Ho lokisitswe ka tsela e hlokolotsi haholo, empa bonnete ha ho jwalo. Tsohle di senyeha ka potlako e tshabehang.
Ke ne ke rerile ka moo ke tla kopanya badudi ba City Views mmoho hore re kopane le Khanyi mabapi le ditokelo tsa rona tsa bodulo – ka tsela e neng e tla etsa hore ke lemohuwe ke dinokwane.
Ke ne ke ikutlwa ha monate jwang feela kamora ho iphumana ke hloka matla ha kaalo. Mme morero wa ka o ne o le bonolo hoo ke ne neng ke sa dumele hore ho nkile matsatsi a mmalwa hore ke o nahane. Ho sa ntse ho le jwalo, dikahare tsa ka di ne di sa iketla ha ke tsoha hoseng e sa le ka meso, ke tswa ka lenyele foleteng, mme ke nanya ho ya ka hodimo marulelong – moo ke fihlileng ka hloma ka phekse terateng ya ho aneha diaparo dipampitshana tse reng Ditokelo tsa Bodulo tsa Baahi ba CALS! Matsoho a ka a ne a thothomela. Ho ne ho le lefifi mme ke ne ke le mong – ha e mong wa dinokwane a ka tla ka hodimo moo teng?
Ka bona tweba hodima marulelo, mme ka tshoha hoo ke batlileng ke baleha, empa ka kga moya ka hemela hodimo mme ka tswela pele, ke ikgothatsa ha ke ntse ke phefumoloha.
“O ka kgona ho etsa sena Pheliswa. Ha letsatsi le tjhaba basadi tla tla aneha diaparo pele ba ya mosebetsing le ho isa bana ba bona sekolong. Ke bona mofuta wa batho o nang le boikarabello ba hore ba ka ba komiting ya badudi. Mme ke hloka komiti e tla ntshehetsa, molemong wa lelapa la heso, bakeng sa rona bohle. Ke monyetla o motle ka ho fetisisa oo ke nang le oona wa ho lwantsha ho ntshwa moahong hona mme re tswele pele ho dula foleteng ya rona. Theola moya ausi, mme o tswelepele ho fanyeha dipampitshana. O tla atleha!”
Ke ne ke behile letsatsi la kopano le Khanyi ho ba bekeng e latelang mme ke ne ke fane ka dintlha tse ngotsweng ka letsoho pampitshaneng e nngwe le e nngwe. O ne a dumetse hore hoseng haholo e ka ba nako e ntle ka ho fetisisa, ha moaho o sa ntse o kgutsitse haholo mme eo o bolokehileng ka ho fetisisa. Kutlwisiso ya rona e ne e le hore dinokwane di robala ka meso. Ke tshepa hore re nepile!
Karolo eo ya tsamaya hantle – hantle ka tsela e makatsang bonnete. Molaetsa wa tswa. Ha ke nyarela hodimo marulelong ha letsatsi le tjhaba hoseng kajeno, letsatsi la kopano, sehlopha sa basadi se ne se eme. Mme – se kgothatsang – ho ne ho se dinokwane tse tlileng ho re kgaoletsa.
Jwale ke ikutlwa ke thabile empa ke sa tsitsa hantle ha ke matha ho thehela tlase ke ilo kopana le Khanyi monyako o ka pele wa City Views. O bososela le nna jwalo ka ha eka o phutholohile maikutlong kahohlehohle, empa ke ne ke ile ka mmona a ntse a hlwedisa hodimo le tlase seterateng pele a mpona.
Seo re neng re sa nahana ka sona ke monna ya sefahleho se seputswa ya tlolang ho tswa koloing ya hae e pakilweng mme a phamola Khanyi ka borofo sephakeng mme a atamela ho nna.
Bobedi ra hoeletsa ke letswalo.
“O se ke wa qala ho hlalefisa dithoto tsena tsa batho mona wena, ausi wa mmamolao,” Monghadi Besturd a mo tlerohela.
