“Pale ya ka e ile ya etsa hore le ikutlwe betere,” Sisanda a bolella ntatemoholo wa hae ha a fihla lapeng.
Sisanda o ile a nna a etela ledinyane la thuhlo matsatsi a mang kamora sekolo le mafelong a beke. Mme nako le nako ha a ya teng, o ne a nka pale e nngwe ho ya le balla yona. Metswalle ena e mmedi e metjha e ne e shebahala hantle mmoho hoo bahahlaudi ba fetang ba neng ba bile ba ba nka ditshwantsho.
Butlebutle thuhlo e nyane ya nna ya hola ya eba le matla. Batho ba serapeng sa diphoofolo ba ne ba hlile ba e hlokometse hantle mme le lerato lohle le tswang ho motswalle wa yona, Sisanda, le ne le sebetsa mehlolo.
Ka tsatsi le leng motsamaisi wa polokelo ya diphoofolo a kopa Sisanda hore a fe motswalle wa hae e motjha lebitso.
“Ke nahana hore Thokozani ke lebitso le monate,” ha rialo Sisanda.
Letsatsing le hlahlamang motsamaisi wa polokelo ya diphoofolo a letsetsa titjhere ya Sisanda mohala. A mema bomphato ba Sisanda kaofela ho tla kopana le Thokozani. Thuhlo e bohehang e ne e se e hodile e le telele mme e le matla ho feta dikgweding tse tharo ho tloha ketelong ya pele ya Sisanda.
Ka letsatsi la leeto, bana ba mashome a mane ba Kereiti ya 3 ba ne ba eme hekeng ya polokelo ya diphoofolo ba se ba tatetse hore e bulwe. Yaba ka motlotlo Sisanda o etella bohle pele ho ya ho Thokozani. Bana ba bang ba ne ba shebile thuhlo e telele ka ho makala ho hoholo. Ba bang ba ne ba tsheha empa ba tshohile. Titjhere ya bona yena, Moftsn Khanyile, o ne a bososela feela.