(Ke femeng, ba dutse mmoho, ba phoka tee)
Moroesi: Le setse le etsang bathong ha ntse ke kula, ke le lapeng?

Mantšetse: (Ka bonolo) Mme Moroesi re a leboha ho Ramaseli ha o boetse o kgutletse mosebetsing, o fodile hle!

Lisebo: Moroesi nneso Mantšetse o bua nnete, re thabile ha e le mona o na le rona hape. Bodutu bona ha ke sa bua.

Mantšetse: Nna ke ne ke hopotse tee e monate o re etsetsang yona, re enwang mmoho.

Moroesi: Ao hle! Athe le nna ke ntse ke etsa ntho tse kgotsofatsang batho?

Lisebo: Eya Moroesi. Wa tseba e ne e tswa ke nna pele, ra fetola mptjane ya e ba wena, ya re nnwe tee.

Moroesi: Ke a dumela, matsoho ha a tshwane.

Mantšetse: Jwale siki ke ena, ya o kena, ya e ba mona ha re nwa tee re qoqa mmoho. Hape batswadi ke bile lehlohonolo ho sebetsa le batho ba kang lona. Le a nkaha, le mpeha hantle jwaloka batswadi.

Lisebo: Le rona re a itebohela.

Mantšetse: (O a ema) E reng ke le siye, ke ilo lokisa tsa letsatsi la kajeno. E se e ka re ka qoqa letsheare kaofela. Le manejara o tla re re se re enwa nako e kae tee ena?

Moroesi: Ho lokile nnana, re tla kopana ka tinare.

Lisebo: Helang Moroesi, wa tseba ha e sale o le siyo kgwedi tse pedi mona mosebetsing ho ne ho le jwang?

Moroesi: Wa ba o qadile he Lisebo! Ke a kgolwa o setse o nyoboka ngwana enwa wa batho, jwale o se a tshaba ho bua ho nna.

Lisebo: Ae nneso, wa tseba ke fetohile.

Moroesi: Wena, fetoha? Le hara batho ke a o tseba o sele hampe. Ke makalletse le lethabo le mona sefahlehong sa hao. Ke la eng?

Lisebo: Hee mogel, o re o bona eng? Lethabo sefahlehong? E fela o se o ntseba bo!

Moroesi: Ha ho motho ya tla nrutang wena, ke o tseba jwalo ka ha ke itseba.

Lisebo: Mamela mokgotsi, wa tseba ke ithutile Mantšetse hantle. Wa hopola ke ne ke sa mo rate. E ne le teng hore ke masawana a ka, empa ngwana enwa a ba le pelo le mamello ya tsohle tseo ke mo entseng tsona.

Moroesi: (O a e tempella) Ke tseba hantle, e bile ke ntse ke o kgalema.

Lisebo: Bona chomi, ngwana enwa o kgona ho sebetsa le mang kapa mang, neng kapa neng, ho le jwang kapa jwang.

Moroesi: Ke nna ya mo tsebileng le pele ho wena.

Lisebo: Wa tseba dintho di ngata tseo ke di entseng le ngwana enwa, tse mputsing mahlo. Wa tseba kgale motho o ithetsa, o re o ya tseba, athe ho lefifi. Ngwana enwa o nthutile ho hlompha motho a leng monyane kapa a leng moholo. O seke wa nyatsa motho o qala ho mmona.

Moroesi: Kgale ke o jwetsa empa o sataladitse hlooho. E bile ha re eme, nako kgale e fitile ya ho qala mosebetsi, re tla di fokotsa ha e dumela. (Ba ema hanghang ho ya mesebetsing ya bona)