Pelo nkise maoto mpepe
Letswalo ntlohele, ke be sebete
Sebete sa ho beha Tau setswetse.
Ke itete sefuba sa ho moatamela
Seponono se dikoti marameng
Ngwana theka le sesane mmaka ditaba.
Ha ke o nahana ke kopana hlooho.
Ke o rata Lerato.
Pelo yaka e hana ho phomola.
E dumaduma ka wena bosiu le motsheare.
Ha ke o bona pelo yaka ya tlolatlola.
E tlola tlola sa namane e bona MMA Yona.
Ha o ka nkgana nka shwa ka ikepela.
Ha o ka ntahla nka shwa ka ikepela.
O tlabe o nrobile pelo
Ebile o sa e roba fela.
O tlabe o e ranthantse.
Ke re o e rasperile jwaloka beteruti.
Ke hlolwa ho itaola ke pelo
E ntaela hore le hara sebopi ke kene.
Ha fela nka pholosa wena
Lerato la pelo yaka.