Ramolao o ntshwara ka letsoho le tiileng le botswalle. Ke itiisa hore ke se shebehe ke maketse empa ke tseba ka nnete hore ke hlolehile.

Ke apere ka tsela e matla bakeng sa kopano ena e ‘Centre for Applied Legal Studies’. Kamora ketsahalo ya maobane le Besturd ke ikutlwile ke tanotswe jwalo ka terata. Ke ikutlwile ke … silafetse hona hoo ka mora hore a nkgarume ka tsela eno. Moqoqo wa ka le Aphiwe wa kgutlisa boitsheponyana motsamaong wa ka, empa hoseng hona ke ikutlwa ke wele moya hape. Ke entse bonnete ba hore ha ke shebahale ke le bothateng. Ha ho tsotellehe hore ho etsahalang, nkeke ka dumella motho e mong ho nnyefola jwalo ka ha Monghadi Besturd a entse.

Empa ke ne ke na le mohopolo o fosahetseng haholo ka kopano ena le ramolao. Ka mohlomong ke ne ke nahanne hore ramolao wa ka e tla ba kwete e telele, e mahetla a sephara, e rwetseng digalase mme a kwetlile borifekheise. Empa ramolao ya ntumedisang ka letsoho ke mosadi. O mosesane mme o masene, ebile, empa se makatsang ho feta tsohle, o bonahala a le moholwanyane ka dilemo tse mmalwa feela ho nna.

“Ke nna Khanyi Skweyiya. O amohetswe ho CALS,” o rialo ka pososelo e mofuthu. “Ausi wa Aphiwe, Cebisa, o se a ntomme tsebe hore ho etsahalang bolokong ba lona. Ke tseba Sixth Street haholo, bonnete. Lelapa la heso le ne le ntshuwe foleteng e nngwe teng nako e ka bang selemo le halofo e fetileng, ka hona nkile ka phela bophelo boo o leng ho bona hona jwale.”

Ka makaditswe haholo ke tsena tsohle hoo ke sa kgoneng le ho bua nakwana. Ke qamaka thokonyana kwana mme ke leka ho itokisa ha ke lemoha phoustara e leboteng: ‘Haeba o batla ho potlaka, eya o le mong. Haeba o batla ho ya hole, eyang mmoho.’

Ke ikutlwa ke phutholoha hanyane feela. Ke mo sheba ka pososelo, ka maikutlo a kimoloho.

“Ke nna Pheliswa. Ke o leboha haholo ha o dumetse ho tla mpona. Ke maswabi haeba ke bonahala ke maketse empa o shebeha o le …”

“Mosadi? Mme o sa le tlase dilemong?” Khanyi o rialo ka pososelo e kgolo e sebete.

“Ahhh, ee. Haholo ka nnete,” ke a dumela, ebile ke ikutlwa ke phonyohetswe.

“Ha ho le lebe. Ke utlwa taba ena hangata. Ke phethile dithuto tsa ka dilemong tse pedi tse fetileng – mme ke ne ke le wa pele sehlopheng sa ka, re sa le moo, ho o tsebisa feela.”

Ke rata tsela eo a buang ka yona. O a itshepa empa ha a bonahale a ikgantsha kapa ho tshabisa. Mme o bonolo ho buiseha. Ke oma ka hlooho le ho bososela ha ke mo sheba, ke kgahlilwe ruri. “Le wena ha o shebehe jwalo ka motho ya tswang lelapeng le phelang Sixth Street.”

“Hela, o se ke wa kgetholla,” o rialo, lentswe la hae le kokobetse empa le tiile. “Ba bang ba batho ba hlwahlwa ka ho fetisisa, ba atlehileng ka ho fetisisa bao ke ba tsebang ba kile, kapa ba sa ntse, ba phela Sixth Street. Ke nako ya hore o nahane hape ka tlhompho mabapi le batho ba phelang moo – haholo hobane o e mong wa bona!”

“Ke maswabi. Ke ne ke inahanetse haholo ka barekisi ba dithethefatsi le ditlokotsebe tse ding. O a tseba ke bolelang…”

“Ke nnete, ke a tseba. Empa ho sa ntse ho na le batho ba bangata ba lokileng teng, jwalo ka wena, ba phelang teng le bona.”

