Neo, Josh le Hope kaofela ha bona ba ne ba le ha Nkgono. Ba ne ba qoqa ba bile ba keketeha hamonate.

“Shhhh!” ha rialo Nkgono. “Ke sitwa ho utlwa hore na ho ntse ho thweng seyalemoyeng. Tloong mona re tlo mamela hammoho lenaneo lena leo ke le ratang.”

Bohle ba kgutsa mme ba mamela. Ba sa lebella, ba utlwa sebohodi se bitsa lebitso la phaka ya bona.

“Helang! Phaka ya rona e a tsebahala!” ha rialo Neo.

“… le Tiniso, eo hape a bitswang Tin, ba tlo bapala mmino phakeng thapameng ena hammoho le Bente e bitswang Re Ka Kgona. Dibini tse tswang Zimbabwe, Nigeria le Malawi le tsona di tlo bina. Bohle le a mengwa hore le be teng phathing ena!” ha rialo sebohodi.

“O utlwile Nkgono?” ha rialo Neo. “Ho thwe motho e mong le e mong a ka ya. Na re ka ya Nkgono? Re a kopa hle!”

Nkgono a sheba Neo yaba o a bososela. “Haeba Josh le Hope ba dumellwa ho ya, le wena o ka ya,” a rialo. Ka ho panya ha leihlo Josh le Hope ba ne ba se ba betsehile ho tswa monyako ho ya kopa batswadi ba bona tumello ya ho ya phathing e phakeng.

Ha ba kgutla ho tla lata Neo, Hope a bolella Nkgono hore Bella le mme wa hae le bona ba tlo ya.

“Ho lokile he, ipetseng. Le se ke be la lahlehelana,” ha rialo Nkgono.

Ha ba le phakeng, Neo a bona Bella le mme wa hae, ebile Noodle le yena o ne a tlile! “Ke bona eka motho e mong le e mong motseng wa rona o tlile,” ha rialo Neo. “Ho bile ho na le batho bao re sa ba tsebeng.”

“Utlwang …” ha rialo Josh. “Ho na le batho ba buang Sefora?”

“E, ba teng.” ha rialo Hope. “Ebile ke utlwa le ba buang Sechichewa le Seshona.”

Neo a qhautsa letsoho la Hope mme a re: “Bona, Tin o sa le sethaleng! Empa Bente ya Re Ka Kgona yona e kae?”

Le pele Hope a ka araba, Tin a atamela ho sebuelahole. “Dumelang!” a rialo. “NA LE SE LE LOKETSE HO QALA PHATHI EE?”

“E, ho jwalo!” ha hweletsa letshwele.

Tin a qala ho letsa katara ya hae. “Phetang kamora ka,” a rialo ha a qala ho bina. “Leoto la leqele ha le ye kamorao.”