Ha utlwahala modumo o moholo ha dihlopha tsa motjeko tsa Motseng wa Kagong di kena ka hara ntlo lehalahala ya Phatsimo, moo ba neng ba menngwe ke akhademi ya metjeko ho kenela kopano e mabapi le tlhodisano ya selemo le selemo ya motjeko, ka Labohlano la Pudungwana ha e hlola matsatsi a mahlano. Letsatsi le ne le t tjhesa motjheso o ntshang kwena bodibeng.
Ho ne ho tlile dihlopha tse fapaneng tsa metjeko, le bommamoratwa ba Kagong ba dihlopha tse pedi e leng Amapiano le Stanamo ba ne ba tlile kopanong, ebile ba dutse ditulong tse ka pele. Ka pela bona ha atamela mofumahadi ya apereng mose o motelele, o mokgubedu ka dikwaekwae tse ntsho, a rwetse diborele, e leng mongodi wa Akhademi ya motjeko, mme a nka sebuela hodimo a re, ‘’Dumelang dihlopha tsa Kagong, ke a tshepa le phetse hantle , nna ke Mofumahadi Phakedi ho ba sa ntsebeng, bongata ba mpitsa Mme Phaks. Le a tseba hore selemo ha se eme tjena, ke nako ya tlhodisano ya rona ya selemo, moo teng re tlo fana ka moputso ho sehopha se itlhommeng pele ho tsa metjeko ka hara motse wa Kagong. Letsatsing la kajeno ha ke tsamaye ke le mong, ke tsamaya le Monghadi Makekema e leng mookamedi wa akhademi ya rona.”
Dihlopha tsa emisa Monghadi Makekema ka lehofi le leholo ho bontsha tlhompho le kamohelo e mofuthu ho yena.
“Dumelang dihlopha, ke a leboha ka kamohelo ya lona batjha ba Kagong. Selemong sena tlhodisano ya rona e na le melao le dipehelo,” ho buwa Monghadi Makekema a ingwaya qoqotho.
A tswela pele a re, “jwalo ka ha re tseba hore selemong sena re ne re keteka dilemo tse mashome a mararo tsa tokoloho Afrika Borwa, le rona jwalo ka Akhademi re tlilo keteka tokoloho ka ho ikgopotsa histori ya motjeko. Dihlopha tsohle tse tlo kenela tlhodisano di tlameha ho hlodisana ka ho tjeka motjeko wa kgale. Ha e felle moo, moputso wa selemong sena ke…”
Ba rotola mahlo mme ha kgutsa ha re tu Ka hara ntlo lehalahala! Bohle ba ne ba batla ho utlwa hore moputso ke bokae. Monghadi Makekema a tswela pele, “La tla la thola ha monate, moputso ke milione o le mong wa diranta’
Yaba ho tlola melodi le medidietsane, ba opa diatla ba thabile. Dihlopha tsohle di ne di ipona ebile di dumela hore e tla ba bona bahlodi ba tlhodisano. Sehlopha se seng le se seng se ne se tshwanela ho etsa dipatlisiso ka histori ya motjeko wa kgale mme ba fumane motataisi ya tla ba rupella ka mofuta wa kgetho ya bona . Tlhodisano e nka feela mekgahlelo e mmedi e leng seka makgaolakgang le makgaolakgang. Eitse ha kopano e fela dihlopha tsa ikgobokanya ho itsheba hore ba tlo sebetsa ka thata jwang tlhodisanong ena.
Amapiano e ne e le sehlopha sa banana ba bahlano feela, e le Pinky, Lerato, Dima, Promise le Lumka.
Sehlopha sena e ne e le sona se tlwaetseng ho hapa dikgau tsa tlhodisano ena. Sehlopha sa Stanamo sona se ne se dula se nka maemo a bobedi. Dihlopha tse ding di ile tsa ipolella hore di tlile ho sebetsa ka thata hore ba hlole bommamoratwa bana ba babedi.
Amapiano ba ile ba kgetha mofuta wa motjeko wa kofifi ho etsa pontsho ya bona, mme ba tla ya lekgalong la Pete ba ilo batla monna ya neng a tumme haholo ka motjeko wa kofifi e leng Kippie Mohutshi. Ba mo kope hore e be morupelli wa bona.
Kippie o ne a tumme haholo hobane o ne a na le ntlo ya boithabiso moo ho neng ho bapalwa mmino wa kofifi, mme batho ba neng ba tswa hole le haufi ba ne ba tlala teng mafelong a beke.
Dibini le tsona di ne di etsa dipontsho, ho tjekwa ho le monate. Sehlopha sa ntate Kippie se ile sa thewa teng ntlong eo ya hae, mme sa bitswa ‘Bahale ba Kofifi,’ kapa ‘BBK’.
