O Mang ?

O mmopi Ramasedi

O mmopi wa lehodimo le lefatshe

Lehodimo le hodimo moo o dulang teng le dipobuwa tse ding tsa hao

Lefatshe le fatshe moo ho dulang teng rona batho.

O mmopi wa batho le diphoofolo

Batho ba bopuweng ka sona tshwantsho sa hao

Diphoofolo tse mefuta tse tletseng lefatshe.

O mmopi wa letsatsi le kgwedi

Letsatsi le bohlokwa ,le fang dimela bophelo

Kgwedi e ntle e bontshang matla a hao a ho bopa .

O mmopi wa motsheare le bosiu

Motsheare o re fang monyetla wa ho leka hape bophelong

Bosiu bo re fang monyetla wa ho phomotsa kelello le mmele .

O mmopi Ramasedi !