Ke oma ka hlooho.

Ofisi ya hae e na le deske e kgolo, ditulo tsa ho phomola tse tsofetseng mahlakoreng a mabedi a yona, le pono ya toropo ha o sheba kantle le fenstereng ya hae. O supa ketlele e hukung ya phapusi. “Ke sa etsa teye. Na o ka e thabela?”

“Ee, ka kopo.”

O tswelapele ho qoqa ka tsela e kgothatsang ha a ntse a etsa teye.

“Ke a tseba hore bophelo bo boima malapeng a ka hara toropo, Pheliswa. Ke ile ka lemoha tsena tsohle ha ke sa ntse ke phela teng. Ke ile ka lokela ho ithuta kapele mme ka itshepa bo-nna, ka sebetsa ka thata ho lwanela bophelo bo ntlafatseng. Ho seng jwalo ke ne ke tjametswe ke bokamoso bo kgathatsang matla.”

Mohopolo wa ka o kgutlela ho lelapa lela le neng le baleha lelapeng la bona ba apere dikaone feela. Mahlo a ka a phakisa a tlala dikeledi. Ke itoma leleme.

“Ke na le bothata bo boholo, Khanyi.”

“Ke a tseba,” o rialo, lentswe la hae le le bobebe ha a nneheletsa kopi ya teye. “Ho tobana le ho ntshwa moahong e bile e nngwe ya dintho tse tshosang ka ho fetisisa e kileng ya etsahala lelapeng la heso. Nkile ka kena dieteng tsa hao. Tswekere?”

“Ee, ka kopo.”

Ke nka kgaba mme ke a e fuduha. Metsotso e mashome a mabedi ha morao ke se ke mo phetetse pale yohle, ho tloha ho Tsebiso ya Ho Ntshwa Moahong ho fihla ho dinokwane tse sebakeng seo le ka moo Monghadi Besturd a bileng soro ka teng ho nna maobane. O a mamela, mme o a nahana pele a araba.

“Ke a bona hore o tshwana le nna haholo Pheliswa. O na le matla le tsitlallo e kgolo ka hare ho wena. Re tla lokela ho sebetsa ka thata ho lokisa bothata bona. Na o nahana hore o malala-a-laotswe bakeng sa seo?”

“Ee, ke lokile.”

“Ke hantle. Hantle sa pele ke hore o hloka ho tseba hore badudi ba City Views ba na le tokelo ya ho fumantshwa thuso ya tsa molao ya mahala kapa jwalo ka ha re bua ka puo ya molao, thuso ya “pro bono”, mme ke teng moo CALS le nna re kenang.”

Ke se ntse ke ikutlwa ke kokobela hobane feela a le teng lehlakoreng la ka.

“Mme molao o re bobedi mmuso le monga moaho ba tlameha ho ‘rerisana ka tsela e amohelehang’ le batho ba phelang moahong oo pele ba ka ntshwa moahong. Ha ke utlwe eka seo se se se entswe. Ke tla ikopanya le Monghadi Besturd. Mme ke tla hloka thuso ya hao ho buisana le badudi ba City Views. O tla kgona?”

O ntjheba ka pososelo e kgothatsang.

“Ke na le wena.” Ke ikutlwa ke le hantle.

Nako ya dihora tse itseng ha morao ke ikutlwa ke phahame moya ha ke kgutlela City Views. Ke tla ke tshwere seshoba sa dipampitshana ho thusa ho epa pitso ya badudi ba moaho wa rona, mme re fetole lefatshe!

“Ha o batle ho tsuba hanyane ngwana?”

Ho tjho senokwane seo ke se boneng maobane se hlekefetsa monna elwa wa mohloka-lehae hoseng ha kajeno. Ke tseba setumo sa hae mme nkile ka mmona tulong ya rona, empa e seng monyako wa rona pele ho mona. Ke a tseba hore ha ho ntho eo a sa e tshwareng. Khokheine, heroene, eksthasi, mandrakse, meth, whoonga, eng feela eo o ka e bolelang. Mme ke letsoho le letona la The Confiscator. Hore ke mmone mona matsatsi a mabedi feela kamora tsebiso ya rona ya ho ntshwa moahong ke sesupo sa kgathatso feela.

