Ha Teboho a palama tekesi e yang Joburg, a nahana ka mme wa hae le se tla etsahala ha a ka shwa. Na ke tla mo fumana motho eo eo ke nahanang hore ke Mohau? Ke tla reng ho yena mme o tla nkarabela jwang?

Mohala wa hae wa lla. A makala ha a utlwa hore ke mang, ke Kedibone. A e sheba nakwana, kelello ya hae e sebetsa ka matla. Ke tla reng ho yena? Na o sa ntse a nkgalefetse? Ke ne ke lokela ho mo letsetsa pele.

Founu ya kgaotsa ho lla. Empa ka mora metsotsonyana e mmalwa ya qala ho lla hape. Ke Kedibone hape.

Ka ho qeyaqeya jwalo, Teboho a araba: “Dumela.” Pelo ya hae e ne e uba.

“Dumela … Teboho.”

Motsotswana feela ba kgutsa.

“O utlwahala eka o ka koloing Teboho.”

“Ee, ke ka tekesing.”

“Oh … ke a utlwa. O hantle leha ho le jwalo?”

“Ee ke a ikela Kedibone. Wena?”

“Ke utlwile hore mme wa hao o kene sepetlele hape.”

“Ee, empa ke tshepa hore o tla loka.”

“Empa keng o sa mpolella?”

“E ne e le hona ke tla o jwetsa, ke hore feela…”

“Eng? O nahana hore ke o kgenetse?”

“Ee. Ke maswabi ha ke sa tla ho wena ho kopa tshwarelo … kapa hona ho o letsetsa.”

“Tjhe, Teboho. Mohlomong ke nna ya neng a hloka ho etsa jwalo.”

“Empa ke nna ya o halefisitseng. O lekile ho nthiba empa ha ke a ka ka mamela.”

“Ke utlwile se etsahetseng mme ke a tseba o ke ke wa qala ntwa ka lebaka le fokolang jwalo. Ke hobane feela ha ke rate ho bona motho eo ke mo ratang a lwana. Lekgetlo la ho qetela ha ke bona motho eo ke mo ratang a lwana o ile a shwa … mme e ne e le … ntate wa ka.”

Teboho a bipetsana hanyane mme ba kgutsa nakwana. “Ke maswabi ho utlwa seo Kedibone!” Lentswe la Teboho le tiile, empa le tlase.

“Ke tshepa hore mme wa hao o tla hlaphohelwa kapele, Teboho.”

“Ee, ke tshepa jwalo le nna Kedibone.”

“Ke tla o letsetsa hape. Thuto ya ka e haufi le ho qala. Ke ne ke batla feela hore o tsebe ha ke a o kgenela.”

“Kedibone, ke lebohile haholo ha o ntsebisitse seo. Ke ne ke tshwenyehile haholo!”

“Ke a o rata, Teboho.”

“Le nna ke a o rata, Kedibone.”

*****

Teboho a kena Newtown jwale. Ke elwa a feta Market Theatre mme a kena keratjheng e seterateng se latelang. Jwale ha a lemoha hore mosebetsi wa hae wa ho tsoma Mohau o qadile, a ipotsa: Ebe nka kena feela ka botsa ka yena? Empa ke tla reng ha ba mpotsa hore ke nna mang?

A hopola pale eo motswalle wa hae Zama a kileng a mo phetela yona ka moshemane ya neng a ipitsa mora wa monna e mong wa morui le ka moo a tshwerweng ka teng ka leshano leo la hae mme a tlameha ho bua nnete hore o ne a mpa a batla tjhelete ya monna eo wa morui feela mme o rometswe ke mme wa hae.

Teboho a ema jwalo a ferekane, a tshepile hore o tla bona monna eo kantle. O tshaba ho ya mo kopa ho tswela kantle. Ha feta hora. A emela nako ya dijo tsa motshehare empa ha se etsahale letho mme ha se be le motho ya tswang. O lapile jwale, a etsa qeto ya ho ya tlase Jozi mme a tantshetse batho hore a fumane tjhelete ya ho reka dijo, hobane o na le tjhelete e lekaneng feela hore a kgutlele lapeng.

A kgona ho fumana sebaka hukung ya Bree Street mme a tantshetsa batho ba fetang ka tsela. Ba mo lahlella tjhelete e ngata. A etsa qeto ya ho reka dijo keratjheng ela moo a neng a eme teng. Ha a kena ka lebenkeleng a dula a qamaka, a tshepile hore o tla bona ‘Mohau’. Ha ho monna ya tshwanang le Mohau ya bonahalang. A kgetha bunny chow e thoustilweng mme a reka le jusi ya mango. A lefa motjhining mme a ya kantle ho ya ja, a ntse a lebeletse ka hloko.

