S’bonelo o ne a se a nkemetse hekeng ya sekolo, hore re tle re tsube zolo tse mmalwa pele re leba hae. S’bonelo e ne e le kwatanyana e mona e sa hlompheng melao ya sekolo, haholo ha ho tluwa tabeng tsa diphahlo tsa sekolo. O ne a besale a tenne sekipa se sesweu bakeng sa ho kenya hempe e tshweu jwalo ka bana ba bang sekolong, a bile a sa rate ho kama moriri, a dula a rwetse dieta tsa diAll-Stars tse mmala o motsho le bosweu, empa e le e mong wa “batho ba mosa”. Setswalle sa rona se qadile ho tloha mohlang ke ne ke fihla mona sekolong sena sa Ikhethelo Secondary School, kamora hoba a ne a ile a nthusetsa ha ke ne ke lwana le ba bang ba bashemane ba ba holwanyane mono sekolong. Ra thusahala le ka hobane mahaborona a babile, a arohane feela ka sebaka se ka etsang dikilomitara tse 400.

Ke ne ke sa batle ho ilo tsuba kajeno, ke ne ke na le mohopolo o reng ke batle tulo e kgutsitseng ke tsebe ho inahanisisa hantle. Ha ntse re tsamaya jwalo, re lebile lebaleng la papadi ya bolo moo re tlwaetseng ho tsubela teng, ka tlelwa ke mohopolo o motle wa ho itshwasolla ho ena ntle le ho fana ka mabaka. “Ei mosha,” ka rialo ke se ke bile ke itshwara mona mpeng.

“Ke eng mosha?” S’bonelo a botsa.

Ke ile ka ema, ka shebisa sefahleho se seng monate ho ena, “Ke nahana hore ke ya tsholla, ke hloka ho ilo ithusa hona tjena. Ntshwarele, se ke tla le fumana hae.”

S’bonelo o ile a tsheha. “Hamba mshefane ungaze uzinyele!” a kgotsa.

Ke ile ka phakisa ka mo sia moo, ke ntse ke itshwere mpa ka letsoho le letona ha le letshehadi le ne le thibile ka dibonong ho etsetsa hore ke hle ke bonahale ke hlile ke tshwarehile. E itseng hore ke dikele, ka leba phaposing ya dibuka – ke ilo ba le hona ho inahana ntle le tshitiso moo. Mofumahadi Masemola o ne a ntjodieditse tsebe di tletse, ke ne ke sa ikemisetsa ho phoqa Nkgono hape.

Ke ile ka kena laeborari moo, ka ilo dula fatshe tulong e behetsweng ho bala. Ke ile ka bula buka ya dipalo, empa e itse ho so ye kae ke ha ke se ke thatafalletswe ke e nngwe ya dipalo. Ke ile ka qamaqamaka mme ka bona motho eo ke mo tsebang tafoleng e neng e le haufi le ya ka. E ne e le morutwana wa ngwanana e mong a neng a le motjha sekolong. O ne a le motshwana jwalo ka nna tjena ka mmala, a le monnyane ka mmele a bile a fasitse moriri sa letjhoba. O ne a bala buka e thonngweng bakeng sa dithuto tsa dingolwa, e ne e le pokello ya dipale bukeng e le nngwe, Cut-glass Bottles – ke ile ka bona ka jase ya yona.

“Phsss, ausi? Ek’se, phsss!” ka hweshetsa, ke leka hore a ntjhebe.

O ile a ntjheba, a be a bonya. “Dumela Thulasizwe, nka o thusa?” a mpotsa.

Ke ile ka makala hore o se a tseba le lebitso la ka, ka ba ka swaba hobane nna ke ne ke so tsebe la hae. Empa teng ha motho o dula o ntso kgalengwa kgafetsa batho ba tla o tseba.

Ka letswalo le thotseng ke ile ka atamela tafoleng ya hae. “Dumela,” ka rialo.

O ile a hlokomela hore ha ke tsebe lebitso la hae, a bobotheha. “Nna ke Hope Mnisi. Hobaneng ha o ntse ho hwelehetsa moo o ka be o ile wa tlo dula le nna?” A rialo.

Madi a ile a mathela sefahlehong. “Seswaswi se nna ka ho hloka boitshwaro, ke ne ke sa batle ho o kgathatsa, empa he ke hloka thuso ya hao. Ke tsieditswe ke mosebetsi ona wa dipalo oo re o neuweng hore re ilo o etsa hae, ke bona ho se moo ke yang teng ka bo nna, kelello ya ka e a lelera. A na o ka nthusa? Bokamoso ba ka bo matsohong a hao.”

Hope o ile a ntjheba ka ho makala. “O bolelang ka seo?” a botsa.

Ke ile ka mo sheba nakwana, ke leka ho bona hore nka mo tshepa na. “Mofumahadi Masemola o itse kgweding tsena tse tharo tse tlang o tla dula a mpeile leihlo, mme ha nkeke ka nyolla dimaraka tsa ka ka bonnyane bo lekanang le diperesente tse leshome lekgolong, hape ka itshwara hantle, o tla ntebela mona sekolong.

O ile a bidikisa mahlo, “Oo, ho tjho hore wena o a sokodisa!” A kgotsa. Empa mahlo a hae a ne a bontsha mosa le kutlwelobohloko, e seng ho mphoqa.