O phathahane ka ho hotetsa dipeipi tsa galase bakeng sa diotswa tse emeng haufinyane.

Pelo ya ka e qala ho otla ka matla mme menahano ya ka e a phasaphasa. Na see se bolela hore The Confiscator o teng ka moahong wa rona? Na ba ikemiseditse ho tla hapa moaho?

Aphiwe le nna re bone ha ba ikgapela ka dikgoka moaho oo re neng re qoqa ka oona bosiung boo re fuweng Tsebiso ya ho Ntshwa Moahong. Ho ne ho senyehile! Ho qadile e le letsatsi le tlwaelehileng seterateng. Ka nako ya motsotso feela The Confiscator a fihla, a tsamaya le mahlahana a hae a dinokwane tse hlometseng – tse kenyeletsang yena mothaka enwa. Ba fihlile ba itshohlometsa kahara moaho feela, dithunya di se ntse di loketse ho kgabola. Batho ba ne ba hoeleditse. Ba ne ba otla le ho lahlela kantle mang kapa mang ya hanang ho tswa.

Re bohile ketsahalo ena yohle ho tswa khefing e ka mose ho tsela. Ha morao, ramolao wa monga moaho a fihla, a tshwere dipampiri. Ba ile ba mo supa ka sethunya hloohong mme ba mo kgutlisetsa koloing ya hae – o bile lehlohonolo hore a kgutle a ntse a phela. Yaba ke moo koloi ya mapolesa e tlang, e llisa lenaka la yona, mme mabone a maputswa a panyapanya. Empa kamora nakwana ba itsamaela. Ha ke tsebe hore sena se etsahala jwang. Mme haesale moaho ona o tswela pele ho ba kotsi ho tloha ka nako eo.

Jwale ke ikutlwa ke thothomela ha ke utlwa lentswe la senokwane sena, mme jwale ka hopola ka moo mothaka elwa wa mohloka-lehae a sebetsaneng le yena ka teng hoseng. Ke sisinya hlooho ya ka, mme ke itjhebela fatshe le ho iphetela ntle le ho bua. Dilifti di robehile empa ha ke qeta ho thinya hukung ya monyako o kenang ka matha ho hlwa mekato yohle e mashome a mabedi a metso e robong ho ya fihla foleteng ya rona. Ka fihla ke feletswe ke moya, mme ka kwala lemati le ho le kgina ka setulo.

Ke phahametswe ke maikutlo a tshabo jwale. Moya wa ka o neng o phahame kamora kopano ya rona CALS jwale ke ikutlwa moya wa ka o phuhlame ho feta haesale. Mohlomong ke ithutile se seng sekae ka molao, empa jwale ke kgutletse tetete. Bosiung boo ka dula ke phethohaka betheng, ke patile dipampitshana ka tlasa materase a ka.

Ke tla tsamaya jwang ho kena folete le folete hore ke hlophise komiti ya molao e tla lwantsha ho ntshwa moahong ho seng molaong jwalo ka ha ke tshepisitse Khanyi, kaha jwale ho se ho na le dinokwane tse seng molaong ka hara moaho? Ho na le le seng se sa lokang se ba tlisitseng mona, ke tiisa ke hlapanya. Ha ba ka fumana hore ke ntse ke etsang nka nna ka iphumana ke le maqakabetsing ruri.

Nkgono wa ka o ntse a bua a phofa borokong ba hae. Jabulani o a lla nako le nako. Folete ya rona e tletse tshabo. Ke dula ke phopholetsa dipampitshana tse ka tlasa materase a ka.

Ha meso e fihla ke se ke entse qeto . Ha ho motho ya tla nthibela ho etsa seo ke lokelang ho se etsa. Ekaba Monghadi Besturd, e kaba The Confiscator, esita le dinokwane tsa hae. Ha ke tsotelle hore na ke kotsi efe e teng, ke tla kena ke le malala-a-laotswe ntweng ena ya ho thibela ho ntshwa moahong ho seng molaong. Ke na le lelapa la heso leo ke lokelang ho le sireletsa. Batho ba bang le bona ba ntlhoka.

***

Re bolelle seo o se nahanang: Na o ka thoholetsa hore Pheliswa a kene ntweng ee? Kapa o lokela ho shebana le mathata a tobaneng le yena a le mong?