Mme, Bella le Noodle ba theosa tsela ka potlako ba potela ka huku ho ya ha Nkgono. Ba fumana Nkgono ka kitjheneng ya hae a ntse a butswela letsoho la hae.
“Itjhuu! Ke itjhesitse letsoho ka pitsa yane e tjhesang!” ha rialo Nkgono.
“Le kenye ka tlasa metsi a batang ha ke sa ilo lata khiti ya thuso ya pele,” ha rialo Mme, mme a mathela ha hae – phaqa, phaqa, phaqa.
Ka potlako Mme o ne a se a kgutlile, a tshwere lebokosana le lesweu le nang le sefapano se sefubedu sekwahelong. A tlotsa salofo letsohong la Nkgono mme a tlama ka bandetjhe.
“Nkgono, o keke wa kgona ho pheha ka letsoho le bohloko,” ha rialo Mme. “Wena le ba lelapa la hao le lokela ho tla ha ka le tlo ja le rona dijo tsa mantsiboya.”
“Ke a leboha,” ha araba Nkgono. “Ka kopo nka pitsa eno ya dinawa o tle o eketse dijong tsa rona.” Ka nako ya dijo tsa mantsiboya, Nkgono le lelapa la hae ba fihla.
Yam, yam! – oo ke modumo oo ba neng ba o etsa ha ba utlwa monko o monate wa khari ya mme wa Bella mmoho le dinawa tsa Nkgono. Noodle le yena o ile a fuwa sekotlolwana sa hae. Hlwatho, hlwatho! A di ja kaofela. Kgapu, kgapu, yaba o nwa sekotlolwana sohle sa metsi!
“Ke thabile ha e le mona o ile wa nkutlwa ha ke hoeletsa,” ha rialo Nkgono ho Bella. “Ke ne ke ntse ke ipalla medumo e mpotileng,” ha rialo Bella.