Ke Mantaha mme Themba o bitseditse sehlopha sa hae kopanong.

“Ke a le leboha ka tsa Moqebelo. Batho bohle ba ne ba thabetse tantshi ya rona, haholoholo baahlodi. Jwale re fumane memo ya ho ya tantsha ho bulweng ha Tearere ya Soweto!”

Zama le Teboho ba shebana mme ba bososela ha ba jwetswa ka ho ya tantsha Soweto. Zama jwale a kopa Themba ho etsa bonnete ba hore e hlile ke nnete.

“Ka nnete Ta Mthimbane, ke bashemane bohle ba botsang ka ho makala. Hela, le a tseba ha re ne re feta Teatereng le Teboho re ne re bue ka ho ya tantsha teng ka letsatsi le leng. E ne e ka … ke toro ya rona…”

Themba a mo tiisetsa hore ke nnete mme a ba jwetsa hore ba tla lokela ho ikwetlisa ka thata ka ho fetisisa hobane sena ke monyetla o moholohadi ka nnete.

Hloni a ema mme a phatlalletsa sehlopha: “Jwale ke nako ya hore batho ba bone hore Soweto e na le talenta!” mme bohle ba tlerola pina ya bona ya tlholo ka thabo.

Themba Jwale a ba hlohleletsa ho bina dipina tse ding tsa tlholo: “Mathaka, kaha le tseba hore re hapile R7000, motho ka mong o tla fumana R1000 mme e setseng e tla bolokwa akhaontong ya sehlopha. Ke tla o bona ha morao boikwetlisong!”

Teboho a matha ho kgutlela lapeng, mme a pata tjhelete yohle ya hae tlasa diaparo tse ding tsa hae tse mennweng. O hloka e nngwe hore a e sebedise leha ho le jwalo.

Ere ke nke R100 ho ya rekela mme wa ka sa ho ja, a nahana, a notlela lemati mme a leba sepetlele.

*****

“Tshwarelo Monghadi, ke tlo lata mme wa ka Pontsho. O ne a robetse ka wateng ena betheng ela.” Ngaka a sheba kapele lenane la batho ba lokelang ho lokollwa.

“Ako mphe motsotsonyana? Ha a yo lenaneng lena. Ke nahana hore o tsamaile le sehlopha sa pele hoseng hobane lenane leo ke nang le lona ke la sehlopha sa bobedi, ba sa tswa tsamaya.”

Jwale ha a kgone ho itshwara ke letswalo, o ipotsa hore ekaba o shwele na, ha a utlwa lentswe kamora hae.

“Teboho, ke nna enwa moshanyanaka!” O eme a ntse a thekesela mme a itshwareleditse ka setulo.

“Oh, o mo fumane,” ho rialo ngaka ha a kgutla.

“Ee ngaka ke a leboha. Ke kgothetse jwale ha ke fumana mme wa ka a ntse a phela.” Teboho a nka mokotla wa mme wa hae mme ba tsamaya.

“Mme, ke nahana hore re lokela ho reka se seng sa ho ja. Ke tla reka tjhesanama re ilo jela lapeng.” Teboho a ntsha tjhelete ya pampiri ya lekgolo la diranta.

“Teboho! O nkile tjhelete eo hokae?”

“Mme, o a tseba toro ela eo ke e lorileng lekgetlo la ho qetela ka ho hapa tlhodisano ya sehlopha? E phethahetse ka tsela eo ke e boneng ka yona torong. Re hapile R7000, mme Themba a re fa R1000 motho ka mong!”

Teboho a natefelwa ke ho makala ha mme wa hae le pososelo e motlotlo ya hae ha ba tsamaya butle ho ya sebakeng sa tjhesanama.

Kamora ho ja lapeng, Teboho a fa Pontsho moriana wa hae. “Ke a leboha moshanyanaka. Jwale ke tla phomola hanyane.”

“Ho lokile Mme, ebile ke nako ya hore ke ye boikwetlisong jwale. Ke tla o bona ha morao.”

“Ho lokile ngwanaka. Ke a leboha!”

Ha a le tseleng e yang boikwetlisong, a kopana le Kedibone. Ha a mmona feela o sitwa ho thiba mehopolo ya ka moo a neng a thabile ka teng ha ba ne ba tholana hape. Kamora ho sunana le ho hakana, a ikutlwa ka moo a ikutlwileng ka teng ha ba ne ba robatse mmoho. A utlwa a lakatsa eka a ka pheta se etsahetseng, hona jwale. A utlwa mofuthu o mo aparela ha a sheba kahara mahlo a hae. Ebe ke ne ke tla etsang ntle le wena? a ipotsa.

“Mme wa hao o ya jwang?”

“O hantle. Ha re tshepe hore kgetlong lena o tla lemoha hore jwala ha bo a loka. Bo eketsa mathata feela.”