Ke ile ka ikutlwa ke susumelletseha ho mmulela sefuba sa ka, ka ha ke ne ke nahana hore o tla hlompha seo, mme a nthuse. Ke ile ka pholla seledu. “Ei Hope, tabataba ke hore ke ile ka bonwa ke ithabisa le ba bang ba mesuwe ya sekolong mane e batling e ba thaka tsa borona tjena.”

Hope o ile a phahamisa ntshi tsa hae sa marulelo a mokgoro. “Ka nnete seo se ka kenya mang kapa mang tsietsing. E etsahetse jwang?”

Ha ntse ke bua ke ne ke shebile dibukeng tsa ka tsa sekolo, hobane ke ne ke tshabana le ho tobana le mahlo a hae a matle, a sootho ka mmala a bile a hohela, hoo ke neng ke bona hore nka nna ka qwela ka hara ona ha nka ka dulela ho a sheba nako e telele. “Dintho di qadile kgweding tse mmalwa tse fetileng, ha ke ne ke tswa ha Ekuthuleni, kamora hoba ke ne ke ile ka tsuba zolo le S’bonelo le ba bang hape. E itse ha ke re ke tshela mmila o moholo, ka batla ke thulwa ke BMW e tshweu. Mokganni o ile a emisa koloi ka thoko ho tsela, a tswa. Ho bua nnete ke ne ke nahana hore o tla nkomanya, a be a ntjhape, empa ha a’ka a etsa jwalo.”

“Seo a ileng a se etsa ke ho kopa tshwarelo. E ne e le bosiu, ke tauwe ke matekwane, mme ke ne ke sa mmone hantle ho fihlela a atamela. Ke ile ka hlokomela hore ke Boniswa, mosuwe wa rona wa dithuto tsa lefatse, ka pososelo e mona ya hae e tletseng mofuthu. O ne a tshwere kgalase ka letsohong la hae le letshehadi. Ke ile ka re kaba ke metsi ha ke tla lemoha hore batho bao a tsamayang le bona ba ne ba tswere dino le bona. Ke ha ke etsa dipalo le nna,” ka nka kgefu.

Hope ke ha a bonya, yaba ke tswelapele…

“Ho ile ha fihla koloi e nngwe, BMW e ntseng e tshwana le eno ya Boniswa ka moetso. E ne e le motswalle e moholo wa ena Boniswa, Bhuti Vilakazi. Bhuti ke ha a re ke kene ka koloing ya hae. O ile a ntumedisa ka lebonyo le botlolo ya jwala ba sekgowa. ‘Awe boza, u grand?’ o ile a mpotsa jwalo ka ha e ka o ntseba ho tloha kgale. ‘Bamba, thela la! Sisayojika e shisanyama. Ngiyakena i boza eli grand njengawe vele liyaba gcwala nabantwana aba grand no gologo olu grand, nathi sithole ukuba grand’, a rialo a bososela sa motswalle a lerato eo ke qalang ho mmona. O ne a nthabetse hona hoo ke ileng ka tshaba ho hana.

“Re etetse tulo tse ngata hore mohlang’oo! Ke hopola re le mmileng wa Standerton, koloi e emisitswe ka thoko ho tsela hore re fahle mokgoditswane, ke ha motlakase o tla tsamaya. Ka moo ke neng ke ikutlwa ka teng, e itse ha ke lelatsa mahlo motseng weso, ke bona dinaledi di kgantshitse ha monate le kgwedi e ka e a haola, ka re ka pelong, ‘He mosha, motse weno ke ngwedi lefifing!’”

Hope o ile a tseha, “Ke pale e monate ha kakang bo, empa mphitise mona, wena o no sa bone hore ntho eo le neng le e etsa e ne e sa loka?”

“Ho bua nnete ha e a fihla le ho fihla monahanong wa ka,” ka twela.

O ile a hemela hodimo, ha a qeta a tsitsinya hlooho. Kamora motsotswana ke ha a oma ka hlooho. “Ho lokile he, Thulasizwe Dube, jwale he ke tla rata ha o ka tsepamisa maikutlo. Ke tshepa hore ha o a ikemisetsa ho kgutlela mekgweng eo e mebe hape hobane nna le wena re a ikana ho tloha mona. Re tla kopana mona mehlaena ha sekolo se’tswa, re tlo bala mmoho, akere?”

Ke ile ka bososela, tswalo le theohile. “Ke a ikana.”

Re badile mmoho ho fihlela ka hora ya bohlano mantsiboya, yaba re a arohana. E itse ha ke fihla Ekuthuleni ka fumana S’bonelo le bothaka ba bang ntse ba tsuba zolo lebenkeleng la Motopia. Ke ile ka tsuba le bona hobane matekwane ha a tshwane le jwala ho nna mona, a nthusa hore ke phuthulohe empa kelello ya ka e ntse e sebetsa hantle.

Ke ile ka jwetsa S’bonelo hore ne ntse ke bala le Hope. O ile a retelehela ho nna, “Mxm owo! O nahana hore ke setlatla nna. Ke a tseba hore o etsetsa ngwanana eo feela, ha o na taba le sekolo wena, ke a o tseba, o moshan’aka,” a rialo.

Ke ile ka kwata, yaba ke a tsamaya ke leba hae. Ha ke qeta ho mo furalla S’bonelo ke ha a keketeha. “Re tla bona!” a hoa. “Ha re betjhe ka twenti ranta hore o tla be o kgutletse boweneng hang ha ngwanana eo a ka o dumela!”

Re bolelle: O nahanang ka Hope? O nahana hore ho tlo etsahalang?