Mosotho o ne a nepile ha are “Mamello e tswala katleho.” Motsaneng o monyane haufi le nokana esa tebang ho ne ho nale kgarebe e ntle haholo. O ne a dula le mmae le ntatae mme bobedi ba bona ba sa sebetse. Lelapa le ne le hula ka tlhako tsa morao.

Naledi o ne a kena sekolo mme o ne a fapane le banana ba motsana oo. Naledi o ile a nale ditabatabelo tsa kgolo ka bophelo ba hae mme. Ha mmila o ntse o puta, Naledi o ile phethela lengolo la hae la bongaka ho engwe ya di university tse kgolo Gauteng. Naledi o ile a nywalwa mme a hlohonolofatswa ka masea a mabedi a bashanyana. Bana ba ile ba hola mme naledi a ba le lelapa la hae. Banana ba motsana ba ile ba kgahlwa ke mamello eo Naledi a bileng le yona kgolong ya hae.

Naledi o qetelletse a ahetse mmae le ntatae ntlo e kgolo ya dikamore tse robedi mme ba ne ba thabile haholo . Batswadi ba ile ba hlokahala bobedi ba bona, mme sena se ile sa ama Naledi ha bohloko . Bophelo ba hae bo ile ba fetoha hanghang.

Naledi o ne a dula a hopola mantswe a mmae mme a ikokotlela ka ona “Mamello e tswala katleho ngwanaka.” Naledi o ile a fela a etsa jwalo a ema. O ile a phela ha monate mme a amohela.