Ke thokolosi,bo kgutshwane
Ke lekhishwa, bophelo bo a baba,
Ke meutlwa,bo a hlaba,
Bophelo ke joko e boima,
E jarwang ka mathata kamehla,
Bophelo ke qaka,e raraneng,
E rarollwang ka lerato.
Empa ha re ntse re kopana kaofela,
Re sebetse ka ho tshepana,
Bo bolelele sa lehodimo.
Ke dinotshi,di a hlabosa,
Ke joko e bobebe,e jarwang ka Thabo,
Ke phepha e hlwekileng,
Ke kgauta,bo a kgotsofatsa nnete,
Ke hakwe la bohlokwa,
Bona bo a rateha
Ke qhonosheane,ke setshabelo,
Mosireletsi wa ya tujwang
Motswalle wa mohlomohi.
Ke bua ka bophelo.