Pic 1

Sisanda o molelele ho feta dilemo tsa hae – o futsitse ntatae. Sefahleho sa hae se tjhitja le pososelo ya hae e ntle ke tsa mmae. Ka bobedi batswadi ba hae ba tsoha ka matjeke kamehla ho ya mosebetsing polokelong ya diphoofolo tse hlaha e haufi le moo. Ka nako eo Sisanda le metswalle ya hae ba qalang sekolo ka yona, ho be ho se ho tlile dihlopha ka dihlopha tsa bahahlaudi ho tla bona diphoofolo tse kgahlisang ka ho fetisisa tsa Afrika.

Bakeng sa letsatsi la hae la tswalo le fetileng, Sisanda o ile a fumana mpho e ikgethang – batswadi ba hae ba ile ba fumana tumello ya hore a ka tshwarela moketjana wa hae serapeng sa diphoofolo. Dithuhlo tsa moo di ne di makaletse sehlopha sena sa batho. Di ne di otlolla melala ya tsona e melelele ho bona moketjana hantle mme e ne eka di kgaletse le kuku ya letsatsi la tswalo! Sisanda o ne a rata dithuhlo tseo. Kaofela diphoofolo di ne di kgethehile ho yena, empa e ne e le dithuhlo tse kgutsitseng le tse bonolo tse hapileng pelo ya hae. O ne a ka qeta letsatsi lohle a di shebelletse.