Amapiano ba ikopa malapeng a bona ka Labohlano pele ho Moqebelo wa makgaolakgang ha ba tswa sekolong, hore ba tla robala ha nkgono wa Pinky jwalo ka ba ne ba buisane. Ha fela ha eba jwalo.
Pinky moetapele wa bona, a ba kwalla ka phaposing ya hae ka hora ya borobong ho lekola ha tsohle tseo ba di hlokang di feletse. “Sefehlefehle sa nakedi ke sena, lejwe le lesehla ke lena ka hara mokotla wa letlalo, ditsebe tsa tadi ke tsena. Lumka o kae mohlehlo wa katse e ntsho?” Lumka a qamaka ka hara mokotlana wa hae wa sekolo oo a tlileng a kentse diphahlo le dintho tse hlapang ka hara ona.

“Lumka se ke wa re ferekanya hle! O itse malome wa hao ya hlahang Lesotho o na le dikatse tse ngata o tla mo kopa e le nngwe, jwale di ntshang mokgotsi?” Lerato a mmootsa a ntse a tsikinya hlooho. “Butle ke se kentse tlase ka hara mokotlana, ke se phuthetse ka polasetiki e ntsho,” ke Lumka eo.
A kenya letsoho ka hara mokotlana a tla le polasetiki e ntsho yaba ’mmmmmmm’ bohle ba ikwala dinko ba swenya. “Jooo, athe dikahare tsa katse di nkga hampe tje, sies!” Lerato wa sebueng a bua a ikwetse dinko.

Ha metsotso e le mashome a mararo pele ho hora ya leshome le metso e mmedi bosiu, banana ba apara mofuthu. Ba ne ba buisane ka diaparo tse ntsho hore ba se bonahale lefifing la bosiu mabitleng. Ba tswa bohle ka fensetere ba nanya , ba siya fenstere e butswe hanyane hore ha ba kgutla ba kene ka yona habobebe.

“Promise jwale o isa kae thipa e bohale eo?” ho botsa Dima a maketse.
“Ke bosiu re tlameha ho itshireletsa ha re kopana le dikebekwa ausi,” Promise a araba a kenya lemekwane la hae ka sefubeng. Dima a tsheha a re, “O nahana hore dikebekwa di teng ka mabitleng, di tlo utswa bafu?”
Ba tsamaya ho ya fihla mabitleng a lekgalong la Pete moo ho thotseng ho itse tuu! Ho utlwahala feela medumo ya dikokonyana tsa bosiu. Ba ya ka lehlakoreng leo Bahale ba Kofifi ba boloketsweng teng, ba ema ka hara mabitla ho itokisetsa taelo ya Bra Jakes.

Nako ya otla hora ya leshome le metso e mmedi ka kgitla. Ba kopanya lejwe le lesehla le ditsebe tsa tadi, mohlehlo wa katse ba futswela ka sefehlefehle sa nakedi ka hara mokotlana wa letlalo. Ba qala ba bua mantswe ao ba a laetsweng ke Bra Jakes hore ba a bue ha ba ntse ba tsukutla mokotlana.
“Sekopenese chuniki!” ba e pheta makgetlo a supa bohle. Eitse ha ba thola, ha tlala mohudi wa mariha. Ha utlwahala phala e lla e tswa hole e ntse e atamela, modumo wa mehato ya maoto e latelwa ke mantswe a basadi ba bina pina ya kofifi e reng “Kwela kwela…. Kwela mama,kwela kwela”. Ha ba mamedisa hantle ba utlwa mantswe a banna le bona ba bina mmoho ba ntse ba atamela.
E ne le Bahale bahale ba Kofifi ba tsohile bafung, hara bona e ne e le ntate Kippie Mohutsi, a ba dumedisa a re, “eita daar, ke utlwa ka moya hore le batla ho tshwana le rona, le batla ho ithuta ka kofifi”.
Bahale ba Kofifi ba ile ba ruta Amapiano ka bonono le botjhaba le hore motjeko wa kofifi o tswa kae. Lerole le ile tlala ka hara mabitla ha Bahale ba Kofifi ba kwetlisa Amapiano bakeng sa makgaolakgang. Mphahlalatsane naledi ya meso ha e hlaha Bahale ba Kofifi ba nyamela ka hara mabitla, mohudi wa fela.
Banana ba Amapino ba potlaka ho ya hae pele ba bonwa ke batho. Ba ne ba thabile ebile ba tletse tshepo ya hore ke bona ba tla hlola mohope wa tlhodisano ya motjeko.

Hlalosa ka botlalo seo ba ileng ba se etsa mabitleng ha nako e otla hora ya leshome le metso e mmedi.