Ka ema ke hwamme mme ke sa kgone ho bua, empa Khanyi o matla ruri. Leha a mo tiisitse sephakeng, lentswe la hae le kokobetse mme le batsi.
“Mongadi Besturd, ke o hlaloseditse hore jwalo ka monga moaho ona ka molao o tlangwa ho rerisana le batho ba phelang mona ka tsela e amohelehang pele o ka ba ntsha moahong. Ke tlile monaho tla ba hlalosetsa ditokelo tsa bona jwalo ka badudi, le ho araba dipotso dife kapa dife. Ke o jwetsitse mabapi le kopano ena e le sesupo sa tlhompho, jwalo ka karolo ya therisano e amohelehang. Ke kopa hore o homphe seo.”
Ka nyaroswa ke ha ke bona Monghadi Besturd a arabela ka ho sothela letsoho la Khanyi kamorao.
“Haeba ba sa tswa moahong mona mafelong a kgwedi batho bao ba tlo lemala. Ba entse tshenyo e lekaneng thepeng ya ka. Na. O a. Utlwisisa?”
Mathe a tlola ka lehanong la hae ha a rialo ka kgalefo.
“Mo tlohele Monghadi Besturd! O a mo lematsa!” Ke hoeletsa, ke sa tsebe hore ke eng se seng seo nka se etsang ho mo thusa.
“Ke wena – mmadikgathatsonyana elwa ya tlileng ho ntshosetsa lapeng la ka! Ke tla o …”
Ho bua ha ka ha thusa Khanyi hore a etse seo a se batlang. A emisa ho bua mme ha ka tshohanyetso a ntsha selefounu ya hae mme a katlatsa foto ya bona bobedi. Yaba, ka ponyo ya leihlo, o a itshwasolla. Mongahadi Besturd a tjhophohelwa ke yena, yaba o mo hotola ka moriri!
Dintho tsa tsamaya kapele hoo ke lahlehetsweng ke ho bona dintho tsohle tse etsahatseng ke ho fifallwa. Empa ka mohlomong Khanyi ka mmele wa hae o monyane oo a kgona ho kgitla Monghadi Besturd ka lengwele haholo – tlasa lebanta. Yaba o mo tlohela hanghang, ebile a kotlobana, a kakatletse bokapele ba hae. Ha ke a bona se latetseng, empa ha a phahamisa mahlo mokola o ne o se o phalla ho tswa nkong ya hae.
A tlerola mantswe a mmalwa ao ke sa lokelang ho a pheta.
Khanyi jwale o ne a mo hatisa ka vidiyo ha a ntse a hoeletsa a rohakana, ka hona a kokotleletsa tlase yaba o a kgaotsa, mme jwale a letsa.
“Ee, ke nna, Khanyi. Mamela, ke hloka thuso ya hao. Ke qeta ho hlaselwa ke Monghadi Besturd kantle ho City Views mona Sixth Street.”
Khanyi a kgefutsa nakwana mme a sidila sephaka sa hae.
“Ke tla loka, Ka hantle. Na o ka fihla moo ka potlako? O ntse a le mona mme ke hloka kena kopanong.” O a kgefutsa mme o a mamela. “Ke a leboha, ke tsebile hore nka o tshepa. Hantle haholo, ebile hape, ke n kile foto le vidiyo ya hae ha a ntse a ntlhekefetsa. Ke tla nehelana ka tsona seteisheneng ha morao ha ke tla ho bula qoso.”
“O ke ke wa fumana–”
Khanyi o buela hodima monga moaho ka lentswe le tiileng jwalo ka tshepe: “Re kena kahare bakeng sa kopano ya rona jwale Monghadi Besturd. O ka sala mona. O utlwile hore ke itseng mohaleng. Ke mpa ke o hopotsa feela, leo ke lepolesa le tshepahalang haholo leo ke neng ke bua le lona. O tseleng e tlang mona ho tla o tshwara.”