“Ke thabetse ho utlwa seo. Ee ke nnete, ha re tshepe.”

“Ke tla o bona kamora boikwetliso, hape ke na le ntho eo ka batlang ho o makatsa ka yona!” a rialo, a bososela.

“Mhhhh … ke a ipotsa hore e tla ba eng?” a arabela ka ho swaswa, a bapadisa moriri wa hae. “Ke tla o bona hamorao he Tebza!”

*****

Kamora boiketliso Teboho a kgutlela lapeng, a hoeletsa, “Mme ke kgutlile!”

Ha ho karabo. Pontsho ha a yo empa diaparo tse mennweng tseo a neng a patile tjhelete ya hae ho tsona di sa ntse di mennwe hantle hona mola empa tjhelete ha eyo.

Jwale kelello ya hae ya qalella ho kgelekgetha: Oho banna! E se ke ya mpa yaba o nkile tjhelete ya ka hle! Mme o qadile ho nwa hape? Ebe o kgutletse Lemon Twist? Kamora tseo ke mo etseditseng tsona!

Ha a fihla shibining a fumana sehlopha sa bashemane ba kileng ba tantsha sepantsula. Phumlani a bitsa Teboho ha a kena.

Dankie he majaivane.”

Mahlo a Teboho jwale a tlolaka hohle ka phapusing sa kgoho e kgaotsweng hlooho ha a batlana le Pontsho.

“Tlo dule le rona majaivane.”

“Tjhe, ke a leboha.” A kenella hare ka phapusing.

Phumlani a phahama a thekesela ke botahwa mme a mo emisa, a mo tshwara. “Ae hle monna majaivane tlo dule le rona; ke tla reka jwala.”

Teboho ha a na nako ya sena, ebile o a teneha. “Ke itse tjhe.” A lahlela jwala ba Phumlani fatshe.

“Mathaka le a bona moshemane eo o entseng jwala baka? Majaivane hobane jwale o qhadile jwala ba ka o tla lokela ho reka kereiti!” Phumlani a hoeletsa metswalle ya hae.

Bahemane ba mapantsula ba mo dikanyetsa, ba mo tshwara mme ba mo setjha empa ba fumana disente tse mmalwa feela. Phumlani a ba hoeletsa hore ba tshware Teboho ha a mo qobella ho nwa jwala. Teboho a tiisa molomo wa hae mme a lwanela ho tjhopola empa bashemane ba mo tshwara ba tiisitse.

“Themba o nahana hore a ka fetola lepantsula le leng le le leng mona Protea South, ka hore ha a batle lepantsula le nwang jwala. Empa ke nna ya entseng hore sehlopha seo se be moo se leng teng kajeno!” ke Phumlani a hoeleditse.

Bashemane ba leka hape ho qobella Teboho ho bula molomo wa hae. Ke kgalefo, a betsa motoba mme a tebela moshemane e mong lerameng. Hanghang ntwa ya qhoma mme Teboho a iphumana a otlwa ka melamu le ditebele hohle mmeleng kaha jwale lequlwana lena le se le lwana le tiile. Ba mo otla empa Teboho a tswela pele ho itlwanela.

Yaba Kedibone o a kena; o ne a tshohile ha a mmona mme a hoeletsa, “Teboho! Ba tlohele! Ba tla o lematsa! Ba tlohele hle!” Empa Teboho a lwana jwalo ka ha eka o kenwe ke motemona. “Teboho! Ako tlohele ho lwana hle. Ke a o kopa!”

Empa ha a sa utlwa letho jwale. A itshwara molomo, mme a tjhetjhela morao, a sa kgone ho boha. Motsotsonyana ha morao, a ikela.

Ka sebakanyana Masabata le molebedi wa hae ba kena dipakeng mme ba tebela bashemane bao. “Ke se ke ka hlola ke le bona mona!” A shebana le Teboho jwale: “Mamela wena moshemane: Ha ke batle batho ba tlisang ntwa mona!”

“Ke maswabi mme. Ke ne ke tlo sheba Kedibone yaba Phumlani le bashemane ba habo ba ntlhasela, ba leka ho nqobella ho nwa nmwala.” A rialo a phumula nko ya hae a tswang mokola.

“Kedibone o a lla! Ke kopa o tsamaye o ilo bua le yena hobane ha ke tsebe o mo entseng. Ke ngwana wa nnake – o tshwana le moradi wa ka ho nna! Ha ke batle ha o mo llisa. Ke ne ke nahana hore o betere ho feta mona Teboho! O kenwe keng?”

O ruruhile mme o a opelwa, Teboho a thekesela a theosa ka tsela e lepoqo.

“Kedibone? O hokae? Ke a o kopa?” Empa ha ho karabo.

***

Re bolelle seo o se nahanang: Na see ke pheletso ya lerato le letjha la Teboho le Kedibone? Na Pontsho o utswitse tjhelete ya hae?