Ka ho se lemohe hore o dutse sebakeng sa ho paka, a tshoha a se a tlolela hodimo ha 4×4 ya Navara e mo letsetsa hutara hore a suthe. Moqhobi a tswa ka koloing mme Teboho a lemoha hore o nkile ditokomane.

Ha monna eo a thinya ho sheba moshemane eo a mo letseditseng hutara, mahlo a hae a kopana le a Teboho. A tjamela Teboho nakwana. Ke yena!

Ebe nka mo jwetsa hona jwale? Ke tlamehile! Ke oona feela monyetla o ke nang le oona! Empa ke tla reng? Jwalo ka moropa, pelo ya Teboho jwale e otla ha bohloko ka ditsebeng tsa hae.

“Dumela moshemane wa ka, nka o thusa?” monna eo a botsa, a lemohile ka moo Teboho a mo tjametseng ka teng.

Teboho a mo shebisisa. Ditshobotsi tsa hae di tshwane le tsa monna elwa ya fotong. O motsho ka mmala, moriri wa he o mokgutshwane, mme o molelele hape o apere ka bokgabane. Empa a ipotsa, ho tla etsahalang haeba ha se Mohau?

A iteta sebete sohle seo a ka se kgonang hore a bue le yena, a kga moya mme a re: “Ee Monghadi. Ke batlana le Mohau, ya tswang Roma kwana Lesotho.”

Moona eo a sheba Teboho a se a qahamisitse dintshi mme makalo e bonahala sefahlehong sa hae.

“Mme wena jwale o mang, mohlankana?”

Ha a botsa jwalo, Teboho a kgona ho utlwa tsela eo a buang ka yona hore o tswa Lesotho.

“Lebitso la ka ke Teboho. Mme wa ka ke Pontsho ya tswang Roma kwana Lesotho empa jwale o dula Protea South.”

Moditjhaba enwa a bonahala a maketse mme Teboho a bona eka o leka ho hopola hore na mosadi ya bitswang Pontsho ke mang.

“O nepile. Lebitso la ka ke Mohau mme ke tswa Roma kwana Lesotho, empa ha ke eso utlwe ka Pontsho bophelong ba ka.”

Menahano ya tlolaka ka kelellong ya Teboho. Mohlomong mme wa ka o nthetsitse? Empa lebitso la hae ke Mohau. Ke seo mme wa ka a mpoleletseng sona. Ehlile ke yena eo ke mo batlileng!

Ha a kgone ho arabela monna enwa.

“Moshemane wa ka, ke nahana hore re ilo dula thokonyana mane re bue. Ere ke behe difaele tsena ka ofising ya ka.”

Teboho a mmoha ha a tsamaya mme a fihla a kena ka lebenkeleng la keratjhe, a kgutla le dibotlolo tse pedi – e le nngwe ya jusi mme e nngwe e le ya metsi – mme a fa Teboho jusi.

“Ha re buele ka koloing.”

Ke lekgetlo la pele Teboho a kena ka koloing e jwalo ka ena, koloi e nang le ditulo tse mabothobotho. Monko wa yona wa mo jwetsa hore e sa ntse e le ntjha. Monna eo a kwala fenstere mme jwale a kgutsa. Teboho a bula jusi mme a nwa hanyane. Ha Mohau a ntse a mametse, a qala ho mo phetela pale ya hae, a le lesisitheho qalong, empa a nna a eketsa ho itshepa ha ntse a tswela pele.

“Lebitso la ka ke Teboho mme Pontsho ke mme wa ka, ke yena feela motho wa heso eo ke mo tsebang. Ke phetse le yena Protea South dilemo tsohle tsa bophelo ba ka tse leshome le metso e supileng, ka phapusing e le nngwe ya mokhukhu. Ke qadile ho mmotsa ka lelapa la heso ha ke lemoha hore metswalle ya ka e dula e bua ka malapa a bona mme nna ha ke na pale eo nka e phetang hobane ha ke eso ba bone. Empa jwale ka nna ka tswela pele ho bona monna enwa ditorong tsa ka le dithaba tseo ke neng ke eso ka ke di bona bophelong ba ka. Ka dula kke botsa mme wa ka empa ho ne ho se monate hobane ha ke tswelapele ho mmotsa, o ne a halefa le ho feta. Empa jwale, hobane o a kula, o mpolella hore o tswa Roma mme o ne a o rata yaba o tla Johannesburg ho tla o batla, Mohau. O mpoleletse hore rakgadi wa hao o o fumanetse mosebetsi mona Afrika Borwa empa ha o a ka wa kgutla ho ya ba bona.”

