Lethabo o ne a emetse tshepe ya tjhapele ho lla ka hora ya borobong pele a theohela sefateng se leketletseng tlase ho tswa balkhoning ya ntlo ya bona ya hostele. O ne a apere dijini le hempe tsa hae tsa thatohatsi, e bile a kadimile dikausu tsa maemo ho moshemane e mong mona hosteleng. Haeba a batla ho kgahla Tersia o ne a ke ke a kgona ho etsa jwalo a bonahala jwalo ka mofutsanyana wa lentswantle wa Port St Johns; o ne a lokela ho tswa ntjeng.

Ba ne ba dumellane o kopana letangwaneng la sekolo kamora hora ya borobong feela. Ana e bile maikutlo a Lethabo. O kgethile ho intsha le Tersia, haholo a susumeditswe ke setebele seo a se fumaneng mohlareng thapameng eo. Hore jwale ho intsha ha bona ho fetohile boiphetetso e ne e se molato wa hae empa ke ka lebala la se etsahetseng thapama lebaleng. Le kamora ho mo tebela jwalo, nako yohle ha a thetsa bolo Pieter o ne a tswela pele ho mo latella ka ho mo thefula ka matla, a o diha hantle feela kapela ntate wa hae – ya sa kang a kena dipakeng.

Ho Lethabo ho ne ho bonahala eka Monghadi Cronje le yena o mo halefetse. Ekabe o ne a tseba ka Tersia? Haeba a tseba teng? Monghadi Cronje o ne a ka mo jwetsa hore a etseng lebaleng la rakbi, empa kantle ho lebala e be e le motsofe wa lekgowa feela ya phollang mastatjhe ya hae mme ya se nang tokelo ya ho mo jwetsa hore a etseng. Pieter le ntatae ba ne ba ka nna ba ya iphanyeha haeba ba nahana hore ba tla mo tshwara jwalo ka moshanyana wa mahaeng ya sebetsang dirapeng!

Heke e yang ditulong tsa letangwaneng ya buleha ha Lethabo a fihla, mme hanghang a itshola hore ebe ba tlile ho kopana mona bosiu hakana. Ho ne ho le lefifi mme ho kgutsitse tuu. Ho hlakile hore Tersia o ne a ke ke a tla mona a le mong? A tsamaya mothating wa jwang lehlakoreng le leng la letangwana, a shebile sebaka sa ho dula sa babohi lehlakoreng le ka mose ho sheba hore an ha ho motho. Ha ho letho.

O ne a atametse ho ntsha selefounu ya hae ho sheba melaetsa ha a utlwa ho kgaphatseha ha metsi tlasa hae, ho latetsweng ke setsheho se bobebe. Tersia o ne a le ka metsing, mitara e le nngwe feela thoko le moo a neng a eme teng.

“Jwale o emetseng? Ke nahannne hore o batla ho sesa?”

Lethabo a mo tjamela ka makalo e kgolo. Empa le ha a tjamme jwalo, matsoho a hae a fumana dikonopo tsa hempe ya hae yaba ka panyo ya leihlo o sala ka borikgwana ba kahare feela. Yaba o theohela ka metsing mme a mo sika ka diatleng tsa hae.

Le ditorong tsa hae tsa bohlanya one a sa ka a nahana ka ketsahalo e atametseng ho sena. A itshutuletsa ho yena le ho mo haka ka tsela e bontshang lerato, a mo suna ka tiyo hoo a mo tlammeng hore a suthele metsing a sa tebang hore a fumaen botsitso. Leha mmele wa hae o ne o mo lakatsa hakalo kelello ya hae e ne e mo jwetsa hore a hlokomele: kgarebe ya ditoro tsa hae e neng e so ka e mo dumedisa haesale pele ho dibeke tse pedi tse fetileng, jwale o ne a iphumana a felletswe ke moya kahara diatla tsa hae. Ho na le se seng se neng se sa kopane mabapi le boemo bona.

Ntle le ho inahana a phahamisetsa Tersia kantle ho metsi lehlakoreng la letangwana. E ne e le pabala ruri. Moriri wa hae o metsi o ne o leketletse sefahlehong se hae mme sebopeho sa hae se ne se hohela ka matla a sa kgolweheng. Ha a ntse a le ka metsing Lethabo a tshwara matsoho a hae bobedi mme a a beha mahetleng a hae.

A mo shebela haufi haholo: “O batlang Tersia? O etsang?”

“Wena o bona eka ke etsang!? Ke a o batla,” a mo araba kapele, a bile a mo hulela haufi le ho pholla sefuba sa hae.

“Na o tla jwetsa kgaitsedi ya hao ka see? Le ntate wa hao?” Lethabo a kgutlisetsa matsoho a hae mahetleng a hae.

“Seo se tla thusang?” a rialo, a rialo a tlohela mahetla a Lethabo mme a tshwarella moriri wa hae kamora ditsebe.

“Taba ke hore ba hloka ho tseba ka rona. Ha ke batle ho tsamaya ke nanya ke ikgakantse.”

Jwalo ka ha eka o bona mohlala wa seo a se buileng bobedi ba omella ke letswalo ha kotikoti e butswelwang ke moya e theteha fatshe samenteng. Thokonyana heke ya buleha le ho kwaleha ka tsela e etsang lerata. Lethabo o ne a sa hloke ho bona sefahleho sa Tersia ho tseba hore ‘lerato’ la bona le se ntse le fedile, mme karabo ya hae ha e fihla e ne e ke ke ya mo makatsa. A lemoha hore haesale a e emetse.

“Ha ho na ‘rona’. Ho ke ke ha ba le ‘rona’,” a rialo, a tsheha ha a nahana ka sena. “O motsho mme nna ke mosweu. O a tseba ka sena. Sena ke feela ho–” Ha a ka a qetella le polelo ya hae.

“Inatefisa feela?” Lethabo a botsa, a leka ho kgoba matshwafo.

“Ke a tseba seo se utlwahala se makatsa Lethabo empa, ee, ke ka moo ke ikutlwang ka teng.” A mo nanabela empa Lethabo a tjhetjha. “Ke kopa o utlwisise: kgaitsedi ya ka le ntate – ba ka mpolaya ha ba ka utlwa ka sena.” A keketeha a sa ikemisetsa: “Aha, ee, ba ka hlanya e le ka nnete.”

Ho ne ho hlakile – nnete eo Lethabo e sa le a e baleha nako e telele. Tersia o ne a se na kgahleho ya nnete ho yena ho hang, o ne a ithata boyena feela. Ho yena kutlwano ena e ne e le phephetso feela ruri – ketso ya ho bakisa feela – mme o ne a mo sebedisa feela hore a phethe takatso ya hae. O ne a leka ho etsang? Ho ba lerabele kgahlanong le ntate wa hae? Kgaitsedi ya hae? Ho ne ho na le dipotso tse ngata ho feta dikarabo empa Lethabo a ikutlwa a tiile mabapi le ntho e le nngwe feela: o ne a sa ikemisetsa ho ba ntshonyana e mong feela ya sebediswang ke yena. E ne e tla ba yena feela ya lahlehetsweng paleng ena.

A phahama ho tswa ka metsing mme a iphina sekolokoto pela Tersia, a mo suna hang hape lerameng lekgetlo la ho qetela.

“Ke nahana hore re tsamaye,” a rialo.