Ke hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Mpho o fumana mme wa hae a le ka motsheo. “Mme ha ke ikutlwe ha monate hoseng hona ke nahana ho se ye sekolong,” ho rialo Mpho.

“Nana, ke kgale o se o saye sekolong makgetlo a mangata,” ho bolela Basetsana. “O ikemiseditse ho mpolella neng ntho ee e o jang ngwanaka?”

“Tjhe mme, ha ke ikutlwe hantle hoseng hona. Ke nahana hore ke tshwarwa ke sefuba. Le Palesa le yena o ne a tshwerwe ke sefuba,” ke ha a bua maka. “Seke wa tshwenyeha mme, ke tla sala morao mosebetsi wa ka wa sekolo.”

Ke ha Mpho a ya ho robala mme a bapala mmino empa o sa ntse a sa ikutlwe a ho hlaphohelwa. Lefatshe le utlwahala e ka le hodima mahetla a hae. Ke ha a nka lengolo a le beha betheng ya hae. Yaba o  nka jase ya hae mme a tswa ka tlung. A tshepa hore ho tsamaya ho tla mo thusa. Empa ha a ntse a tsamaya ke ha a ntse a utlwa eka dintho di a di mpefala ho yena.

Ke eo Mpho a iphumana a se a le moahong wa kgale wa feme. Jwale yaba o  ntse a tsamaya hodima dintho tse moo a hlwa ditepisi. A sheba hodimo mme a hlwa. Mohopolong wa hae o ne a lakatsa ho itiha ho tloha mohatong o ka hodimodimo.

Ha a le mahareng ke ha a utlwa lentswe. Keng eka ha mong tje. Tlase mona ho shebahala ho ena be bashemane ba tlileng mona ho tla tsuba.

“Nana wee, tlowe kwano re tlo bua,” ke moshemane e mong o a mmitsa.

“Ako ntlohele nna,” ho lla Mpho. Ke ha antse a tswela pele ho palama ditepisi tse ding tse mmalwa ho ya hodimo. O phahametse lefatshe haholo.

“Ho kotsi moo o leng teng. O ka wela. Theoha. O leka ho etsang?” Ke moshemane enwa ya ntse a mo hoeletsa.

“Ha o tsebe ke fetile ho eng,” Mpho o a hoeletsa le yena.

“Empa tseba hore ho ba hodimo moo ha se tharollo,” ke ha atamela moo Mpho a leng teng. “Bophelo ba hao bo molemo mothong e mong”

Ke ha Mpho a kgaotsa ho nyolohela hodimo.

“Theoha re bue. O ka kgona ho ntshepa. Ha ke tlo o lematsa,” ho rialo moshemane enwa. “Ke ne ke itletse mona hore ke tlo tsuba le ho dula feela, empa ke ile ka o bona.”

Motho enwa o shebahala a nkgathalletse, ke Mpho eo ha a ntse a nahana. O kgathala ho feta Tony. Hanyane hanyane ke ha Mpho a theoha hodimo moo a neng a palame teng. Ha a fihla tlase ke ha moshemane enwa amo tshwara ka le tsoho ba dula pela lebota la moaho oo ba leng ho oona.

Yaba Mpho o qala ho mmolella hore o fetile tlasa maemo a jwang. Mantswe a na  a atswa ho motho ya sa mo tsebeng, empa o ikutlwa e ka a ka mo tshepa.

“Ke lahlehetswe ke ngwana waka,” keha a fellwa ke puo.

“O lahlehetswe ke wena le ngwana wa hao ho mohlankana eo ya se nang thuso? Seke wa lla. Ha a tshwanelwe ke meokgo ya hao,” ke ha moshemane enwa a mo tshwara ka seatla mme a mo emisa ka maoto. “Bophelo ba hao bo molemo, se ke wa fela matla.” Ke ha moshemane enwa a mo aka.

“Ke a leboha ha o nkadimile ditsebe tsa hao, wa nka nako ho mmamela.” Ho rialo Mpho.

“Ere ke o felehetse ho ya lapeng. O hloka batswadi ba hao hona jwale” ho rialo moshemane enwa.

Ke phirimana ha ba kgutlela habo Mpho. Ke ha moshemane enwa mo aka hape mme a nto kgutlela ho metswalle ya hae.

Mpho jwale ke ha a fumana mme wa hae le ntate wa hae ka motsheo tafoleng. Mokotla wa diphahlo tsa ntate wa hae o le haufinyana le sofa. Mpho o nahana hore na ebe ntate o kgutlile e le ka nnete. Mpho o utlwa eka matshwenyeho a hae aa fela. Jwale o ikutlwa hore o a hema. Mme a nto dula le bona.

“Re ne re ntse re bua ka wena….re tshwenyehile haholo ka wena.” Ho bua ntate wa hae.

Ke ha Mpho a bua ditaba kaofela ho batswadi ba hae.

“Ngwana wa ka ha o a lokela hore o sotlehe o le mong. Re teng ho o tshehetsa.” Ho bua Joe. “Ke ne ke tiile ha ke re ha ke no o furalla.”

“Ngwana wa ka re a o rata. Re tla o rata botleng le bobeng.” Ho rialo Basetsana.

Ke ha Mpho a siya batswadi ba hae phapusing ya ho dula mme a leba kamoreng ya he ya ho robala. Lengolo le sa ntse le le hodima bethe ya hae. Ke ha a tabola lengolo leo. Mme meokgo ya theoha mahlong a hae. Empa e na meokgo e ne e se ya bohloko kapa letho le lebe. E ne e le meokgo ya thabo hobane mahetla a hae ha a sa ikutlwa a imetswe. Ka hare o ikutlwa a na le teboho hobane ha a ka a fedisa bophelo ba hae. Ke ha a hlakola meokgo mme a kgutlela ho batswadi ba hae ba neng ba ntse ba bohile thelevishene. Keha a dula fatshe pela mme wa hae. Mme wa hae ke ha a tlisa lehetla la hae mme a mo atameletsa haufi.

Ha ba ntse ba bohile thelevishene. Ke ha ba utlwa motho ya kokotang. Ke Seipati eo. Empa kgetlong lena o ne a sa nwa.

“Ke a thaba ho le bona le le mmoho hape. Ke kopa tshwarelo ka mathata ao ke a bakileng lelapeng la lona,” o bua tjena o itshwere hore a se ke a lla. “Ke batla ho ba karolo ya lelapa lena hape.”

Ke ha kaofela ba phahama ba aka Seipati.

“Se molemo ke hore re kgutlelane mme ra ba lelapa hape.” Ho bua Joe a ntse a suna mosadi wa hae, moradi wa hae le ngwanabo mme a ba a kopa a tiisa. “Re lelapa.”

Ho na le puo ya seXhosa e reng Liduduma li dlule – le duma le fete. Dintho ha di dule di tshwana. Empa re tlameha ho hopola hore sephiri se ka qhala lelapa

*****

Re bolelle: O nahana keng e ileng ya kopanya lelapa lee mmoho hape?