(Lapeng ha Thabo, ke mantsiboya)

Moroesi: Meleko e kwa mosebetsing!

Thabo: O qadile. O itse re qoqe ka malapa a rona.

Moroesi: A ko mamele hle! Ha e sale Moroesi a kgutla kwana Durban, a e tla le mohlankana, o etsa mehlolo feela mosebetsing.

Thabo: Kgale ke e bone ntho ena, ka hla ka hana di sa tloha feela.

Moroesi: O bua ka eng jwale?

Thabo: Le wena nka be o fumane mohlankana moo Durban, ke ka hoo o neng o ntse o thinyathinya ho mpolella tsa eo motswalle wa hao.

Moroesi: Butle ke thole! Ha ke tsebe ke ne ke kenwe ke eng ho bua ka eo Lisebo.

Thabo: Le ha o ka thola, ke se ke utlwile manyala ao a Durban kaofela, jwale ke ne ke batla ho ikgodisa ho tswa ho wena motswalle wa hae. Motswalle wa leshodu ke leshodu.

Moroesi: Tloha mona! a ko qoqe tsa mosebetsing wa hao.

Thabo: Se ke ipehile hantle, le ho utlwisisa se bolelwang ke bana ba terene ya degree Gautrain. Ha re utlwisiseng hore tekgenoloji e re bebofaletsa mosebetsi, ha ka hlakoreng le leng e fokotsa palo ya basebetsi, e leng ho phahamisa palo e hodimo ya tlhokeho ya mesebetsi.

Moroesi: O ne o tseba hore ke theotswe setulong sa ka mosebetsing, le Lisebo?

Thabo: Ae bo! ke taba tse ntjha tsebeng tsa ka tseo.

Moroesi: Kajeno ke motho a hlwekisang office, ha Lisebo e le motho a etsang tee.

Thabo: (O a tsheha) Ha ke tshehe ke a se fokotsa. Jwale ha re sa tla bona dipheme. Ke maketse meriri e benyang e ho kae, hlooho e se e dula e rwetse?

Moroesi: Lisebo o sitwa ho amohela ke o jwetse.

Thabo: Ae Lisebo! o tswa kwetlisong a ke re? O tlamehile ho se amohele.

Moroesi: Sekolo sa ntho e nngwe na nnyeo?

Thabo: Athe le ne le ilo etsa eng?

Moroesi: Lisebo o iketse monateng moo, a fuwa lengolo la botsotsi, ha a fihla mona hothwe etsa re bone ya ba ke dololo.

Thabo: Dololo jwang empa a pasitse hantle?

Moroesi: Ke re ha a tsebe le ho bula komporo ena, ya pala, o dula a le mabifi a seba ngwana enwa wa batho. O a lebala mehleng ya hae o ne a laela batho jwang, a sa rate ha ba tseba metjhini eo.

Thabo: Ae bo mosadi! Rona boThabo re ipehile hantle.

Moroesi: O swaba le ha ke re ngwana enwa a mo bontshe e sebetsa jwang. Ngwana enwa o mo jwetsa mehla ena hore o tlile a palame terene ya degree, Gautrain.

Thabo: Lisebo ha a amohele hore o kgathetse, a fe bana sebaka. Feme e mo beile moo hore e be leihlo, le ho tataisa batjha ka tsebo ya kgale, ba kopane e be ntho e le nngwe feme e tsebe ho tswela pele. Nna ke sebetsa hantle, ha monate, le tjhatjha ena. Re kopanya boko ba kgale le bo botjha. Batjha ba tla o jwetsa ka sikilisi le sepiriense.

Moroesi: Ae Thabo! hothwe Skills le Experience, hao le wena!

Thabo: Eya, yona ntho eo.

Moroesi: Mane Lisebo o dula a topotse.

Thabo: Ke ne ke le jwalo le nna, empa kamora ho tswa di wekeshopo, ke utlwisisa dintho ka nnete mohatsa’ka. Gautrain ke e thabetse. Ke ne ke itse ke ao lahla mosebetsi. Ka thuto ya Gautrain ke tla sebetsa ho fihlela dilemo tsa ka tsa mokgathala. Ba nthutile le tokelo tsa ka mosebetsing, ha pele nakong ya boPiet di ne di hatikelwa.

Moroesi: Jo! Wa tla wa thaba monna wa ka ke thuto ya botsofading. O a utlwa monate wa ho sebetsa ka tsebo le thupello? Nna ke leboha lesedi leo o mphileng lona mohatsa’ka. Viva Gautrain, viva!

Thabo: Viva terene ya degree, viva!