“Ke lentswe la mme wa ka leo,” ha rialo Afrika. “Ao bathong, o lahlehile! Ke a utlwa hore o tenehile. O utlwahala eka o pela setolo sa dibuka. Tloo re mathe, Asanda!”

Bana bao ba matha mmoho ho leba setolong sa dibuka, mme moo, hantle ka pela sona, ho ne ho eme Mme wa Afrika le Dintle. Mme a phahamisa diphaka tsa hae mme Afrika a mathela ka hara tsona.

“Dumela Mme, na o hantle?” ha botsa Afrika. “O se ke wa kgathatseha jwale, re o fumane wena le Dintle. Ha le sa lahlehile.”

Dintle o ne a thabetse ho bona moholwane wa hae haholo. Afrika a inama mme a mo haka.

“Mme, enwa ke Asanda, motswalle wa ka e motjha,” ha rialo Afrika. “O nthutile ho rwala botlolo ya senomaphodi hloohong e sa we. O batla ho reka buka.”

“Dumela, Asanda, ke thabetse ho o tseba,” ha rialo Mme wa Afrika a bososela. “Jwale, ha re shebang dibuka mme re bone hore re ka fumana dife! Afrika, o a hopola hore o ne o batla ho ithuta ho etsa ntlo ya nonyana.” Bohle ba qeta nako e itseng ba ntse ba sheba dibuka mme Mme a fumana e nngwe e o bontshang mekgwa ya ho etsa dintho tse fapaneng ka pats

“Ke a kopa mme, na nka e nka?” Afrika a kopa mme wa hae.

“Ee, haeba o a e rata,” ha rialo Mme.

Jwale e ne e le nako ya ho tsamaya. “Sheba, Asanda! Ke ya hae ke rwetse buka ya ka hloohong!” ha rialo Afrika, a rwetse buka ya hae e ntjha hloohong ya hae mme e tsitsitse.

“O se ke wa lebala ho dula o phahamisitse mahetla, jwalo feela ka kgosana!” ha tsheha Asanda.