Mohau a bula botlolo ya hae ya metsi mme a nwa. A kopanya dintlha mmoho. O nyarohile haholo; ha a kgone ho dumela seo a se utlwang. Ha feta nako e telele ya ho kgutsa, yaba o a bua.

“Ke ne ke mo tseba e le Kelebohile. Ke mmatlile mona Johannesburg kamora hore nkgono wa hae a mpolelle hore o tlile mona ho tla mpatla. Ke ne ke sa tsebe hore o imme. Joburg ke toropo e kgolo; ke ne ke sa tsebe le hore ke tla qala hokae empa ka mmatla. Haeba ke ne ke tsebile hore o fetoletse lebitso la hae ho Pontsho nka be ke mo fumane mohlomong. Mohlomong o entse jwalo hore a qale bophelo bo botjha, thoko le mahlabisa-dihlong.”

Teboho ha a kgone ho itshwara, a lla jwale. Mohau le yena o bonahala a amehile.

“Se ke wa lla moshemae wa ka, o mphumane jwale. Ke batla ho mmona. O hokae?”

“O sepetlele … ha a phele hantle ho hang.”

“Ha re ye!”

Ba kena koloing mme ba ya ka kotloloho sepetlele. Teboho o thabile empa o imetswe ke hore qetellong o fumane Mohau. Ba potlakile haholo mme ha a utlwisise le hore ke hobaneng Mohau a ne a sa tsebe ka yena. Empa nako e tla fihla hore ba bue ha morao.

Ba fihla sepetlele mme ba ya ka kotloloho wateng. Kgaretene e kwetswe ho potoloha bethe ya Pontsho. O bonahala a ile le maidiidi. Mohau a salla morao, a sa batle ho mo tshosa.

A tshaba hore o se a imetswe hoo a ke keng a hlola a mo utlwa, Teboho a hweshetsa, “Mme, lebitso la hao, na ke Kelebohile?”

“Ee ngwanaka,” a bua ka lentswe le fokolang mme a sa kgone ho dula a fadimehile.

Mohau a thinyetsa ho morahae. “Teboho, re tlameha ho mo isa Lesotho, ha habo le ho batho ba habo pele a re siya.”

Ngaka ya bolela hore nako ya baeti e fedile. Mohau a ya ho bua le yena.

“Ntshwarele.”

“Ee mongahadi, na nka o thusa? Haeba o kopa ho dula nakwana ke maswabi, monghadi, ha ke kgone ho o thusa.”

“Ke batla ho tseba feela hore na nka kgona ho nka mosadi enwa ke mo ise ha habo Lesotho.”

“Hajwale boemo ba hae ha bo botle … empa mohlomong … ha a ka tsitsa hanyane.”

“O nahana hore seo e ka ba kamora nako e kae?”

“Mohlomong kamora beke. O ntse a hlaphohelwa hanyane, o betere ho feta maobane.”

“Ho lokile, ke a leboha. Ke tla tla hosasa mme ke qale ho etsa ditlhophiso tse lokelang.”

Mohau a ya le Teboho Protea South. Ha a eso ye moo bophelong ba hae empa o a tseba hore ke lekeishene le phophomang ke batho ba maAfrika Borwa le batho ba tswang dinaheng tse ding tsa Afrika. A sheba ho potoloha. Bongata ke batho ba sotlehileng ba matswantle ba dulang mekhukhung e entsweng ka mesonaete kapa masenke le polasetiki.

Ba kena seterateng seo Teboho le mme wa hae ba dulang ho sona mme Mohau a makala ha a bona ditshila tse moo le ka moo mekhukhu e ahilweng e bapile ka teng le matlakala a tletseng seterateng. A kganna butle ho qoba ho thula batho ba makaletseng koloi ya hae.

“O a tseba Teboho,” a tjho, “ka letsatsi le leng motswalle wa ka wa Pimville o mpoleletse hore batho ba lekeisheneng lena ba ka mpa ba baleha kgomo ho na le koloi”

Teboho a tsheha.

Masabata o ba hwehla ka letsoho a thabile, a makaletse ho bona Teboho ka koloing.

“Ke mang mosadi eo, Teboho?”

“Ke Masabata, e mong wa basadi ba rekisang jwala. Ke shibini ya hae eo, Lemon Twist. Re kile ra dula kamorao ho ntlo ya hae moo a nang le phapusi e ka thoko, empa jwale re dula mokhukhung wane.” A o supa.

Ha Teboho a theoha koloing le Mohau, a fumana ditho tsa sehlopha sa hae sa tantshi di mo emetse. A ba tsebisa Mohau.

“Bana ke metswalle ya ka eo ke tantshang le yona.”

“Ke mofuta ofe wa tantshi eo le e tantshang?”

