Kgosatsana
Ke eme tsullung ya thaba,
Ke tadima dinonyana ha di bina,
Ke utlwa ka lerato, pelo ya natefelwa,
Wena lerato ke o ama ka matsoho,
O kgosatsana ya thesele o bopehile,
Ha ke o tadima ka mahlong ka natefelwa,
Ke bona lelakabe la lerato ka natefelwa,
O mosadi ya ratehang ka botle ba hao,
O seilatsatsi mosadi ya botle bo boreledi,
O naledi e phatsimang e kganyang,
O phatsima jwalo ka kgauta,
Wena o taemane, o ya rateha, o kgethehile,
Pelo ya ka ya ba tsweu jwalo ka lehlwa,
Ha e le setsheho sa hao sona se kgethehile.