Eitse qetellon g ha mosadi a kgutlela lebopong, monna wa hae, bana ba hae le batho bohle ba motseng ba ne ba mo emetse moo. Ba ne ba besitse mollo o moholohadi o neng o tlola ditlhase le malakabe lefifing.

“Jwale he,” ba mo hoeletsa, “re phetele pale. Re phetele pale!”

6

Mosadi a bososela. A tshwara kgaketla mme a re, “Ee… Nal’ibali… pale ke ena. Ssshhh. Jwale he, mamela.”

Mme he, ke kamoo pale ya pele e ileng ya phetwa ka teng.

Kamora moo mosadi a bea kgaketla tsebeng ya hae mme a pheta dipale tse ding tse ngata. Mme haeba ena ke pale ya pele eo o e utlwileng, hopola feela hore ho na le tse ding tse ngatangata tse tlang.