Sabelo e ne e se yena feela monna wa morui ya neng a kgahlilwe ke Seithati. Ho ne ho ntse ho na le ba bang ba neng ba leka ho mo shapa ka setene mme Seithati o ne a na le ho ikutswa le bona, haholoholo ha ba qabane le Sabelo. Taba ya hae le Sabelo e ne e se e tsejwa habo. Ausi Dikeledi le bratha Kutlwano ba ne ba ile ba ya Bloemfontein, khemphaseng ba ilo leka ho kgalemela Seithati empa o ile a ba jwetsa masa a kokometse.

“Wena Dikeledi o tswe ho nna. O tswe ho tu! Ke hona o batlang ho ba mme hona jwale? Iketsetseng ngwana. Nna ke mosadi ebile ha le tlo ntjwetsa hore na ke phele jwang,” Sethati a kgaruma.

“Seithati, mme wa hao…,” bratha Kutlwano o leka ho bua le yena.

“Se ka nteka Kutlwano! Mme wa mang?” Seithati a raha bratha Kutlwano qoqotho le pele a ya kae.

“Kutlwano o tseba hantle hore kgale re matha kaofela. O se ke wa tla iketsa ntate ho nna. Ha o ntate wa ka. Ha ke hloke ntate nna,” Seithati a rialo a bile a ba siya ka phaposing ya hae.

Ho tloha mohlang oo, ho ne ho se mokgwa wa ho buisana le Seithati, ausi Dikeledi le bratha Kutlwano ba ne ba salletswe feela ke ho rapedisa Seithati hore a sokolohe mekgweng ya hae.

Selemo se latelang, Seithati o ile a lokela ho phetha dithuto tse ding tsa hae. Sabelo o ne a ntse a mo hlokomela, bahlankana ba hae ba bang le bona ba ne ba ntse ba hlaha mona le mane. Eitse ha e re kgwedi ya Tlhakubele selemong seo, Seithati a lemoha hore o imme. O ne a tseba hore ngwana ke wa Sabelo hobane e ne e le yena feela monna eo a robalang le yena ntle le kgohlopo. O ile a tsebisa Sabelo mme a mo jwetsa le hore yena o batla ho ntsha mpa. Sabelo o ile a hanana le mohopolo oo. “Seithati, ke tla o hlokomela. Nahana feela…ngwana wa rona o tlo ba motle ebile a be bohlale. Se ke wa nahana ntho tse jwalo.”

“Empa Sabelo ke sa kena sekolo,” a rialo ka moya o fatshe.

“Ha ke hane. Sekolo se tla dula se le teng, nana,” ke Sabelo a leka ho mo kgodisa.

“Hape Sabelo o na le mosadi le bana. Ho tlo etsahala eng ha ba ka tseba?” Seithati o a botsa.

“Sheba, ke tlo divosa. Re tla iqalla bophelo ba rona re le babedi. Ke tla o fa tjhelete hore o ipehele yona hore ha o qeta ho pepa, o kgutlele sekolong,” Sabelo a mo tshepisa, a ba a mo suna phatleng.

Ba ile ba etsa qeto ya hore ba ye Welkom ho ya tsebisa mme wa Seithati. Sabelo o ile a tshepisa ausi Dikeledi hore o tla hlokomela Seithati le ngwana wa bona. A hla a mo tsebisa hore hang ha Seithati a qeta ho pepa, o tlo kopa hore ausi Dikeledi e be yena ya ba hlokomellang lesea hore Seithati a tsebe ho kgutlela sekolong. Ausi Dikeledi o ile a dumela, yena le bratha Kutlwano. Ba ne ba thabetse Sabelo haholo le hoja qalong ba ne ba le kgahlano le hore Seithati o ratana le motho e moholo ya nyetseng.

Sabelo o ile a feela a hlala mosadi wa hae, a mo tsebisa hore o na le ngwana ka ntle. Le ha a ile a lahlehelwa ke tjhelete e ngata ka lebaka la divoso, o ne a kgotsofalletse ho phela ditshiu tsohle tsa hae le Seithati. Selemo seo se ile sa feta, ngwana a hlaha selemo se latelang.

Seithati o pepetse Welkom mme a dula teng dibeke tse mmalwa. Nakong eo a neng a le Welkom, metswalle ya hae eo a keneng sekolo le yona , e ne e atisa ho mo etela. Motho ya neng a mo etela ka ho fetisisa e ne e le Tshepo. Tshepo le Seithati e ne e le kgarebe le mohlankana ha ba ne ba etsa Kereiti ya 9. Tshepo e ne e le mohlankana wa pele eo Seithati a ithutileng lerato ka yena, ya ileng a nka borwetsana ba hae, ho ya ka puo e tlwaelehileng. Tsietsi ile ya eba hore Tshepo o ne a mmapala dikwaelana, a ratana le barwetsana ba bang, yaba kamora moo Seithati o a fetoha. Tseo tsohle ba ne ba se ba di lebetse mme Seithati o ne a thaba hampe ha Tshepo a tlile ho mmona. Lerato la bona le ile la tsoha hape, empa Seithati o ile a tsebisa Tshepo hore ntate wa ngwana, Sabelo o ntse a le teng ebile o hladile mosadi wa hae hore a tle a tsebe ho qala bophelo le yena. Tshepo o ne a sa utlwisise hore na ke eng se etsang hore Seithati, mosetsana e motle jwalo, a inehelle “leqhekwana le kang Sabelo”.

Na o a dumela hore bontate ba baholo ba sebedisa polelo e reng “dilemo ke palo feela” ho qhekanyetsa barwetsana? Hobaneng?