Pinky, eleng yena ya eteletseng pele Amapiano o ile a ntsha tjhelete ya sehlopha e beetsweng ka thoko bakeng sa mabaka a tshohanyetso. Ba emisa tekesi hang ha ba tswa ka jarate ya ntlo lehalahala ya Phatsimo ho leba lekgalong la Pete.
Ba theoha moo ba lebisitsweng teng ke mokganni wa tekesi mme a ba supisa ntlo e kgolo e tshweu hore ke teng ha ntate Kippie Mohutshi. Ba theoha ba potlakile ebile ba ntse ba ikwetlisa hore ba tla reng ha ba fihla ho mohale wa kofifi. Eitse ha ba fihla hekeng ya eba, “Emang hanyane re buweng, ha re fihla moo ke nna ya tla beha taba ya hore re bomang le hore re tswa kae,” ho bua Pinky.
“Hobaneng? Le rona re batla ho bua le mohale wa kofifi. Ere e be nna ya mo kopang hore e be motataisi wa rona, mmmmm ….. ke a ipotsa hore dilemo tsa hae di kae, le nahana o ntse a tseba ho tjeka tje?” Ke Lerato eo, a beile bosesane le ho bua haholo.
“Ha re yeng hle ntse re senya nako, nna ke tatile. Mang le mang o tla fumana monyetla wa ho bua re be re nke le dinepe, ha re keneng ka kopo,” ke Dima eo a tsebahalang ka bonolo le ho rata kgotso.
Ka ntle ba amohelwa ke ngwanana ya ka bang dilemo tse mashome a mabedi a ntse a hlatswa diphahlo. “Dumelang, ekaba ke ha ntate Kippie mo?” ho botsa Pinky.
“Eya ke teng, ekaba ke bomang ba batlang ntatemoholo wa ka, le hona ke mabapi le eng?” ho botsa ngwanana a inamoloha, a hlakola matsoho ka mose oo a neng a o apere.
“Tshwarelo ka ho sa itsebise, ya buang mona ke Pinky, ke tsamaya le Lerato, Dima, Promise le Lumka. Re tsebahala ka sehlopha sa motjeko sa Amapiano ho tswa motseng wa Kagong. Re ne re….”. Le pele a qetela puo ya hae Lerato a be a mo kena hanong, “Re kopa hore ntatemoholo wa hao a tlo re ruta ho tjeka ka kopo hle,, re hloka ho hlola tlhodisano ya selemo ya motjeko, , ke a o kopa hle, bua le yena,” a bua ka potlako a tshwere letsoho la ngwanana.
“Ha re keneng ka tlung ke le hlalosetseng,” ngwanana a bua jwalo a ba etella pele ho kena ka tlung, mme a ba fa ditulo ka phaposing ya baeti. “Ha le batho ba pele ho fihla mona le batla ntatemoholo Kippie, boraditaba le batho ba dikoranta ba dula ba tlile lapeng. Ke maswabi ho le tsebisa hore ntaemoholo Kippie Mohutshi o na le dilemo tse ka bang leshome a hlokahetse, ka mora ho kula hanyane, ke makala hore boraditaba ha ba ngola letho ka yena ho tsebisa setjhaba, empa ntatemoholo a ne a tumme.” Ngwanana a hlalosa jwalo a inamisitse hlooho. Ha kgutsa tu!.
“Re lebohela nako ya hao, sala hantle. Ha re tsamayeng ,” ho bua Lumka kaha bohle ba felletswe ke puo ebile ba kgeletse dikeledi.
Ba tsamaya ba thotse ho fihla mmileng moo ba neng ba ilo emela tekesi ho kgutlela morao Kagong.
“Ke na le leqheka,” ke Promise eo, bohle ba ne ba mo tseba a sa bue haholo empa e le motho wa maqheka. “Bua re utlwe, o sa emetseng,” Lerato a bua a kgaruma.
“Re a tseba hore Dima o ratana le Thabo wa sehlopha sa Stanamo,” a tswela pele Promise. “Ha re sebediseng Dima jwalo ka sehlola hore a botse Thabo ka motjeko wa bona. Kaofela re a tseba hore ha re sa hlole, diStanamo ke tsona tse tla hlola .”
“Ya pota ngwetsi, o batla ho sebedisa dikamano tsa ka le Thabo hore le hlole? Nkeke ka e etsa taba eo,” Dima a bua a halefile.
“Dima, nahana ka milione ya diranta hle, ke lona feela leqheka,” ho tlatsa Lumka.
“Mokgotsi, e tla sebetsa hle. Etsetsa sehlopha. Thabo ha a no tseba le kgale, e tla ba pinyane ya rona Amapiano, re a tshepisa,” Pinky a dumellana le bona.
“Ke tla inahana , empa ha ke tshepise letho,” Dima a bua a emisa tekesi mme bohle ba palama ho leba malapeng a bona.
Dihlopha tse pedi tsa motjeko tsa Kagong ke dife?