Pic 3

Tsatsing le hlahlamang hoseng Sisanda a tsoha a ena le mohopolo o itseng!

“Na nka ya le lona mosebetsing kajeno?” a botsa ntatae. “Ke na le mpho bakeng sa ledinyane la thuhlo.”

Batswadi ba hae ba shebana, ba bososela mme ba re, “Ee, ho lokile o ka tla le rona.”

E ne e le letsatsi le futhumetseng empa maru a kwahetse. Dintho tsohle tse serapeng sa diphoofolo di ne di kgutsitse ka tsela e sa tlwaelehang.

“Ke nahana hore letsatsi ha le a tjhaba kajeno hobane le utlwisitswe bohloko ke ledinyane la thuhlo,” ha rialo Sisanda.

Tlou e kgolohadi ya tjamela ba lelapa ba fetang moo.

“Mohlomong e makaletse hore ke hobaneng ha ngwananyana eo a tlile mosebetsing le batswadi ba hae,” ha rialo mma Sisanda.

Sisanda a oma ka hlooho. “E tla makala ha e fumana lebaka,” a nahana jwalo.

Ba fumana ledinyane la thuhlo le eme le le leng. Molala wa lona o kebeselang o ne o leketlile mme mahlo a lona a maholo a sootho a ne a shebahala a le bodutu. Sisanda a atamela ho lona haholo kamoo a ka kgonang. A bula mokotlana wa hae o monyane mme a ntsha buka. Mme batswadi ba hae ba makala ha a qala ho balla ledinyane la thuhlo. La thintsha hlooho ya lona la sheba kamoo lentswe le tswang ka teng mme la mamela jwaloka haeka le utlwisisa ditaba kaofela. Qalong batswadi ba Sisanda ba ne ba nahanne hore ho balla thuhlo e ne e le ntho e sa tlwaelehang, empa ba fetola mehopolo ya bona ha ba bona kamoo e shebahalang e ena le kgotso ka teng – mahlo a yona a bonolo a shebile Sisanda.