“Bohle, a re bineng!” ha hweletsa Tin. “A re ketekeng! Kapa le batla hore Bente ya Re Ka Kgona e le thuse?”

“E, ho jwalo!” ha hweletsa letshwele.

Tin a qamaka. “Bente e kae? Jonna wee! Ha ke ba bone. Phati e ke ke ya ba monate ha bente e le siyo. Ke tlo hloka thuso ya lona. Sehlopha ke sona feela se ka etsang hore toro ena e phethahale!” Tin a sheba letshwele a bososetse. “Ntho ya pele, ke hloka batho ba babedi ba ka tidinyang meropa.”

Neo le Hope ya ba bona ba pele ba phahamisang matsoho. Ha ba hlwella sethaleng, Tin a ba isa pela makotikoti a mane a maholo a kofi a nang le dikwahelo tsa polasetiki. Makotikoti ana a ne a kgabisitswe ka pampiri e mebala e kganyang le dikonopo. Ho ne ho boetse ho na le melangwana ya ho tidinya meropa bakeng sa Neo le Hope.

“Jwale re hloka ya tla letsa mashwehleshwehle,” ha rialo Tin.

Neo a hweletsa: “Josh! Kgetha Josh!”

“Josh o teng moo? O kae Josh? Ha a tle kwano,” ha rialo Tin a tsheha.

Josh a phahamisa letsoho. Bontate ba babedi ba mo phahamisetsa sethaleng ka setulo sa hae sa batho ba sitwang ho tsamaya.

“Re a o amohela, Josh,” ha rialo Tin. “Wena hlokohla diletswa tsena tse pedi.”

Josh a nka sa pele, a ntano nka sa bobedi. Di ne di ntsha modumo o sa tshwaneng.

“Eke!” ha rialo Tin. “JWALE, A RE …”

Empa le pele a qeta polelo ya hae, ha utlwahala modumo o lerata wa manyenenyene. Bohle ba qamaka ho bona hore na ebe ke eng.

Jwale Noodle a mathela sethaleng, a ntse a hulanya makotikoti a tlameletsweng hammoho.

“Manyenenyene!” ha hweletsa Tin. “Ke ne ke nahana hore ke a lahlile.”

Bella a mathela sethaleng. “Noodle!” a mo bitsa. Noodle a mathela ho Bella, makotikoti a entse lerata kamora hae.

“Se ka kgathatseha,” ha rialo Tin a shwele ke ditsheho. “Ke bona eka Noodle le yena o batla ho ba karolo ya Bente ya Re Ka Kgona. Ebile ke bona eka o batla hore le wena o be karolo ya rona,” a rialo a supa Bella.

Tin a thusa Bella hore a hlwelle sethaleng mme bobedi ba bona ba fasolla manyenenyene a neng a ithathetse mmeleng wa Noodle. Bella le Noodle ba ntano ema pela Neo, Hope le Josh.

Tin a letsa katara ya hae mme a re, “MMINO HA O QALE!”

Ha Tin a supa Neo le Hope, ba tidinya meropo ya bona. Yaba jwale Tin o a bina, “Leoto la leqele kamorao,” mme a supa letshwele.

“Leoto la leqele kamorao,” ha tsanyaola letshwele.

Jwale Tin a supa Josh yaba o hlokohla mashwehleshwehle a hae ho tsamaisana le morethetho.

“Leoto la lehoja kamorao,” ha tsanyaola Tin.

“Leoto la lehoja kamorao,” letshwele le lona la tsanyaola.

Tin a supa Bella. Bella a otlanya manyenenyene mme ha tswa modumo o monate. Noodle a bohola ka thabo e kgolo.

Ho eso ye kae phathi ke ha e loela. Tin a bina dipina tsa hae ha Neo, Hope, Josh le Bella ba ne ba letsa diletswa. Noodle le yena o ne a nka karolo ka ho bohola nako le nako!

Yaba dibini tse ding le tsona di bina dipina tsa habo tsona. Letshwele la hlaba ditlatse le ho opa mahofi. Bohle ba ne ba natefetswe!

“Le a bona he,” ha rialo Tin ho Bente ya Re Ka Kgona, “sehlotshwana sena se entse hore toro ya ka e phethahale! Ke le leboha haholo ka bone ba lona … le wena Noodle, motho e mong le e mong o natefetswe phathing ena e monate!”