. Koranta ya New York Times e batla ho reka letoto la hao la moraorao la ditshwantsho. Botumo ba hao bo a eketseha! Sena se etsa hore o ikutlwe jwang?”

Ke ne ke nahana ka Joy, le kamoo re neng re tshwanetse ho tuma hammoho. Hore na o ne a ntse a ya jwang? Ke ne ke ikutlwa ke shwele ka hare bakeng sa letsatsi le le leng le le leng la dilemo tseo tse pedi. Ka dinako tse ding ke ne ke fumana ho le thata ho hopola hore hantle hore na ke hobaneng ke ile ka etsa qeto ya ho mo tloha.

***

Re bolelle hore na o nahanang: Na Joy o tla kgona ho hlaphohelwa le ho tswela pele ka bophelo ba hae?