Monghadi Besturd a kokotletsa, empa Khanyi a tswelapele a se na taba le yena.
“Ke tlile ho wena ka moya o motle ke leka ho hlophisetsa puisano e molemo dipakeng tsa hao le badudi ba hao. Karabelo ya hao e bile eng – se etsahetseng mona hoseng hona – ke ntho e neng e sa qholotswa mme e sa amoheleheng. Ke batla hore o tsebe hore ha o ka leka hape ho phahamisetsa motho e mong ya amehang tabeng ena ka tsela efe kapa efe leha e ka ba monwana feela, o tla kena kgathatsong e fetang eo o se ntse o le ho yona hona jwale. Ke tla sebedisa matla a molao ho o beha fatshe. Ke tla etsa bonnete ba hore o lefa ha boima bakeng sa sena.”
Monghadi Besturd o a honotha, o tswibila mamina a kopantseng madi le mamina. Empa ke a bona hore o qalella ho lemoha matla a Khanyi lekgetlo la pele. O qalella ho bonahala a tshwenyehile e le ka nnete.
“Hape, o se ke wa leka ho nahana ho baleha pele lepolesa le fihla mona,” ho eketsa Khanyi. “Ke tla ba jwetsa hore ba ka o fumana hokae. O se ka ba wa re ha ke a o lemosa.”
Ha re kena kahara moaho koloi ya mapolesa e a fihla, e panyapanya mabone a yona a maputswa. Ke hetla hanyane pele ke thinya ho hlwa ditepisi, mme ka bona Monghadi Besturd a phahamisitse matsoho a hae.
Ra tswela kantle marulelong a moaho ho bona mosadi ya neng a lekanya ka moo metoba ya Khanyi ya boitshireletso e leng ka teng – ba ne ba bone sena sohle ho tswa hodimo mme ho hlakile hore ha ho le a mong wa bona ya ratang Mongahadi Besturd! Ha ba bona Khanyi a ba shebile ba tsheha ho lemoha hore o ntse a ba shebile mme ba mo opela mahofi ka thabo.
Leha a bile sebete jwalo ke nahana hore Khanyi o batla a nyarohile. Ke lemoha hore matsoho a hae a thothomela, mme ha a tshehe mmoho le basadi bana.
“Dumela kaofela. Ke nahana hore ke hloka motsotsonyana hore ke itokise, ka hona ke tla fetola merero ya ka mme ke qale ka ho le bontsha vidiyo ya kapele ya CALS lepthopong ya ka. E hlalosa ditokelo tsa lona le tshebetso e lokelang ho latelwa ha le tobane le ho ntshwa moahong.”
Ke fula ke shebile Khanyi ka leihlo le le leng ha ke bohile vidiyo ka le leng, mme ka nako eo maikutlo le dipotso di qalang jwale o bonahala a iphumane hape.
“Ke rata karolo e reng re ka fihla hole’. Ke nahana hore ho molemo ha rona basadi re ka sebetsa mmoho ho fapanale ka karohano,” ho rialo mosadi e mong e molelele ya itlammeng ka sekhafo hloohong. “Ke voutela hore re thehe Komiti ya Ho Ntshwa Moahong ya City Views,” mme re tobe taba ena re ikopantse!”
Batho ba oma ka dihlooho ha ha bang ba holetsa le ho dumellana ka thabo.
“Empa emang,” ho rialo mosadi e mong “ha ke tsebe hantle. Ke phetse mona nako e telele mme ke bone ka makgetlo a mangata ha molao o hlolwa ho thusa batho.”
Batho ba hweshetsa ka tumellano hara sehlopha.