“Sepantsula”

“Oh, ke hantle haholo! Ke thabetse ho kopana le lona mathaka; lebitso laka ke Mohau. Ke nna… er … ntate wa Teboho.” Ha Mohau a bua mantswe ana, a ipolela hore ke ntate wa hae, Teboho a ikutlwa moya wa hae o phahama jwalo ka ha eka o fofa moyeng.

Zama a ahlama ke ho makalla Teboho, a thabile hore ho batla ha bona ho Facebook ho sebedise. Ba bang ba ema ba ahlame, ba arabela, ba sa dumele.

“Le rona re thabile ho kopana le wena, Monghadi,” ho rialo Themba, ha a qetella a fumane mantswe. “Jwalo ka ha Teboho a o jwetsitse hore re sehlopheng se le seng sa tantshi ke nna moetapele wa bona. Re ne re tlo mmona hore na o ya jwang kaha re utlwile hore mme wa hae o kene sepetlele.”

Mohau a oma ka hlooho mme a kena ka mokhukhung ha Teboho a sala a bua le metswalle ya hae.

“Mathaka ke lokela ho ya Lesotho empa ke tla le jwetsa hore na ho etsahalang hobane mme wa ka o boela teng sa ruri … ho lelapa la habo.”

“Re o thabetse Teboho! Haeba o tlameha ho ya dula Lesotho, o tla lokela ho ba ruta sepantsula ka moo.”

“Ke tla etsa jwalo Themba, haeba ho ka etsahala – empa le tsebe le tla dula le le sehlopha sa ka sa mantlha.”

Teboho a sala Mohau morao ho kena ka mokhukhung moo a fumaneng ntatae a dutse betheng mme a ntse a sisinya hlooho. “Ha ke kgolwe hore Pontsho o phetse mona dilemo tse leshome le metso e supileng tsa bophelo ba hae a o hodisa a le mong! Mme nakong ena yohle nkabe ke … tjhe ha ho nang …”

“Ee, re phetse mona. Ho ne ho se moo re ka yang teng,” Teboho a araba ka tsela e tiisang taba ena.

“Teboho, ke tla hlophisetsa hore re tsamaye. Na o kena sekolo?”

“Ee, ke etsa Kereiti 11.”

“Ke tla lokela ho bua le mosuwehlooho wa sekolo sa hao. Re tla nka dibeke tse mmalwa re le siyo.”

*****

Kamora beke Pontsho jwale o ne a hlaphohetswe ho lekana hore a ka kena leetong. Mohau a mo lokisetsa dintho tsohle bakeng sa leeto la bona mme a ya Protea South ho lata Teboho, ya seng a pakile thoto ya hae ka mokhukhung.

Ha a ntse a emetse Mohau, Teboho a nahana hape ka ho makala ka ka moo bophelo ba hae bo fetohileng haholo ka teng. Bonyane qetellong o fumane ntate wa hae – monna ya ikgonang – mme jwale ba tla qeta maphelo a setseng a bona ho aha kamano ya bona. O rata Kedibone, o sebetsa hantle sekolong mme o se ntse a iphumanela tjhelete ka tantshi ya hae ya sepantsula.

Bohlokonyana feela ke mme wa hae ya kulang. O tshepa ka matla hore mme wa hae o tla hlaphohelwa tlasa tlhokomelo ya lelapa la habo. Ba ile ba lla ha ba utlwa hore o ntse a phela; ho bona e ne e ka sena ke mohlolo; eka o tsohile bafung.

Haeba a sa hlaphohelwe, ke a tshepa hore ke tla fumana monyetla wa ho bua le mme wa ka hape hore, haeba a eshwa, re tla be re buile ditaba tsa rona kaofela, a nahana.

Founu ya hae ya lla; ke Kedibone. Ho etsahetse dintho tse ngata nakong e kgutshwane haholo; ho na le ditaba tse ngata haholo tseo a tla mo phetela tsona.

“Ke kena tseleng hona jwale le ntate wa ka. Re isa mme Lesotho hobane o hloka ho hlokomelwa ke lelapa la habo mme a phomole.”

“Ke ntho e ntle haholo eo Teboho. Mme jwale o tla ba le monyetla wa ho kopana le bona. Ke o thabetse haholo, lerato laka. Mme ba tla o rata, ke a tseba.”

“Ke lebohile haholo.”

“Haeba o sa kgutle Lesotho, ke tla o lata, o se ke wa ba wa leka!”

Teboho a tsheha “nkeke ka etsa jwalo ratu!”

***

Re bolelle seo o se nahanang: Ke diphetoho dife tse kgolo tseo Teboho a lokelang ho di etsa bophelong ba hae bo botjha? Na lerato la hae le Kedibone le tla tswella ha jwale a lokela ho tsamaya mokhukhung a ilo dula le ntate wa hae?