O tswelapele: “Ha ke tsebe hantle hore na nka tshepa ho latela tsela ya molao. Na e feela e tla re thusa? Mohlomong ho molemo hore re tshepele ho The Confiscator. Nkile ka mo utlwa a bua le radiyong. O ne a tshepisa hore o tla lokisa moaho o mong o haufi mona le ho sireletsa batho ba dulang teng kgahlanong le ho nyahlatswa ke mmuso le tlhekefetso e etswang ke monga moaho. Mohlomong seo ke sona seo re se hlokang?”
Palo e fetang halofo ya sehlopha ya mo kena hanong ba mo tlerohela. Ke a kgothala hore ha ke mong ya lemohileng hore The Confiscator ke moqhekanyetsi bohlale, raleshano.
“Nnete we nngwe,” ho rialo motho e mong, a kenwe ke dihlong. “Ho molemo ho itulela mona City Views. Motswalle wa ka o kile a ba boemong bo jwalo. Jwalo ka ha videyo ya hao e bolela, o mpolelletse hore ha monga moaho a ka re ntsha Toropokgolo ya Johannesburg e tlameha ho re fa bodulo ba nakwana. Empa seo se nkile dilemo, mme ha ba se ba fumane sebaka se ne se le sebe jwalo feela ka boloko boo a neng a phela ho bona pele!”
“Boemong boo, keng re sa itulele moo mme re se ke ra etsa letho?” ho botsa mosadi e mong. “Ke seo bongata ba batho ba se etsang. Mohlomong ho molemo ha re ke ke ra kenya batho ab bang tabeng ena, mme re tshepe hore dinthodi tla loka ka botsona.”
Hape, basadi ba bangata ba hanana le sena ka mantswe a phahameng.
Mosadimoholo e mong a tla kapele mme a bua. “Ke nahana hore ho molemo hore re etse se seng. Ho fumana thuso mme re etse sena ka tsela e nepahetseng, ka tsela ya molao. Re ke ke ra dula feela re sa etse letho, ka mabaka ohle a sa lokang,” o rialo. “Ke batla ho lwana ka bohlale mme ke se hloke matla ka nako eo ke hlokang marulelo hodima hlooho ya ka.”
Ke oma ka hlooho. O opile kgomo lenaka. Le nna.
Puisano ya tlolela pele le morao dipakeng tsa batho ba dumelang le ba sa tshepeng. Empa qetellong bongata ba batho ba mona letsatsing le tjhabang la Jozi ba phahama ho ikopanya mmoho mme ba saenela ho kenela Komiti ya Twantsho ya Ho Ntshwa Moahong.
Re ikutlwa eka re ka keteka ha bohle re sadisana hantle, re siya terata e anehilweng diaparo tse hlwekileng, tse mebala e hlakileng, di phaphatheha moyeng jwalo ka difolaga tse okametseng lehae la rona la City Views.
Ke ikutlwa ke phahame moya letsatsi lohle. Ke nkgono wa ka feela ya nkgathatsang matla hanyane. Ke ne ke tsebile hore o tla lemoha hore ke kentse letsoho tabegn ena, mme jwale ke a tseba hore o nahana eng. “Se ke wa qala ditaba Pheliswa.” Ha ke kgone ho mo kgenela. O tshaba se ka ntlhahelang.
Ha ke jwetse Nkgono hore ke fumane lebaka la hore ke hobaneng kamehla ke ikutlwang eka ho na le mollo o tukang ka hare ho nna. Jwalo ka ha Aphiwe a mpolella kamehla: ‘Hlooho ya hao e tjhesa hona hoo ’Afro ya hao e ka re mosi o motsho’ mme jwale ke nahana hore ke a tseba ke hobaneng. Tjheseho ya ka ke ho lwana dintwa tse jwalo ka ena. Ke nahana hore sena ke sona seo ke se tswaletsweng.
Ntwa e latelang e kgolo ya ka e sa tla, mme ha ke ikutlwe ke kgathetse matla. Ke itokiseditse yona.
***
Mpolelle: Na o kile wa kenela sehlopha ho lwanela ntho e nngwe? Na seo se ile sa thusa?